Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/11 maq. 19-21
  • Metsoalle ea ka ea Sebele ke Bo-mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Metsoalle ea ka ea Sebele ke Bo-mang?
  • Tsoha!—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nka Etsa’ng Hore ke be le Metsoalle e Molemo?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Na ke Hloka Metsoalle e Molemo?
    Tsoha!—2009
  • Motsoalle oa Sebele ke ea Joang?
    Tsoha!—2014
  • U ka ba Motsoalle oa Jehova
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 9/11 maq. 19-21

Bacha Baa Botsa

Metsoalle ea ka ea Sebele ke Bo-mang?

“Cori o nthutile lintho tse ngata tseo ke neng ke sa li tsebe. Ha ke e-na le eena, ke kopana le batho ba bangata, ke etsa lintho tseo ke e-song ho ka ke li etsa, ’me ke natefeloa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang. Ho ba motsoalle oa Cori ho fetotse bophelo ba ka!”—Tara.a

Na u nahana hore ho ke ke ha khoneha hore u be le motsoalle ea joalo? Haeba u nahana joalo, u se ke ua nyahama. Ho na le batho ba bangata bao e ka bang metsoalle ea hao. Sehlooho sena se tla u thusa hore u ba fumane.

‘KE POTA-POTILOE ke metsoalle e mengata, empa ha ke na metsoalle.’ Ke kamoo Shayna ea lilemo li 21 a hlalosang kateng tsela eo a ikutloang ka eona, ha a le har’a batho ba bangata empa ho se na eo a ikutloang a phutholohile ha a e-na le eena. Ena ke tsela eo batho ba sebelisang liwebsaete tseo ho etsoang metsoalle ho tsona, ba atisang ho ikutloa ka eona. Serena ea lilemo li 22 o re: “U ka ba le mabitso a mangata ‘lethathamong la metsoalle’ ea hao ’me ha bonahala eka u tumme ebile ua ratoa, empa lethathamong leo ho tletse mabitso a batho ba ke keng ba u thusa ka letho.”b

U ne u ka khetha hofe—ho ba le mabitso a batho ba lekholo lethathamong la metsoalle kapa ho ba le metsoalle e seng mekae ea sebele? Le hoja ka bobeli li le molemo, motsoalle oa sebele o tla u thusa ha ho le thata a be a u khothalletse hore u ntlafatse botho ba hao. (1 Bakorinthe 16:17, 18) Nahana ka lintlha tse latelang tse ka u thusang ho elelloa hore na bathong bao u ba tloaetseng, ke ofe eo e ka ’nang eaba o se a ntse a bontša hore ke motsoalle oa sebele.

MOTSOALLE OA SEBELE OA TŠEPAHALA

“Motsoalle e mong oa ka o ne a mpolella makunutu a hae, ka lebaka leo ka nahana hore nka mo tšepela makunutu a ka. Kahoo, ka letsatsi le leng ka mo bolella hore ke rata moshemane ea itseng. Empa eo e ne e le phoso e khōlō! Ha a tloha moo, o ile a fetisa taba eo!”—Beverly.

“Ke khona ho bolella motsoalle oa ka, Alan, ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ’me kea tseba hore a ke ke a tsamaea a bua litaba tsa ka.”—Calvin.

Bacheng ba boletsoeng ka holimo, ke ofe ea nang le motsoalle oa sebele? Ke motsoalle ofe oa hao eo u phutholohang ho mo bolella makunutu?c Bibele e re “motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle.”—Liproverbia 17:17.

Ka tlaase mona, ngola mabitso a metsoalle e ’meli eo u nkang hore ea tšepahala.

1 ․․․․․

2 ․․․․․

MOTSOALLE OA SEBELE OA ITELA

“Ha batho e le metsoalle, ka linako tse ling e mong o ba matlanyana ho feta e mong. Motsoalle oa sebele oa elelloa ha u fokola ’me oa u thusa. Ho hlakile hore motsoalle eo o tšepa hore u tla etsa se tšoanang ha a hloka thuso.”—Kellie.

“Ha ’Mè a hlokahala, ke ne ke sa tsoa qala setsoalle le ngoanana e mong. Re ne re e-s’o tloaelane hakaalo, empa re ne re rerile ho ea lenyalong hammoho. Ho ile ha tšoaroa tšebeletso ea sehopotso sa ’Mè ka letsatsi le le leng le lenyalo leo. Ke ile ka makala ha ke bona motsoalle eo oa ka tšebeletsong ea sehopotso, a sa ea lenyalong. Ka nako eo, ke ile ka elelloa hore ke motsoalle oa sebele!”—Lena.

Metsoalleng ea hao, ke ofe ea bontšang moea oa boitelo? Motsoalle oa sebele o tla ‘batla eseng se molemo ho eena, empa se molemo ho motho e mong.’—1 Bakorinthe 10:24.

Ka tlaase mona, ngola mabitso a metsoalle e ’meli e bontšitseng ho itela.

1 ․․․․․

2 ․․․․․

MOTSOALLE OA SEBELE O U THUSA HORE U NTLAFATSE BOKHONI BA HAO

“Batho ba bang ba lebella hore ke tšepahale ho bona kapa ke lumellane le bona esita le haeba seo se bolela hore ke lokela ho sekisetsa melao ea boitšoaro eo ke phelang ka eona kapa ho hatella letsoalo la ka. Batho ba joalo hase metsoalle ea sebele.”—Nadeine.

“Ausi oa ka ke motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo. O ntšusumeletsa ho etsa lintho tseo ke tšabang ho li etsa ’me o nthusa hore ke be botsoalle haholoanyane. O mpolella ’nete esita le haeba e le seo ke sa batleng ho se utloa.”—Amy.

“Ha lintho li ne li ntsamaela hampe, metsoalle ea ka ea hlooho ea khomo ha ea ka ea ntumella hore ke iketsetse borata, empa e ile ea nkeletsa ka botšepehi. Ba bang ba ile ba letela hore ke itharollele bothata boo kapa ba leka ho ntebatsa bona. Ba ile ba iphapanyetsa taba ea hore ho na le ho hong ho phoso.”—Miki.

“Ho fapana le batho ba bang, motsoalle oa ka o elelloa lintho tseo nka khonang ho li etsa, ’me o nkhothalletsa hore ke finyelle lipakane tsa ka. Ha a hlathe koana le koana ha a lokela ho nkeletsa—’me ke mo ratela seo!”—Elaine.

Na metsoalle ea hao e u thusa ho ntlafatsa bokhoni ba hao, kapa na u lokela ho nyehlisa litekanyetso tsa boitšoaro tseo u phelang ka tsona e le hore e u amohele? Liproverbia 13:20 e re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.”

Ka tlaase mona, ngola mabitso a metsoalle e ’meli e u thusitseng hore u ntlafatse bokhoni ba hao.

1 ․․․․․

2 ․․․․․

Sheba mabitso ao u a ngotseng lintlheng tse tharo tse ka holimo. Haeba lebitso la motho ea itseng le hlaha lintlheng tseo tse tharo, eo ke motsoalle oa sebele! Ka lehlakoreng le leng, haeba u thatafalloa ho nahana ka motho ea tšoanelehang lintlheng tseo tse boletsoeng ka holimo, u se ke ua nyahama. E ka ’na eaba u pota-potiloe ke batho bao e ka bang metsoalle ea sebele. Ke feela hore ho ka ’na ha nka nako hore u ba fumane.d Hajoale, etsa sohle seo u ka se khonang ho ba motsoalle oa sebele. Elena ea lilemo li 20 o re: “Ke leka ho tšehetsa metsoalle ea ka ka linako tsohle. Haeba metsoalle ea ka e lokela ho etsa ntho e itseng, ke ithaopela ho e thusa. Haeba e batla ho bua, kea e mamela. Ha e utloile bohloko, kea e tšehetsa.”

Ke ’nete hore e ka ’na eaba u tloaetse batho ba bangata ’me seo se molemo ho feta ho ba karolo ea lequloana. (2 Bakorinthe 6:13) Empa na u ne u ke ke ua rata ho ba le metsoalle e seng mekae ea sebele e “tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola”? (Liproverbia 17:17) Jean ea lilemo li 20 o re: “Ke ntho e ntle ho tseba batho ba bangata, empa ho tšoana le ha u e-na le liaparo tse ngata tse ntle empa tse ling li sa u lekane. U lula u apara tse seng kae tse u lekanang hantle. Ke seo u se etsang le ka metsoalle e haufi.”

