Titanic—“Sekepe se Tummeng ka ho Fetisisa Historing”
KA LA 10 APRIL, 1912: Sekepe sa Titanic se tloha Southampton, Engelane, se lebile New York, U.S.A.
KA LA 11 APRIL: Ka mor’a hore se nke bapalami Cherbourg, Fora, Queenstown (eo hona joale e bitsoang Cobh) le Ireland, sekepe sa Titanic se kena Leoatleng la Atlantic.
KA LA 14 APRIL: Hoo e ka bang ka 11:40 bosiu, Titanic e thula thaba ea leqhoa.
KA LA 15 APRIL: Ka 2:20 mesong, Titanic ea teba, e leng se ileng sa fella ka hore ho shoe batho ba ka bang 1 500.
TITANIC e ne e le sekepe se joang? Ke’ng e ileng ea etsa hore se tebe? Ho etela Musiamong oa Ulster Folk le o Bontšang Lipalangoang o haufi le Belfast e Ireland Leboea, ho ka re thusa ho fumana likarabo tsa lipotso tseo.
Titanic—Ke Hobane’ng ha e Ikhetha?
Ho ea ka Michael McCaughan, ea neng a hlokomela Musiamo oa Folk le o Bontšang Lipalangoang, Titanic “ke sekepe se tummeng ka ho fetisisa historing.” Empa hase hore Titanic e ne e sa tšoane le likepe tse ling. E ne e le sekepe sa bobeli ho tse tharo tsa litonanahali tse kileng tsa etsoa Harland le Wolff e Belfast, e leng moo ho etsoang likepe teng.a Titanic e ne e le se seng sa likepe tse khōlōhali mehleng ea sona, se le bolelele ba limithara tse 269 le bophara ba limithara tse 28.
K’hamphani ea likepe ea White Star, e ile ea etsa hore likepe tseo tsa litonanahali e be tsona tse ka sehloohong tse fumanang chelete ka ho fetisisa karolong e ka Leboea ea Atlantic. K’hamphani ea White Star e ne e hlōloa ke ea Cunard kaha eona e ne e e-na le likepe tse lebelo. Kahoo, White Star e ne e amehile haholo ka ho haha likepe tse khōlō ho feta le tse mabaibai, e le hore e hape barui le batho ba tummeng.
Empa Titanic e ne e khona ho sebelisetsoa morero o mong hape. William Blair, e leng mookameli oa Musiamo oa Sechaba oa Ireland Leboea, o re: “Hoo e ka bang bajaki ba 900 000 ba ne ba fallela United States selemo le selemo, pakeng tsa 1900 le 1914.” Ho nka bajaki bao Europe le ho ba isa United States ho ne ho kenyetsa lik’hamphani tsa likepe chelete e ngata, ’me Titanic e ne e tl’o sebelisetsoa morero oo.
Ho Hlaha Tlokotsi
Motsamaisi oa sekepe sa Titanic, e leng E. J. Smith, o ne a tseba kotsi e ka bakoang ke leqhoa le Leoatleng la Atlantic Leboea. O ne a atisa ho tsamaea ka sekepe sa Olympic leoatleng leo. Batsamaisi ba likepe tse ling ba ile ba fana ka litemoso tse ’maloa tse mabapi le thaba ea leqhoa, empa tse ling tsa tsona li ile tsa hlokomolohuoa kapa tsa se ke tsa fumanoa.
Ka tšohanyetso balebeli ba Titanic ba ile ba lemosa hore ho na le thaba ea leqhoa ka pel’a sekepe—empa metsotso e ne e se e jele babeli! Motsamaisi ea neng a laola sekepe o ile a khona ho se qobisa ho thulana sa lipheleu le thaba eo ea leqhoa, empa a sitoa ho thibela hore Titanic e khiriloe ke thaba. Seo se ile sa senya karolo e ka tlaase ea sekepe—’me metsi a tlala likamoreng tsa sona tse ka pele. Kapele feela, motsamaisi oa sekepe e leng Smith, o ile a elelloa hore ho felile ka sekepe sa hae. O ile a romela melaetsa ea tlhokomeliso ea SOS ’me a laela hore liketsoana tsa pholoso li theoleloe ka metsing.
Titanic e ne e e-na le liketsoana tsa pholoso tse 16 le tse ling tse ’nè tse menoang. Li ne li ka khona ho nka hoo e ka bang batho ba 1 170. Empa ho ne ho e-na le bapalami ba ka bang 2 200 ka sekepeng, ba akarelletsang le basebetsi. Ho hobe le ho feta ke hore liketsoana tse ling tse ngata li ne li tsamaea le pele li ka tlala. Ha hoa ka ha etsoa boiteko ba ho batla batho ba ileng ba itahlela ka leoatleng ba neng ba ka pholosoa. Qetellong, ho ile ha pholosoa batho ba 705 feela!
Se Etsahetseng ka Mor’a Koluoa Eo
Ka mor’a koluoa ea Titanic, balaoli ba likepe ba ile ba etsa melao e neng e tla ntlafatsa tšireletseho leoatleng. O mong oa melao eo e ne e le oa hore ho netefatsoe hore ho na le liketsoana tsa pholoso tse lekaneng ha ho nkoa maeto.
Ka lilemo tse ngata, batho ba ne ba nahana hore Titanic e ile ea teba ka potlako ka lebaka la letlere le tšabehang le ileng la bakoa ke ho thula thaba ea leqhoa. Leha ho le joalo, ka 1985, ka mor’a hore e fumanoe botlaaseng ba leoatle, bafuputsi ba ile ba fihlela sephetho se fapaneng—sa hore metsi a leqhoa a ile a fokolisa tšepe ea karolo e ka tlaase ea sekepe, e leng se ileng sa etsa hore sekepe se peperane. Ka mor’a lihora tse ka tlaase ho tse tharo sekepe se thulane le leqhoa se ile sa robeha likoto tse peli ’me sa teba, kahoo sa baka koluoa e khōlō ka ho fetisisa e kileng ea e-ba teng historing ea likepe tse kileng tsa teba.b
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sekepe se entsoeng pele ke sa Olympic, ho latele sa Titanic e ntan’o ba sa Britannic.
b Bala tlaleho ea motho ea ileng a phonyoha tlokotsi ea Titanic, Tsoheng! (ea Senyesemane) ea October 22, 1981, maqepheng a 3-8.
[’Mapa o leqepheng la 14]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Southampton
Cherbourg
Queenstown (Cobh)
LEOATLE LA ATLANTIC
Moo Titanic e ileng ea thula thaba ea leqhoa
New York
[Litšoantšo tse maqepheng a 12, 13]
Ha “Titanic” e ntse e etsoa
Karolo e tsamaisang “Titanic”
Basebetsi ba tloha moo ho etsoang likepe Harland le Wolff e Belfast, Ireland
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Pages 12 and 13: Leaving Southampton, under construction, and shipyard: © National Museums Northern Ireland; propellers: © The Bridgeman Art Library
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Motsamaisi oa “Titanic” e leng E. J. Smith (ka ho le letona), hammoho le mohlokomeli oa liak’haonte le lipampiri tsa molao, e leng Herbert McElroy
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Courtesy CSU Archive/age fotostock
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 15]
© SZ Photo/Knorr & Hirth/Bridgeman Art Library