Nka Mehato ea ho Ntlafatsa Bophelo ba Hao
NA U sa hopola Ram, eo ho buuoeng ka eena sehloohong se qalang letotong lee? Joaloka batho ba bang ba bangata lefatšeng, Ram o ne a sa hlokomele kamoo ho ja ka tsela e nepahetseng le lintho tse ling tseo motho a tloaetseng ho li etsa letsatsi le letsatsi li amang bophelo ba hae kateng. O re: “Sehlooho sa Tsoha! se reng, ‘U ka Fumana Lijo Tse Matlafatsang’ (May 8, 2002) se nthusitse ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha re lokela ho ela hloko lijo tseo re li jang.”
Ram oa hlalosa: “Re le lelapa, re ile ra leka ho sebelisa lintlha tseo re ithutileng tsona sehloohong seo. Ka mor’a nakoana, re ile ra hlokomela hore tsamaiso ea rōna ea ’mele ea ho itšireletsa mafung e ntlafetse. Pele re ela hloko lijo tseo re li jang, re ne re atisa ho tšoaroa ke sefuba, empa hona joale e se e le ka seoelo se re tšoarang. Re ile ra boela ra ithuta litsela tsa ho baballa chelete le tse bonolo tseo ka tsona re ka fumanang metsi a hloekileng ao re ka a noang, sehloohong sa Tsoha! se reng ‘Litsela Tse Tšeletseng Tsa ho Sireletsa Bophelo ba Hao.’”—October 8, 2003.
“Ke ile ka boela ka thusoa ke sehlooho se seng sa Tsoha! ho ntlafatsa bophelo ba lelapa la ka. Se ne se re, ‘Sesepa—“Setlhare sa ho Ikenta,”’ ’me se hlaha makasineng ea December 8, 2003. Hang feela ha re qeta ho bala sehlooho seo, re ile ra leka ho latela litlhahiso tse fanoeng moo. Hona joale ha re sa khathatsoa ke tšoaetso ea mahlo joaloka pele.
“Moo re lulang teng, batho ha ba na taba le lintsintsi le menoang e mengata. Empa lelapa la rōna le ile la ithuta videong e reng, The Bible—Its Power in Your Life,a hore re lokela ho qoba likokoanyana tseo. Ho tseba sena ho boetse ho re thusa hore re lule re phetse hantle.”
U se ke ua tela! Ho sa tsotellehe hore na u lokela ho etsa liphetoho life, u ka ’na ua atleha haeba u qala ho li etsa butle-butle ’me u ipehela lipakane tseo u ka li finyellang. Ka mohlala, leka ho fokotsa lijo tse se nang phepo hakaalo, ho e-na le ho li tlohela ka ho feletseng. Leka ho robala ka nako ’me u ikoetlise haholoanyane. Ho etsa boiteko bo itseng ha ho tšoane le ho lula feela. Hangata ho nka nako—libeke kapa likhoeli—pele mokhoa o mocha o fetoha tloaelo. Ho sa le joalo, haeba u sa bone hang-hang litholoana tsa boiteko boo u bo etsang, u se ke ua nyahama. Haeba u phehella ho sa tsotellehe litšitiso, bophelo ba hao bo ka ’na ba ntlafala.
Lefatšeng lena le sa phethahalang, ho ke ke ha khoneha hore motho leha e le ofe a be le bophelo bo phethahetseng. Ha u kula, e ka ’na eaba hase hobane u sa itlhokomele, empa ke hobane u futsitse bofokoli ba botho. Kahoo, u se ke ua lumella ho tšoenyeha ka ho phela hantle ’meleng, kapa ntho leha e le efe e ’ngoe, ho u sithabetsa le ho u bakela matšoenyeho ho sa hlokahale. Jesu o ile a botsa, a re: “Ke mang ho lōna eo ka ho tšoenyeha a ka eketsang nako ea hae ea bophelo ka setsoe?” (Luka 12:25) Ho e-na le hoo, leka ho qoba lintho tse ka khutsufatsang bophelo ba hao le tse ka bo senyang. Ho etsa joalo ho ka u thusa hore u thabele bophelo bo molemo ho fihlela lefatšeng le lecha la Molimo ha ho se na “moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hlahisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.