Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 5/12 maq. 4-5
  • Ke Eng se Bakang ho Hloka Toka?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Eng se Bakang ho Hloka Toka?
  • Tsoha!—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ho Hloka Toka ho Tla Fela?
  • “Mehla ea Meharo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Atleha ho Qoba Leraba la Meharo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • U ’Ne U Qobe Leraba la Meharo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Na ka Linako tse Ling Meharo e-ea U Tšoara?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 5/12 maq. 4-5

Ke Eng se Bakang ho Hloka Toka?

HOO e ka bang lilemong tse likete tse peli tse fetileng, Bibele e ile ea bolela ka ho nepahala ho hlollang hore na batho ba mehleng ea rōna e ne e tla ba mofuta ofe. E ile ea re: “Matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Etsoe batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, . . . ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, . . . ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba ikhohomosang ka boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.”—2 Timothea 3:1-4.

Batho ba bangata baa lumela hore mekhoa eo e mebe e atile haholo mehleng ena ea rōna. Mekhoa ena e bonahala ka litsela tse sa tšoaneng tse kang meharo, khethollo, boitšoaro bo sa amoheleheng sechabeng, bobolu le ho se lekane ho hoholo maemong a lichelete. A re tšohleng mekhoa ena ka bonngoe.

MEHARO. Mohlomong ho tloaelehile ho utloa batho ba re “Meharo ea phelisa.” Empa seo ke leshano. Meharo e utloisa batho ba bang bohloko! Ka mohlala meharo ke eona e susumelletsang batho ho etsa litlaleho tseo e seng tsa ’nete tsa lichelete, maano a ho qhekella batho le ho alima le ho alimisana ka chelete ka tsela e se nang boikarabelo. Liphello e ba ho putlama ha moruo ho utloisitseng batho ba bangata bohloko. Ho makatsang ke hore batho bao e bang liphofu, le bona ba meharo. Empa liphofu tseo li boetse li akarelletsa le batho ba seng meharo ba sebetsang ka thata bao ba bang ba bona ba qhekeletsoeng matlo le lipenshene tsa bona.

KHETHOLLO. Batho ba khetholloang ba ahlola ba bang ka leeme ebile ba ba tšoara hampe ka lebaka la morabe, ’mala oa letlalo, bong bo fapaneng, maemo a motho sechabeng hammoho le bolumeli. Ka mohlala, komiti ea Machaba a Kopaneng e ile ea fumana hore naheng e ’ngoe Amerika Boroa, mosali e mong oa moimana o ile a shoella sepetlele hobane a ile a tšoaroa ka leeme sepetleleng se seng ka lebaka la morabe le maemo a hae a lichelete. Ka linako tse ling batho ba nang le khethollo ba ea bohōleng ba hore ba felise merabe e meng ka ho feletseng.

BOITŠOARO BO SA AMOHELEHENG SECHABENG. Buka e bitsoang Handbook of Antisocial Behavior e akaretsa litaba tjena: “Selemo le selemo malapa a likete tse mashome aa qhalana, bophelo ba batho ba baloang ka likete tse makholo boa senyeha, mehaho ea limilione tsa lidolara ea senngoa ka lebaka la boitšoaro bona bo sa amoheleheng sechabeng. Ntoa le mabifi li atile haholo har’a moloko oo re phelang ho oona hoo bo-rahistori ba nakong e tlang ba ka ’nang ba hlalosa matsatsi a rōna e le nako eo lichaba li neng li loantšana ka botsona.” Ho tloha ha buka eo e ne e ajoa ka 1997 mekhoa le boitšoaro ba batho ha bo e-s’o ntlafale.

BOBOLU. Buka e ’ngoe e buang ka bobolu ba lichelete Afrika Boroa e tlalehile hore nakong ea lilemo tse supileng, liphesente tse ka holimo ho 81 tsa liranta tse libilione tse 25,2 tse neng li fuoe lefapha la bophelo la profinse, ha lia ka tsa sebelisoa ka tsela e nepahetseng. Koranta ea The Public Manager e itse: Chelete e neng “e lokela hore ebe e sebeliselitsoe ho hlokomela lipetlele, litleliniki le libaka tsa ho hlokomela bakuli tse profinseng eo ha ea ka ea sebelisoa.”

HO SE LEKANE HO HOHOLO MAEMONG A LICHELETE. Ho ea ka tlaleho ea makasine ea Time, ka 2005, hoo e ka bang liphesente tse 30 tsa chelete e kenang Brithani ka selemo “e ile ea ea ho batho ba etsang liphesente tse hlano, ba fumanang chelete e ngata ka ho fetisisa” Brithani. Ka nako e tšoanang, eona makasine eo e ile ea boela ea re liphesente tse ka holimo ho 33 tsa chelete e kenang Amerika e ea ho batho ba etsang liphesente tse ka bang hlano, ba fumanang chelete e ngata ka ho fetisisa ba Amerika. Lefatšeng ka bophara, hoo e ka bang batho ba libilione tse 1,4 ba phela ka chelete e kaalo ka R8,00 kapa e ka tlaase ho moo ka letsatsi, ’me bana ba 25 000 ba shoa letsatsi le letsatsi ka lebaka la bofutsana.

Na ho Hloka Toka ho Tla Fela?

Ka 1987, tona-khōlō ea mehleng ea Australia e ile ea bolela hore ka 1990, e batla hore ho se ke ha e-ba le ngoana le ea mong oa Australia ea phelang bofumeng. Seo ha se ea ka sa etsahala. Ha e le hantle, tona-khōlō eo e ile ea ikoahlaela ka hore ebe e ile ea tiisa taba eo.

’Nete ke hore, ho sa tsotellehe hore na motho o matla, o ruile, kapa o na le tšusumetso e kae, ke motho ho tšoana le rōna, ’me a ke ke a khona ho felisa ho hloka toka. Ka sebele, le batho ba matla ba ntse ba angoa ke ho hloka toka, baa tsofala ebile baa shoa. ’Nete ena e re hopotsa litemana tsena tse peli tse latelang tsa Bibele:

“Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.”—Jeremia 10:23.

‘Le se ke la tšepa bahlomphehi, . . . bao ho seng poloko ho bona.’—Pesaleme ea 146:3.

Haeba re lumela hore mantsoe a litemana tseo ke ’nete, re ke ke ra soetseha ha boiteko ba batho bo hlōleha. Na joale re lokela ho lahleheloa ke tšepo? Ho hang! Joalokaha re tla bona qetellong ea lihlooho tsena, lefatše le nang le toka le qholong ea nta. Ha re ntse re emetse nako eo, ho na le seo re lokelang ho se etsa. Re lokela ho itekola. Ipotse: ‘Na nka bontša toka haholoanyane ha ke sebelisana le batho ba bang? Na ho na le moo ke lokelang ho ntlafatsa teng?’ Lipotso tseo li tla arajoa sehloohong se latelang.

[Litšoantšo tse maqepheng a 4, 5]

A. Mapolesa a Chaena a tšoara monna ea neng a loana ntoeng ea merabe

B. Batho ba utsoa thepa le ho senya mehaho London, Engelane

C. Batho ba kollang ntsi hanong kampong ea baphaphathehi ea Rwanda

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Top left: © Adam Dean/​Panos Pictures; top center: © Matthew Aslett/​Demotix/​CORBIS; top right: © David Turnley/​CORBIS

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela