Na bo Entsoe?
Bokaholimo ba Lepheo la Serurubele
● Mebala e metle e phatsimang e mapheong a serurubele ea feto-fetoha ho itšetlehile ka hore na motho o se sheba a eme hokae. ’Mala oa mapheo a mofuta o mong oa serurubele, o hlakile ebile o loile hoo motho a ka o bonang a le bohōle ba limithara tse 805. Ke’ng se etsang hore lepheo la serurubele ebe le ikhethang hakaale?
Ak’u nahane: Ho kobeha ho meleng e mesesaane e lepheong la serurubele se bitsoang green swallowtail (Papilio blumei) ho etsa hore khanya e bonahale ka litsela tse sa tšoaneng. Ka mohlala, karolo e bohareng e etsa hore khanya e hlahe e le bosehla bo nang le botala, ha lintlheng teng e hlahisa boputsoa. Hape, khanya e chabelang karolong e bohareng e bonahala ka ho toba athe e lintlheng e feta likarolong tse ’maloa, e leng se hōlisang maqhubu a khanya le ho a fetola hanyenyane. Sena se hlahisa khanya ka tsela e rarahaneng.
Bafuputsi ba qetile lilemo tse leshome ba leka ho etsisa ka tsela e sa rarahanang bokaholimo ba lepheo la serurubele. Ba tšepa hore ha ba ka finyella seo, ba tla khona ho etsa chelete ea pampiri le likarete tsa ho reka ka mokitlane tseo batho ba bang ba tla thatafalloa ho iketsetsa tsona le ho hlahisa thepa e sebelisang matla a letsatsi e tla monya matla a mangata a letsatsi. Empa ho thata ho etsisa lepheo la serurubele. Moprofesa Ullrich Steiner, oa Lefapha la Nanoscience Univesithing ea Cambridge, o re: “Le hoja re utloisisa lintho tse ngata ka tsela eo khanya e bonahalang ka eona, mebala-bala e fumanoang linthong tsa tlhaho e mengata haholo hoo e ke keng ea hlahisoa ka mekhoa ea theknoloji.”
U nahana’ng ka see? Na bokaholimo ba lepheo la serurubele bo bile teng ka tšohanyetso? Kapa na bo entsoe?
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Serurubele se bitsoang green swallowtail
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Setšoantšo se hōlisitsoeng sa lepheo la serurubele
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 24]
Butterfly: Faunia, Madrid; microscopic view: © Eye of Science/Photo Researchers, Inc.