Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/12 maq. 21-23
  • Ke Bo-mang ba Mpehelang Mohlala?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Bo-mang ba Mpehelang Mohlala?
  • Tsoha!—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • KE HOBANE’NG HA U BA HLOKA
  • U KA BA FUMANA HOKAE
  • U KA ETSISA MOHLALA OA BONA JOANG
  • Nka Khetha Motho eo ke Batlang ho Tšoana le Eena (Role Model) Joang?
    Bacha Baa Botsa
  • Ke Mang eo e Lokelang ho ba ’Mehi-Mohlala oa ka?
    Tsoha!—1998
  • Bacha—Le Tla Etsa’ng Ka Bophelo ba Lōna?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Ananela Karolo e Ikhethang eo Jesu a e Phethang Morerong oa Molimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 8/12 maq. 21-23

Bacha Baa Botsa

Ke Bo-mang ba Mpehelang Mohlala?

Sehloohong sena u tla ithuta hore na

KE HOBANE’NG ha u hloka batho ba u behelang mohlala

U ka ba fumana HOKAE

U ka etsisa mohlala oa bona JOANG

KE HOBANE’NG HA U BA HLOKA

’NETE E KE KENG EA QOJOA: Hangata u ka tšoana le batho bao u ba ratang. Seo e ka ba ntho e ntle—kapa e mpe—ho itšetlehile ka hore na ke bo-mang bao u ba ratang.

Seo u se hlokang: U hloka batho ba molemo bao u ka etsisang mohlala oa bona o motle.—Bafilipi 3:17.

Bothata: Batho ba bangata ba rata batho ba tummeng—libini, libapali tse hloahloa kapa batho ba hlaheletseng lifiliming—esita leha batho bana ba tumme ka boitšoaro bo litšila.

Seo u ka nahanang ka sona: Bibele e tšoantša litšobotsi tsa rōna le seaparo. (Bakolose 3:9, 10) Haeba u ne u il’o reka liaparo, na u ne u tla lumella morekisi ea apareng habohlasoa hore a u bolelle hore na u apare eng? Joale ke hobane’ng ha u ka lumella motho ea tummeng ea itšoereng hampe, hore a u etsetse qeto ea hore na u lokela ho ba motho oa mofuta ofe? Ho e-na le hore u etse seo kapa u latele bongata, ho khetha batho bao u ka etsisang mohlala oa bona o motle, ho tla u thusa hore (1) u khethe litšobotsi tseo u batlang ho ba le tsona le hore (2) u etsise batho ba ipabolang tabeng ea ho bontša litšobotsi tse ntle.

U KA BA FUMANA HOKAE

Lipolelong tse latelang, tšoaea hore na ke ’nete kapa bohata.

1. Motho ea u behelang mohlala e lokela hore e be eo u kileng ua kopana le eena.

□’Nete □Bohata

2. Motho ea u behelang mohlala e lokela hore e be ea phethahetseng.

□’Nete □Bohata

3. U ka ba le batho ba bangata ba u behelang mohlala.

□’Nete □Bohata

Likarabo

1. Bohata. U ka khetha batho bao u ka etsisang mohlala oa bona le ho batho ba phetseng mehleng ea boholo-holo. U ka fumana mehlala e metle haholo ka Bibeleng. Ka mohlala, ha u bala khaolo ea 11 bukeng ea Bibele ea Baheberu, u tla hlokomela hore moapostola Pauluse o bolela mabitso a banna le basali ba 16, bao re ka etsisang tumelo ea bona. Habohlokoa le ho feta, khaolong e latelang eo, Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste hore ba ‘talime Jesu ka hloko’ ’me ba mo etsise. (Baheberu 12:2) Jesu o re behetse mohlala o motle haholo oo re ka o etsisang.—Johanne 13:15.a

2. Bohata. Ntle le Jesu, Adama ha aa ka a ba le litloholo tse phethahetseng. (Baroma 3:23) Esita le moprofeta ea sebete e leng Elia, “e ne e le motho joaloka rōna.” (Jakobo 5:17, Bibele—Phetolelo e Ncha) Ho ka boleloa ntho e tšoanang ka batho ba kang Miriame, Davida, Jonase, Maretha le Petrose. Bibele ha e pate liphoso tsa banna le basali bao. Leha ho le joalo, ba ne ba beha mohlala likarolong tse ngata tsa bophelo ba bona, ’me kahoo e ka ba mohlala o motle oo re ka o etsisang.

3. ’Nete. U ka latela mohlala oa batho ba bangata kamoo u ratang kateng. E ka ’na eaba motho e mong har’a batho bao ke sekhothali, ha e mong a ipabola tabeng ea ho bontša mamello. Mohlomong motho oa boraro eena, o lula a khobile matšoafo le ha a tobane le mathata. (1 Bakorinthe 12:28; Baefese 4:11, 12) Batla litšobotsi tse ntle ho batho ba bang, ’me u tla fumana tseo u ka li etsisang.—Bafilipi 2:3.

U KA ETSISA MOHLALA OA BONA JOANG

1. Talima ka hloko batho ba u behelang mohlala. Moapostola Pauluse o ile a re ho Bakreste ba lekholong la pele la lilemo: “Ithuteng ka ho sheba ba phelang ka tsela eo re le bontšitseng eona.”—Bafilipi 3:17, Holy Bible—Easy-to-Read Version.

2. Itloaetse bona. Ha ho khoneha, qeta nako e itseng le batho bao u ba khethileng e le mohlala oo u ka o etsisang. Bibele e re: “Ea tsamaeang le ba bohlale o tla hlalefa.”—Liproverbia 13:20.

3. Etsisa litšobotsi tse ntle tsa batho ba u behelang mohlala. Baheberu 13:7 e re: “Ha le ntse le nahanisisa kamoo boitšoaro ba bona bo fellang kateng le etsise tumelo ea bona.”

Na u se u itokiselitse ho qala? Tlatsa karolo e reng seo ke rerang ho se etsa, e ka tlaase mona.

Seo ke Rerang ho se Etsa

Khetha tšobotsi eo u ka ratang ho ba le eona. (Na u ka rata ho ba motho ea botsoalle haholoanyane? ea seatla se bulehileng? sekhothali? ea khonang ho mamella mathata? eo batho ba ka itšetlehang ka eena? ea tšepahalang?)

․․․․․

Khetha motho ea bontšang tšobotsi eo u ka ratang ho ba le eona.b

․․․․․

Ha u khetha motho ea u behelang mohlala, morero oa hao hase ho ba motho eo. U tla ’ne u be le litšobotsi tse ntle tse u khethollang. Leha ho le joalo, ho ba le batho ba u behelang mohlala, ho tla u thusa hore u be motho ea molemo ha u ntse u hōla. Ha ho felle moo feela, ha u etsisa mohlala oa batho bao, le uena u tla ba mohlala o motle ho batho ba bang.

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ke ’nete hore le kajeno ho na le batho ba bangata ba ka u behelang mohlala o motle oo u ka o etsisang. Batho bao ba ka ’na ba akarelletsa motsoali, ngoan’eno, Mokreste ea hōlileng tsebong ka phuthehong ea Bokreste, kapa motho e mong eo u mo tsebang kapa eo u kileng ua bala ka eena.

b Ha u etsa khetho karolong ena u ka boela ua qala ka mohato o qetellang. Qala ka ho khetha motho eo u batlang ho etsisa mohlala oa hae. Ka mor’a moo, ipotse, ‘Ke tšobotsi efe e etsang hore motho enoa a ratehe?’ Joale, u sebelisa mohlala oa motho eo, loanela ho etsisa litšobotsi tseo u hlokometseng hore o na le tsona.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 21]

Ke hobane’ng ha u ka lumella motho ea tummeng ea itšoereng hampe, hore a u etsetse qeto ea hore na u lokela ho ba motho oa mofuta ofe?

[Lebokose/Litšoantšo tse maqepheng a 22, 23]

SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG

Layla—Motsoalle oa ka Sandra ha a lahle tšepo le har’a maemo a boima. O boetse o tseba Bibele hantle haholo. Ka lebaka leo, kamehla o khona ho fumana tharollo ha ho hlaha mathata. Nka mo phetlela sefuba neng le neng ha ke e-na le mathata, ebang ke a maholo kapa a manyenyane.

Terrence—Ha ho mohla metsoalle ea ka e leng Kyle le David, ba khellang fatše maikutlo a batho ba bang. Kamehla ba behella matšoenyeho a bona ka thōko ebe ba thusa batho ba bang. Ke ba talima e le mohlala o motle haholo.

Emmaline—’Mè oa ka o mpehela mohlala. O tseba Bibele joalokaha a itseba, ’me o lula a batla monyetla oo a ka o sebelisang e le hore a bolelle batho ba bang ka tumelo ea hae. O lumela ka tieo hore mosebetsi oa boboleli ke tlotla eseng setlamo. Ke kahoo ke mo ratang hakana!

[Lebokose le leqepheng la 23]

BALA HO EKETSEHILENG KA SENA!

Na u hloka ho thusoa e le hore u fumane batho ba behang mohlala o motle? Bala Baheberu khaolo ea 11 ’me u khethe monna kapa mosali a le mong ho ba boletsoeng moo. Qala ka ho ithuta ka litšobotsi tsa motho eo ka morero oa hore u mo etsise.

U ka fumana mehlala e eketsehileng ea batho bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng Bukeng ea 1 le ea 2 ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. Sheba “Index ea Mehlala e Metle” leqepheng le ka hare la sekoahelo se ka morao bukeng ka ’ngoe.

[Lebokose le leqepheng la 23]

KE HOBANE’NG HA U SA BOTSE BATSOALI?

Buisana le batsoali ba hao ka batho ba neng ba ba behela mohlala ha ba sa le lilemong tsa hao, le ba ba behelang mohlala hona joale. Batsoali ba hao ba ruile molemo joang ka ho ba le batho ba ba behelang mohlala bophelong ba bona?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela