Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/12 maq. 22-23
  • Batik—Lesela le Letle la Indonesia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batik—Lesela le Letle la Indonesia
  • Tsoha!—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Kopanya Dae le Boka
  • Mokhabiso oa Khale—o Tla Lula o le Teng
  • Liaparo Tse Entsoeng ka Lesela la Batik
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2012
  • Ke Phetse Bophelo bo Khotsofatsang ka ho Fetisisa
    Tsoha!—2011
  • Ho Daea Lesela—Mokhoa oa Boholo-holo le oa Sejoale-joale
    Tsoha!—2007
  • Kente—Lesela la Marena
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 6/12 maq. 22-23

Batik—Lesela le Letle la Indonesia

KE KHALE batik e le teng, empa e ntse e ratoa le kajeno. Batho ba maemo a phahameng ba e apara ha ba ea meketeng ea boemo bo holimo, le barekisi ba limmarakeng le bona baa e apara. Batik e ntle, e mebala-bala ’me e na le mekhabiso e sa tšoaneng. Empa batik ke eng? E etsoa joang? E qalile hokae? Hona e sebelisoa joang kajeno?

Batik ke lesela leo e leng khale le le teng. Mokhabiso oa lesela lena, o etsoa ho sebelisoa dae ka tsela e ikhethang ’me mokhoa oo o fetohile karolo ea bohlokoa bophelong ba Maindonesia le setsong sa ’ona. Masela a kang ana aa ratoa lefatšeng ka bophara.

Ho Kopanya Dae le Boka

Setsebi sa mesebetsi ea matsoho se etsa lesela la batik ka thulusi e nyenyane ea koporo e tšetseng boka, e le hore se toroee mokhabiso o khahlang leseleng leo. Ha boka bo oma, lesela leo le kenngoa dae. Karolo ea lesela e tlotsitsoeng ka boka eona ha e angoe ke dae. Mokhoa ona o phetoa ka makhetlo ho sebelisoa lidae tsa mebala e sa tšoaneng, e le hore ho etsoe mekhabiso e hlakileng.

Bohareng ba lekholo la bo19 la lilemo, litsebi tse khabisang lesela la batik li ne li sebelisa litempe tsa koporo tse nang le litema ha li tlotsa boka leseleng. Mokhoa ona o ne o potlaka ho feta oa ho sebelisa thulusi e tšoaroang ka letsoho ’me o khona ho etsa mekhabiso e tšoanang maseleng ’ohle. Lekholong la bo20 la lilemo, lifektheri li ile tsa qala ho sebelisa mokhoa oa ho hatiselletsa mekhabiso leseleng. Batho ba ntse ba ka khona ho reka lesela la batik le khabisitsoeng ka letsoho. Leha ho le joalo, masela a batik a etsoang lifekthering ke ’ona a rekisoang haholo.

Hangata ho sebelisoa k’hothone kapa silika ha ho etsoa lesela lena. Lidae li etsoa ka makhasi a lifate tse jetsoeng sebakeng seo, ka lehong, ka lekhapetla la sefate le ka linōko, empa ho boetse ho sebelisoa dae ea maiketsetso. Pele litsebi tse khabisang lesela la batik li sebelisa boka, li ne li sebelisa meroho, mafura a liphoofolo le seretse, e le hore ho etsoe mekhabiso eo. Mehleng ena, hangata batho ba iketsetsa boka. Empa, mokhoa oa ho kopanya parafine le boka ba linotši o ntse o sebelisoa.

Mokhabiso oa Khale—o Tla Lula o le Teng

Ha ho na motho ea tsebang hantle hore na mokhoa ona oa ho khabisa lesela o qalile neng hona hokae. Likotoana tse ling tsa masela a khabisitsoeng tse teng Chaena, ke tsa lekholong la botšelela la lilemo C.E. Ho ntse ho sa hlaka hore na mokhoa ona o ile oa tsebahala neng Indonesia, empa ho bonahala eka lekholong la bo17 la lilemo, Indonesia e ne e rekisa ebile e rekisetsoa lesela lena.

Mashomeng a lilemo a sa tsoa feta, lesela la batik le ile la tsebahala haholo ’me la fetoha letšoao leo Maindonesia a khetholloang ka lona. Ka 2009, e le ho ananela ho ba teng ha lesela la batik ka nako e telele Indonesia le kamoo le ammeng kateng setso sa batho ba moo, mokhatlo oa UNESCO o ile oa kenya lesela leo lethathamong la oona e le karolo ea “Lefa le Bonahalang la Setso sa Sechaba.”

Liaparo Tse Entsoeng ka Lesela la Batik

Ho na le litsela tse ngata tsa ho apara, ho mena le ho etsa batik, tse susumelitsoeng ke litumelo le litumela-khoela tsa sebakeng ka seng. Batho ba liprofinse tse sa tšoaneng tsa Indonesia, ba sebelisa mebala le mekhabiso e ba khethollang. Ka mohlala, lesela la batik le tsoang ka leboea ho Java le na le mebala e khanyang ’me hangata le khabisoa ka lipalesa, linonyana le liphoofolo tse ling. Leha ho le joalo, batik e tsoang Java bohareng, hangata e na le mebala e seng mekae ’me e khabisitsoe ka metsero kapa libōpeho tsa lintho tse fapaneng. Ho na le mefuta e ka bang 3 000 ea mekhabiso ea lesela la batik e tlalehiloeng.

Seaparo sa setso se rokiloeng ka lesela la batik se bitsoa selendang, e leng sholo kapa lesela leo basali ba le behang lehetleng. Hangata basali ba pepa bana kapa ba kenya lintho tseo ba li rekileng ’marakeng ka sholong eo. Empa e ka boela ea roaloa hloohong ha letsatsi le chesa.

Banna ba roala tuku ea setso e bitsoang iket kepala. Lesela la batik le thateloa hloohong e le hore le etse tuku eo. Hangata batho ba e roala ha ba ea meketeng e khethehileng.

Seaparo se seng se ratoang sa lesela la batik se bitsoa sarong, e leng lesela le nang le mahlakore a mane, leo motho a ka itlamang ka lona. Ka linako tse ling, lesela lena lea rokoa e le hore le etse ntho e tšoanang le mose oa letheka. Ha sarong e tloaelehileng e aperoe, e koahela maoto ebe e subeloa thekeng hore e shebahale joaloka mose oa letheka. Sarong e aparoa ke banna le basali.

Lesela la batik le sebelisetsoa ho etsa mefuta e fapaneng ea liaparo, ho tloha ho marikhoe ho ea ho mese ea ho itereka. Empa lesela lena le boetse le sebelisetsoa ho etsa litšoantšo le mekhabiso ea leboteng, masela a litafole, mealo haesita le lintho tse ling. Bahahlauli ba etelang limmarakeng tsa Indonesia, ba ka ’na ba fumana lintho tse entsoeng ka lesela la batik tse akarelletsang mekotla, meqathatso, lintho tse sireletsang mabone le mekotla e kenyang li-laptop. Lesela lena le etsa lintho tse ngata haholo—le letle e le kannete!

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Thulusi e nyenyane ea koporo e tšetseng boka, e sebelisetsoang ho etsa mokhabiso o rarahaneng leseleng o toroiloeng ka letsoho

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Lesela le tlotsitsoeng ka boka le kenngoa daeng ka makhetlo

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Liaparo Tsa Batik

1. Selendang

2. Iket kepala

3. Sarong

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela