Ho Rata Liketso Tse Mabifi ka ho Feteletseng
KAJENO batho ba rata liketso tse mabifi ka ho feteletseng. Ke ’nete hore haesale liketso tse mabifi e le karolo ea boithabiso. Leha ho le joalo, Mokhatlo o Hlokomelisang Sechaba ka Mecha ea Phatlalatso o re, “lilemong tsa morao tjena, ho na le lintho tse fetohileng ka liketso tse mabifi tse hlahang mecheng ea phatlalatso. Lebaka ke hore li se li le ngata haholo.” Athe le leng ke hore, ha li sa “pata letho, li se li hlahisa liketso tsa ho kopanela liphate pepenene, hape li hlahisa bokhopo le ho feta.” Nahana ka lintlha tse latelang:
’Mino: Mokhatlo o boletsoeng ka holimo o re lipina tse nang le mantsoe a mabifi “e se e le ntho e tloaelehileng.” Tse ling li sebelisa puo e litšila, athe tse ling li tlotlisa polao le peto ea basali le bo-’mè.
Lipapali Tsa Video: Makasine ea Brithani ea batho ba ratang lipapali tsa video e re: “’Nete e utloisang bohloko ke hore lipapali tsena tsa video li hlahisa tšollo e ngata ea mali.” E ile ea phaella ka ho re: “Ho isa tekanyong e itseng, motho o lokela ho rata liketso tse mabifi e le hore a rate lipapali tsa video.” Ka mohlala, ho na le papali e ’ngoe e tsebahalang eo ho eona motho ea e bapalang a otlang mosali ka molamu oa baseball ho fihlela a e-shoa. Batho ba bang ba boholong, ba lumela hore lipapali tsa video tseo ho tsona motho a bapalang a le mong kapa le e mong mochineng, li ka ba le tšusumetso e mpe baneng ho feta TV.
Lifilimi: Liphuputso li bontšitse hore liketso tse mabifi, ho kopanela liphate le litlhapa li se li eketsehile haholo hoo re ke keng ra tšepa litšupiso tse bolelang seo filimi e itseng e tla se bontša. Ho feta moo, hase feela “batho ba babe” ba etsang liketso tse mabifi. Ho ea ka phuputso e ’ngoe, hoo e ka bang halofo ea liketso tse mabifi tse hlahang thelevisheneng, lifiliming le livideong tsa ’mino, li etsoa ke “batho ba nkoang e le bahale.”
Litaba: Lepetjo le sebelisoang ke bahlophisi ba bangata ba litaba tsa thelevisheneng le re, “ha litaba li hlahisa liketso tse mabifi haholo li shebelloa ke batho ba bangata.” Litaba li kenya chelete e ngata, ’me baqolotsi ba tsona baa tseba hore liketso tse mabifi li hohela bashebelli le hore ha bashebelli ba le bangata seo se hohela babapatsi ba tšehetsang Indasteri ea khaso ea thelevishene ka lichelete linaheng tse ngata.
Liwebsaete: Litšoantšo tsa sebele le tsa maiketsetso tse hlahisang batho ba hlokofatsoang, ba retloang le ba bolaoang li fumaneha habonolo Inthaneteng. Bana ba bangata ba kena liwebsaeteng tsena.
Na Liketso Tse Mabifi Tse Hlahang Mecheng ea Phatlalatso li ka U Susumetsa?
Na liketso tse mabifi tse hlahang lifiliming, libukeng, ’minong haesita le mefuteng e meng ea boithabiso li susumetsa batho? Ke ’nete hore batho ba fumanang phaello mecheng ea phatlalatso e hlahisang liketso tse mabifi, ba pheha khang ka hore ha li kotsi. Empa nahana ka sena: Likhoebo li lefa libilione tsa liranta bakeng sa lipapatso tseo ka ’ngoe ea tsona e ka nkang metsotsoana e 30 e le hore li susumetse menahano ea batho. Na ke ho utloahalang ho etsa qeto ea hore filimi e nkang metsotso e 90, e bontšang bahale ba itšoereng hampe le ba mabifi e ke ke ea e-ba le tšusumetso, haholo-holo likelellong tsa bana tse susumetsehang habonolo?
’Mōpi oa rōna, e leng Jehova Molimo o tseba tsela eo re bōpehileng ka eona ho re feta. Ke eng seo a re boleletseng sona ka ho etsa setsoalle le batho ba mabifi—ho akarelletsa le bao ho ka boleloang hore ba re thabisa ka mecha ea phatlalatso e ratoang? Hlokomela mangolo a latelang a Bibele:
● “Jehova o hlahloba ea lokileng hammoho le ea khopo, ka sebele moea oa Hae o hloile mang kapa mang ea ratang pefo.”—Pesaleme ea 11:5.
● “U se ke ua ba le setsoalle le mang kapa mang ea ineheletseng bohale; ’me u se ke ua kena setsoalleng le motho ea tlakolohang ka bohale, e le hore u se ke ua tloaela litsela tsa hae eaba ka sebele u nkela moea oa hao leraba.”—Liproverbia 22:24, 25.
Ke ’nete hore re ke ke ra itšireletsa ka ho feletseng tšusumetsong e mpe. Leha ho le joalo, re ka khetha tsela eo re ithabisang ka eona le batho bao re etsang setsoalle le bona. Joale ipotse, ‘Ke batla ho ba motho oa mofuta ofe?’ Kahoo tloaelana le batho ba mofuta oo, ba ratang lintho tseo u li ratang le ba nang le lipakane tse tšoanang le tsa hao.—Liproverbia 13:20.
Le hoja batho bao re khethang ho tloaelana le bona le boithabiso boo re bo khethang bo ka ’na ba susumetsa tsela eo re ikutloang ka eona ka liketso tse mabifi, lintho tse ling li ka boela tsa re susumetsa. Lintho tsee e ka ba life?
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Boithabiso boo re bo khethang bo ka ’na ba susumetsa tsela eo re ikutloang ka eona ka liketso tse mabifi