Ba Lekile ho Thibela Batho ho Bala Lentsoe la Molimo
HA NAKO e ntse e feta, ho ile ha etsoa boiteko ba ho fetolela Bibele ka lipuo tse tloaelehileng tseo batho ba neng ba li bua. E ne e le batho ba seng bakae ba neng ba khona ho bala Bibele ka Seheberu kapa Segerike, e leng lipuo tseo e neng e ngotsoe ka tsona. Ba bangata ba rōna kajeno, ba ne ba ke ke ba utloisisa Lentsoe la Molimo haeba le ne le fumaneha feela ka lipuo tseo tsa boholo-holo.
Hoo e ka bang lilemo tse 300 pele Jesu a tla lefatšeng, mosebetsi oa ho fetolela Mangolo a Seheberu ka Segerike o ile oa qalisoa. Phetolelo eo e tsejoa ka hore ke Septuagint ea Segerike. Lilemo tse ka bang 700 hamorao, Jerome o ile a etsa phetolelo e tsejoang ka hore ke Vulgate. Phetolelong ena ho ne ho fetoletsoe Mangolo a Seheberu le Segerike ka Selatine, e leng puo e neng e atile haholo ’Musong oa Roma ka nako eo.
Hamorao, Selatine ha ea ka ea hlola e e-ba puo e atileng. Ke batho ba rutehileng feela ba neng ba sebelisa Selatine, ’me Kereke e K’hatholike e ile ea hanela boiteko ba hore Bibele e fetoleloe ka lipuo tse ling. Baeta-pele ba bolumeli ba ile ba ngangisana ka hore Seheberu, Segerike le Selatine ke tsona feela lipuo tse tšoanelehang tsa Bibele.a
Karohano ea Likereke le ho Fetoleloa ha Bibele
Lekholong la borobong la lilemo C.E., Methodius le Cyril, e leng baromuoa ba Thesalonika ba neng ba sebetsa lebitsong la Kereke ea Bochabela e Byzantium, ba ne ba buella ho sebelisoa ha Seslavo joaloka puo ea kereke. Morero oa bona e ne e le ho nolofalletsa Maslavo a Europe Bochabela, a neng a sa tsebe Segerike kapa Selatine, hore a ithute ka Molimo ka puo ea ’ona.
Leha ho le joalo, baromuoa bao ba ile ba hanyetsoa ka mabifi ke baprista ba Majeremane, ba neng ba batla ho sebelisa Selatine e le tšitiso ea hore Bokreste ba Byzantium bo ate. Ka ho hlakileng, lipolotiki li ne li le bohlokoa ho bona, ho feta hore batho ba rutoe ka bolumeli. Ho eketseha ha likhohlano pakeng tsa litho tsa Bokreste-’mōtoana tse karolong e ka Bophirimela le karolong e ka Bochabela, ho ile ha fella ka karohano pakeng tsa Roma e K’hatholike le Orthodox e ka Bochabela ka 1054.
Ho Loantša ho Fetoleloa ha Bibele
Ha nako e ntse e ea, Roma e K’hatholike e ile ea talima Selatine joaloka puo e halalelang. Leha ho le joalo, ha Mopapa Gregory VII a arabela kōpo e entsoeng ka 1079 ke Vratislaus, e leng ’musisi oa Bohemia, ea ho sebelisa Seslavo litšebeletsong tsa kereke, Mopapa o ile a ngola a re: “Re ke ke ra lumela kōpo ea hao le hanyenyane feela.” Hobane’ng?
Gregory o ile a re: “Batho ba hlahlobang lintho ka hloko baa hlokomela hore Molimo oa thaba ha Mangolo a Halalelang a sa tsejoe libakeng tse ling, hobane a ne a tla silafatsoa ebe ha a sa hlompheha kapa hore batho ba sa rutehang ba a utloisise hampe ebe ba oela phosong.”
Batho feela ba tloaelehileng ba ne ba sa lumelloe ho ba le Bibele, ’me taba eo e ne e lokela ho lula e le joalo. Sena se ile sa fa baruti monyetla oa hore ba laole batho. Ba ne ba sa batle hore batho ba tloaelehileng ba itšunya-tšunye litabeng tseo ho neng ho lumeloa hore ke tsa baruti feela.
Ka 1199, Mopapa Innocent III o ile a ngola ka “bakhelohi” ba ileng ba fetolela Bibele ka Sefora le ho iteta sefuba ho bua ka eona. Innocent o ile a lebisa mantsoe a Jesu ho bona a reng: “Le se ke la fa lintja se halalelang, kapa la lahlela liperela tsa lōna ka pel’a likolobe.” (Matheu 7:6) O ne a beha mabaka afe tabeng ee? O ile a re: “Batho ba tloaelehileng le ba sa rutehang ha baa lokela ho kena-kenana le Mangolo a halalelang kapa hore ba rute ba bang ka ’ona.” Ba neng ba sa mamele taelo ea mopapa, hangata ba ne ba isoa moo ba tla hlongoa lipotso teng, ebe baa hlokofatsoa hore ba ipolele libe. Ba neng ba hana ho latola tumelo ea bona ba ne ba chesoa ba ntse ba phela.
Ha litsekisano tse nkileng nako e telele tse mabapi le ho ba le Bibele le ho e bala li ntse li tsoela pele, lengolo le ngotsoeng ke Mopapa Innocent ke lona leo hangata le neng le sebelisoa e le ho thibela ho fetoleloa ha Bibele ka lipuo tse ling. Kapele ka mor’a taelo ea hae, ho ile ha qala ho chesoa Libibele tsa lipuo tse ling, ’me kahoo ha chesoa le beng ba tsona. Makholong a lilemo a ileng a latela, babishopo le baeta-pele ba K’hatholike Europe, ba ile ba etsa sohle se matleng a bona e le ho tiisa hore thibelo e entsoeng ke Mopapa Innocent III ea mameloa.
Baeta-pele ba K’hatholike ba ne ba tseba hantle hore lithuto tsa bona tse ngata ha lia thehoa Bibeleng, empa li ne li thehiloe lineanong tsa kereke. Ntle ho pelaelo, lena ke le leng la mabaka a neng a etsa hore ba be leqe hore ba lumelle litho tse ling tsa kereke hore li be le Bibele. Ha batho ba e bala, ba ne ba tla bona ho se lumellane ho teng pakeng tsa lithuto tsa kereke le Mangolo.
Liphello Tsa Phetohelo ea Lithuto Tsa K’hatholike
Ho fihla ha Boprostanta ho ile ha tlisa liphetoho bolumeling, Europe. Martin Luther o ile a etsa boiteko ba ho fetola Kereke e K’hatholike, ’me qetellong a khaola maqhama le eona ka 1521 hobane a ne a utloisisa Mangolo. Ha a se a khaotse maqhama, Luther, eo e neng e le mofetoleli ea nang le bokhoni, o ile a leka ka matla hore Bibele e fumanoe ke batho bohle.
Phetolelo ea Luther ea Sejeremane, e ileng ea ajoa haholo e ile ea fihla tlhokomelong ea Kereke ea Roma e K’hatholike, ’me kereke e ne e lumela hore Bibele ea Luther e lokela ho pupetsoa ka e amoheloang ke kereke. Kapele ho ile ha e-ba le liphetolelo tse peli tse joalo ka Sejeremane. Leha ho le joalo, ka 1546, e leng lilemo tse 25 hamorao, Lekhotla la Trent la Roma e K’hatholike, le ile la beha ho hatisoa ha lingoliloeng tsohle tsa bolumeli, ho akarelletsa le Bibele tlas’a taolo ea kereke.
Lekhotla la Trent le ile la laela “hore ho tloha joale ho ea pele, Mangolo a halalelang . . . a lokela ho hatisoa ka ho nepahala kamoo ho ka khonehang; le hore e tla ba tlōlo ea molao hore leha e le mang a hatise, kapa a hatisetsoe, libuka tse buang ka litaba tse halalelang ho sa ngoloa lebitso la mongoli ho tsona; kapa hore nakong e tlang li rekisoe kapa hore motho a be le tsona, ntle le haeba li hlahlobiloe pele kapa motho a fumane tumello ho [mobishopo oa sebakeng sa habo].”
Ka 1559, Mopapa Paul IV o ile a hatisa lethathamo la pele la libuka tse thibetsoeng ke Kereke ea Roma e K’hatholike. Le ne le thibela ho ba le phetolelo ea Bibele ka Sedache, Sefora, Sejeremane, Senyesemane, Sepanishe, Setaliana ho akarelletsa le liphetolelo tse ling tsa Selatine. Mang kapa mang ea neng a batla ho bala Bibele o ne a bolelloa hore o lokela ho fumana tumello e ngotsoeng ho babishopo kapa bafuputsi ba lekhotla le otlang bakhelohi—e leng se neng se thatafalletsa batho ba sa batleng ho belaelloa ka hore ke bakhelohi.
Batho ba neng ba itetile sefuba ka ho ba le Libibele kapa ho li aba ka lipuo tse tloaelehileng tse buuoang sebakeng sa habo bona, ba ne ba lokela ho tobana le khalefo ea Kereke e K’hatholike. Ba bangata ba ile ba tšoaroa, ba chesoa ba fanyehiloe thupeng, ba halikoa ba totometsoe thupeng, ba koalloa bophelo bohle chankaneng kapa ba etsoa makhoba a sokang likepe. Libibele tse neng li nkuoe ka mahahapa li ne li chesoa. Ka sebele, baprista ba K’hatholike ba ile ba tsoela pele ba nka ka mahahapa le ho chesa Libibele ho fihlela lekholong la bo20 la lilemo.
Sena ha se bolele hore Maprostanta a ne a rata Bibele kapa a e sireletsa. Lekholong la bo18 le la bo19 la lilemo, litsebi tsa thuto ea bolumeli tsa Maprostanta li ile tsa fihlela mokhoa oa ho ithuta o ileng oa bitsoa hore ke tlhahlobisiso e phahameng ea Bibele. Ka mor’a nako, batho ba bangata ba ile ba amohela likhopolo tse neng li susumetsoa ke Darwin tsa hore bophelo bo bile teng ka tšohanyetso bo sa tlisoe ke ’Mōpi.
Litsebi tsa thuto ea bolumeli hammoho le baruti ba bangata, ba rutile hore Bibele e thehiloe likhopolo-tabeng le litšōmong. Ka lebaka leo, ho tloaelehile kajeno ho utloa baruti ba Maprostanta esita le litho tse ngata tsa kereke ea bona, ba nyatsa Bibele ka hore litlaleho tsa eona tsa histori ha lia nepahala.
E ka ’na eaba u hlokometse kamoo batho ba tšoaeang Bibele liphoso kateng, ’me mohlomong u makatsoa ke ho bona kamoo ho ileng ha etsoa boiteko bo matla ba ho e felisa makholong a lilemo a fetileng. Leha ho le joalo, litlhaselo tseo li ile tsa nyopa. Bibele e li pholohile kaofela!
Ke Hobane’ng ha e Pholohile
Ka sebele, batho ba bangata ba ne ba rata Bibele, ba bile ba ikemiselitse ho shoa e le hore ba e sireletse. Leha ho le joalo, le hoja Bibele e ile ea sireletsoa ke batho ba e ratang, ho boetse ho na le matla a phahametseng batho a e pholositseng. Lebaka le utloahalang le entseng hore Bibele e pholohe ke hobane batho bohle ba e ngotseng ba ne ba bululetsoe ke Molimo.—Esaia 40:8; 1 Petrose 1:25.
Haeba re bala esita le ho etsa seo Bibele e se rutang, bophelo ba rōna bo tla ntlafala, le malapa a rōna a tla atleha. Molimo o batla hore Bibele e tsoele pele e le teng le hore e fetoleloe ka lipuo tse ngata kamoo ho ka khonehang, e le hore batho ba ka ithuta ho mo rata, ho mo sebeletsa le hore qetellong ba fumane litlhohonolofatso tsa hae tse sa feleng. Ha ho pelaelo hore kaofela ha rōna re labalabela seo!
Ha Jesu a rapela Ntate oa hae ea leholimong o ile a re: “Lentsoe la hao ke ’nete.” (Johanne 17:17) Bibele—e leng Mangolo ao Jesu a ileng a a bala le ho ruta ka ’ona—ke tsela eo Molimo a e sebelisang ho fana ka likarabo tseo batho ba ratang ’nete ba ipotsang tsona.
Re u khothalletsa hore u ithute ka ho eketsehileng ka molaetsa oo Molimo a o ngoletseng batho, o fumanoang ka Bibeleng. Lipaki Tsa Jehova, e leng baabi ba makasine ena, li tla thabela ho u thusa.b
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho bonahala eka likhopolo tseo li ne li hlaha libukeng tse ngotsoeng ke mobishopo oa Lesepanishe, e leng Isidore oa Seville (560-636 C.E.), ea ileng a re: “Ho na le lipuo tse tharo tse halalelang, e leng Seheberu, Segerike le Selatine, ’me ke tsona tse phahameng ka ho fetisisa lefatšeng lohle. Ke lipuo tsena tse tharo tse ileng tsa sebelisoa ke Pilato ha a ngola liqoso tse khahlanong le Morena sefapanong.” Ka ho hlakileng, qeto ea ho ngola liqoso botong ka lipuo tseo tse tharo e ne e entsoe ke Baroma ba bahetene. E ne e se taelo ea Molimo.
b U ka ikopanya le tsona, u sa itlame ka letho, atereseng e ’ngoe ho tse fumanehang leqepheng la bohlano la makasine ena kapa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
Batho feela ba tloaelehileng ba ne ba sa lumelloe ho ba le Bibele, ’me sena se ile sa fa baruti monyetla oa hore ba laole batho
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]
Ha ba ne ba fumanoa, batho ba neng ba itetile sefuba ka ho ba le Libibele kapa ho li aba, ba ne ba chesoa thupeng kapa ba koalloa bophelo bohle chankaneng
[Lebokose le leqepheng la 9]
LIKARABO TSA BIBELE
’Mōpi o batla hore re khone ho araba lipotso tsena tsa bohlokoa:
● Re phelela’ng?
● Ke hobane’ng ha ho etsahala lintho tse bohloko hakaale?
● Bafu ba hokae?
● Moloko oa batho o lebile hokae?
Bibele e arabela lipotso tsena ’me e boetse e fana ka keletso e sebetsang ea kamoo batho ba ka fumanang thabo ea ’nete kateng.
[Chate/Litšoantšo tse maqepheng a 6, 7]
LINAKO TSEO BIBELE E ILENG EA HLASELOA KA TSONA
hoo e ka bang ka 636 C.E.
Isidore oa Seville o tsitlella hore Seheberu, Segerike le Selatine, ke lipuo tse “halalelang” ’me kahoo, ke tsona feela tse loketseng Bibele e Halalelang
1079
Mopapa Gregory VII, o hana a tiile kōpo ea Vratislau ea ho sebelisa Seslavo kerekeng, ’me o bolela hore Mangolo ha aa lokela ho fuoa batho “ba sa rutehang”
1199
Mopapa Innocent III, o nka batho ba itetang sefuba ho fetolela Bibele le ho buisana ka eona, e le bakhelohi. Ba hanyetsang taelo ea mopapa, ba ne ba atisa ho hlokofatsoa ’me ba bolaoa
1546
Ho ea ka taelo e tsoang Lekhotleng la Trent, ho hatisoa leha e le hofe ha liphetolelo tsa Bibele ho lokela ho lumelloa ke Kereke e K’hatholike
1559
Mopapa Paul IV, o hanela hore Bibele e be teng ka lipuo tse buuoang ke batho ba bangata. Batho ba nkeloa ka mahahapa Libibele tse fetoletsoeng ka lipuo tse ling ’me lia chesoa, hangata li chesoa le beng ba tsona
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Pope Gregory VII: © Scala/White Images/Art Resource, NY; Pope Innocent III: © Scala/Art Resource, NY; Council of Trent: © Scala/White Images/Art Resource, NY; Pope Paul IV: © The Print Collector, Great Britain/HIP/Art Resource, NY
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 8]
From Foxe’s Book of Martyrs