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.

b Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ka liwebsaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona, sheba lihlooho tsa “Bacha Baa Botsa” Tsoheng! ea July le ea August 2011

c Ka linako tse ling ha ua lokela ho boloka lekunutu—ka mohlala, haeba motsoalle oa hao a entse phoso e tebileng, a nahana ho ipolaea, kapa a etsa ntho e itseng e kotsi. Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba makasine ea Tsoha! ea December 2008, leqepheng la 19-21 le ea May 2008, leqepheng la 26-29.

d Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba sehlooho sa “Bacha Baa Botsa . . . Na ke Hloka Metsoalle e Molemo?” Tsoheng! ea March 2009.

[Lebokose le leqepheng la 20]

LINTHO TSE LEBISANG BOTSOALLENG BA SEBELE

1. Batla metsoalle ea sebele, eseng phiphitha. “Ke ntho e ntle ho tseba batho ba bangata, empa esita le ha u e-na le batho ba bangata, u batla ba ’maloa bao u phutholohang ho bona.”—Karen.

2. E-ba motsoalle oa sebele. “Ke lebeletse hore metsoalle ea ka e ntšepahalle, kahoo le ’na ke leka ho e tšepahalla.”—Evelyn.

3. Bontša kananelo. “Ha ke ananela botsoalle ba motho ea itseng, ke etsa hore a tsebe seo ka hore ke mo romele karete kapa ke mo fe mpho.”—Kellie.

[Lebokose le leqepheng la 20]

KE HOBANE’NG HA U SA BOTSE BATSOALI?

Ha le ne le lekana le ’na, litaba tsa metsoalle li ne li le tsamaela joang? Na ho na le motsoalle ea kileng a u tsoa tlaase? Haeba o teng, u ile ua ithuta’ng ho seo? Ke bo-mang ba ileng ba ipaka hore ke metsoalle e tšepahalang, hona le tsebane joang?

[Lebokose le leqepheng la 21]

MOTHEO OA BOTSOALLE

Botsoalle ba sebele bo hlahisoa ke ha batho ba phela ka melao e tšoanang ea boitšoaro. Seo se bolela hore motsoalle oa hao ke molumeli-’moho le uena ’me o phela ka melao ea boitšoaro eo u phelang ka eona.

Ntlha e latelang, ho ba le litšobotsi tse tšoanang hase habohlokoa hakaalo.

Hangata ha ho tsotellehe hore na le thahasella lintho tse tšoanang kapa che. Ha e le hantle, u ka ba le motsoalle ea nang le bokhoni le ea ratang ho itlosa bolutu ka ho etsa lintho tse fapaneng le tseo uena u ratang ho li etsa.

Temoso: Ela hloko hore u se ke ua theha setsoalle le motho ea itseng hobane feela le thahasella lintho tse tšoanang. Haeba motsoalle eo a sa phele ka melao ea boitšoaro eo u phelang ka eona, setsoalle sa lōna se ka ’na sa senyeha—kapa ho hobe le ho feta, sa u kenya khathatsong.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 21]

SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG

“Haeba u lula u batla lintho li hana ho fela, u ke ke ua ba le metsoalle kaha u tla lebella ho hongata ho batho ba bang. Haeba u sa tsotelle, u tla tloaelana le batho ba se nang thuso—’me seo le sona se ka ba kotsi.”

“Ho bonahala eka batho ba bang ba sebelisang liwebsaete tseo ho etsoang metsoalle ho tsona, ba amehile haholo ka hore ba be le mabitso a mangata lethathamong la metsoalle, ho fapana le kamano eo ba nang le eona le metsoalle eo. Ha ho tluoa tabeng ea setsoalle, ho molemo ho ba le metsoalle ea sebele ho feta ho ba le e mengata.”

“Haeba motho ea itseng a seba metsoalle ea hae ho ’na, kea tseba hore e ka ’na eaba le ’na oa ntšeba ho eona. Seo se etsa hore ke se ke ka phutholoha. Motsoalle oa sebele ha a sebe ba bang.”

[Litšoantšo]

Dominique

Lianne

Brieanne

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela