Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/12 leq. 20
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Likhathatso” li Siea Batho ba le Mehoabali
  • Boemo bo Fetelletseng ba Leholimo e se e le “Ntho e Tloaelehileng”
  • Ho Bua ka Boemo ba Leholimo
    Tsoha!—1998
  • Bibele e Re’ng ka Komello e Kholo?
    Lihlooho Tse Ling
  • Na ho na le ho Hong ho Phoso ka Boemo ba Leholimo?
    Tsoha!—2003
  • Theknoloji e Hloa Mekoalaba
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 7/12 leq. 20

Tsa Mona le Mane

“Liselefouno li ka thusa batho ba sa batleng ho bua le batho ba bang—batho ba etsang karolo ea 13 lekholong ba nang le liselefouno ba etsa eka ho na le motho eo ba buang le eena e le hore ba qobe ho bua le batho ba haufi le bona.”—PEW RESEARCH CENTER, U.S.A.

Lilemong tse hlano tse fetileng nakong ea lehlabula, leqhoa le leoatleng la Arctic le ile la fokotseha.—BBC NEWS, BRITHANI.

“Hoo e ka bang karolo ea 47 lekholong ea libaka tse ka lengoang Afrika li lutse li sa lengoa.”—THE WITNESS, AFRIKA BOROA.

“Lilemo tse ka holimo ho leshome tse fetileng, linaha tse leshome (e leng Afrika Boroa, Argentina, Belgium, Canada, Iceland, Netherlands, Norway, Portugal, Spain le Sweden) li ile tsa ngolisa ka molao manyalo a batho ba bong bo tšoanang.”—FAMILY RELATIONS, U.S.A.

“Likhathatso” li Siea Batho ba le Mehoabali

Phuputso e entsoeng Ireland Leboea e bontša hore lintoa tsa lipolotiki le tsa bolumeli li siile batho ba le mehoabali. Ntoa ea sebakeng seo e tsejoang e le “Likhathatso,” e bile teng ka lilemo tse ka bang 30, ’me batho ba babeli ho ba bararo ba sa ntse ba sithabelitsoe ke ntoa eo le kajeno. Koranta ea The Irish Times e re, Univesithi ea Ulster Bamford ea Setsi sa Mafu a Kelello le Bophelo bo Botle, e fumane hore neng-neng bophelong motho a le mong ho ba leshome Ireland Leboea, o tla be a ile a ba le lefu la ho ferekana kelellong—“e leng e ’ngoe ea lipalo-palo tse phahameng ka ho fetisisa lefatšeng.” Koranta ena e phaella ka ho re: “Ntoa e bitsoang ‘Likhathatso’ e bile har’a tse ling tsa lintoa tse mpe ka ho fetisisa lefatšeng tseo ka karolelano li bolaileng moahi a le mong ho ba bang le ba bang ba 500.”

Boemo bo Fetelletseng ba Leholimo e se e le “Ntho e Tloaelehileng”

Khafetsa ho ba le maemo a leholimo a sa tloaelehang United States. Maemo a leholimo ao ho neng ho nkoa hore a fetelletse—a kang likhohola tse matla, komello le lifefo tse matla tse tsamaisanang le lehloa—e se e le “ntho e tloaelehileng.” Sebokeng se neng se hlophisitsoe ke Mokhatlo oa Litsebi Tsa Saense Tse Amehileng, Katharine Hayhoe, e leng setsebi sa bolepi ba leholimo Univesithing ea Texas Tech, o ile a bolella basebetsi-’moho le eena a re: “Ho na le maemo ao re a tloaetseng, empa kajeno ho se ho etsahala lintho tse ngata tse sa tloaelehang.” Hayhoe le litsebi tse ling ba lumela hore lintho tseo batho ba li etsang ke tsona tse bakang ho fetoha ha boemo ba leholimo le maemo a sa tloaelehang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela