Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/11 maq. 28-29
  • Na Molimo o Hohle ka Linako Tsohle?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Molimo o Hohle ka Linako Tsohle?
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pono e Hlollang
  • Na Molimo o Libakeng Tsohle ka Linako Tsohle?
  • Na ho na le Sebaka se Itseng Seo Molimo a Lulang ho Sona?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Na Molimo o Hohle?
    Tsoha!—2005
  • Na Molimo O Hohle?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Khanya e Tsotehang ea Terone ea Leholimo ea Jehova
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 4/11 maq. 28-29

Pono ea Bibele

Na Molimo o Hohle ka Linako Tsohle?

BATHO ba bangata ba lumela hore Molimo o hohle ebile o linthong tsohle. Morena Solomone ea bohlale o ile a kōpa Jehova, a re: “E se eka u ka utloa u le maholimong, sebaka sa hao se tiisitsoeng sa bolulo.” (1 Marena 8:30, 39) Kahoo ho ea ka Bibele, Jehova Molimo o na le sebaka sa bolulo. Solomone o ile a re sebaka seo ke “maholimo.” Empa see se bolela’ng?

Ka linako tse ling, Bibele e sebelisa lentsoe “leholimo” le “maholimo” ha e bua ka sepakapaka se potolohileng lefatše. (Genese 2:1, 4) Empa kaha Molimo o bōpile lintho tsohle, e tlameha ebe sebaka sa hae sa bolulo se bile teng pele a bōpa bokahohle. Kahoo, e tlameha ebe Molimo ha a lule sepakapakeng se potolohileng lefatše. Ka hona, ha Bibele e re leholimo ke sebaka sa Jehova Molimo sa bolulo, ha e bue ka sepakapaka empa e bua ka sebaka sa moea.

Pono e Hlollang

Ponong e ileng ea fuoa moapostola Johanne, Bibele e re hlalosetsa kamoo sebaka sa Jehova sa bolulo se hlollang kateng. Ponong eo, Johanne o ile a bona monyako o bulehileng leholimong ’me a utloa lentsoe le re ho eena: “Nyolohela mona.”—Tšenolo 4:1.

Ka mor’a moo, Johanne o ile a bontšoa pono e hlollang ea Jehova Molimo. Har’a tse ling, o ile a bona se latelang: “Terone e ne e le boemong ba eona leholimong . . . Ea lutseng, ka ponahalo, o joaloka lejoe la jaspere le lejoe la bohlokoa le ’mala o mofubelu, ’me ho pota-pota terone ho na le mookoli o joaloka emeralde ka ponahalo. . . . Teroneng ho tsoa mahalima le mantsoe le lialuma . . . Ka pel’a terone ho na le ho joaloka leoatle le kang khalase le joaloka kristale.”—Tšenolo 4:2-6.

Mona ho hlalosoa botle bo khanyang ba Jehova bo bileng bo hlollang ka tsela e ke keng ea bapisoa. Hlokomela sebaka se potolohileng terone ea Jehova. Ho ba teng ha mookoli ho bontša khotso le khutso. Mahalima, mantsoe le lialuma li totobatsa matla a Molimo. Leoatle le kang khalase le bontša hore bohle ba nang le Molimo ba hloekile.

Le hoja tlhaloso ena e le ea tšoantšetso, e re bolella ho hongata ka sebaka sa Molimo sa bolulo. Jehova o tsamaisa lintho ka tlhophiso leholimong. Sebaka sa hae sa bolulo se hlophisehile.

Na Molimo o Libakeng Tsohle ka Linako Tsohle?

Taba ea hore Jehova o na le sebaka sa hae sa bolulo, e bontša hore ha a libakeng tsohle ka linako tsohle. Joale o tseba joang lintho tse etsahalang? (2 Likronike 6:39) Tsela e ’ngoe ke ka hore a sebelise moea o halalelang, kapa matla a hae a sebetsang. Mopesaleme o ile a ngola, a re: “Nka ea hokae ho tloha moeeng oa hao, nka balehela hokae ho tloha sefahlehong sa hao? Haeba ke ne nka nyolohela leholimong, u ne u tla ba teng; haeba ke ne nka phutholla setulo sa ka se kang bethe Sheole, bona! u ne u tla ba teng.”—Pesaleme ea 139:7-10.

E le hore u utloisise kamoo moea oa Molimo o sebetsang ka ho pharaletseng kateng, nahana ka letsatsi. Le sebakeng se le seng empa matla a lona a fihla karolong e khōlō ea lefatše. Ka ho tšoanang, Jehova Molimo o na le sebaka sa bolulo. Empa a ka etsa ntho leha e le efe eo a e batlang bokahohleng. Ho feta moo, Jehova a ka sebelisa moea oa hae o halalelang ho lemoha se etsahalang sebakeng leha e le sefe, ka nako leha e le efe. Ke kahoo 2 Likronike 16:9 e reng: “Ha e le Jehova, mahlo a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.”

Molimo o boetse o laola mokhatlo oa libōpuoa tsa moea tse bitsoang mangeloi. Bibele e bontša hore libōpuoa tseo tsa moea li ka ’na tsa e-ba limilione tse makholo—mohlomong libilione kapa ho feta.a (Daniele 7:10) Bibele e tlaleha liketsahalo tse ’maloa tsa mangeloi a ileng a sebeletsa e le manģosa a Molimo ’me a tla lefatšeng, a bua le batho, a ntan’o khutlisetsa tlaleho ho Molimo. Ka mohlala, mehleng ea Abrahama, mangeloi a ile a batlisisa ka mohoo oa pelaelo o mabapi le Sodoma le Gomora. Ho bonahala eka Molimo o ile a etsa qeto ea ho felisa metse eo, ka mor’a hore mangeloi ao a mo tlalehele boemo.—Genese 18:20, 21, 33; 19:1, 13.

Ka hona, Bibele e bontša hore ha ho hlokahale hore Jehova Molimo a be libakeng tsohle ka seqo. A sebelisa moea oa hae o halalelang le makhotla a hae a mangeloi, o khona ho lemoha ka ho feletseng lintho tse etsahalang pōpong ea hae.

Ho hlakile hore Bibele e ka re thusa ho tseba ’Mōpi oa rōna haholoanyane. E re ruta hore Molimo o lula sebakeng se tiisitsoeng sa bolulo se bitsoang leholimo, e leng sebaka sa moea se phahametseng maholimo a sepakapakeng. Ho na le libōpuoa tse matla tsa moea tse limiriade tse lulang le eena sebakeng sa moea. Sebakeng sa hae sa bolulo ho na le khutso, taolo le bohloeki. Bibele e re tiisetsa hore ka nako ea hae e loketseng, batho ba tla phela ka khotso lefatšeng joalokaha e le teng maholimong.—Matheu 6:10.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Tšenolo 5:11 e hlalosa hore ho na le mangeloi a “limiriade tsa limiriade” a pota-potileng terone ea Molimo. Miriade ke 10 000. Miriade ha e atisoa ka miriade (10 000 x 10 000) ke limilione tse 100. Leha ho le joalo, temana ena e re “limiriade tsa limiriade,” e leng se bolelang hore e ka ’na eaba ho na le libōpuoa tsa moea tse libilione tse ngata.

NA U KILE UA IPOTSA?

● Na Molimo o hohle?—1 Marena 8:30, 39.

● Moea oa Molimo o ka fihla hokae?—Pesaleme ea 139:7-10.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]

Letsatsi le sebakeng se le seng empa matla a lona a fihla karolong e khōlō ea lefatše. Ka ho tšoanang, Molimo o na le sebaka sa bolulo, empa moea oa hae o halalelang o fihla sebakeng leha e le sefe seo a se khethang bokahohleng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela