Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/12 maq. 16-17
  • Seinoli—Nonyana e Llang ka Tsela e Ikhethang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seinoli—Nonyana e Llang ka Tsela e Ikhethang
  • Tsoha!—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Se Etsa Melumo e sa Tšoaneng
  • Sea Khahleha, se Boqhetseke Ebile ha Sea Tloaeleha
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2012
  • Ho Fepa le ho Hlokomela Malinyane Liphoofolong
    Tsoha!—2005
  • Ha Linonyana li Thula Mehaho
    Tsoha!—2009
Tsoha!—2012
g 11/12 maq. 16-17

Seinoli—Nonyana e Llang ka Tsela e Ikhethang

TSELA e ikhethang eo seinoli se llang ka eona, ke eo batho ba bangata ba ke keng ba e lebala. Ho latela kamoo ho thōtseng kateng lehoatateng, sea utloahala le ha se lla se le hōle matšeng le linōkeng tsa Canada, Europe le karolong e ka leboea ea United States.

Nonyana ena e ntle e phelang metsing ke letšoao la ’muso Minnesota, U.S.A., ’me e hlaha le cheleteng ea tšepe ea Canada, e leng loonie. Leha ho le joalo, mariha nonyana ena e fallela boroa libakeng tse haufi le lebōpo. Ke’ng se etsang hore nonyana ee e lle ka tsela e ikhethang?

Se Etsa Melumo e sa Tšoaneng

Linonyana tsena li lla ka tsela e khahlang. Mantsiboea kapa bosiu li lla ka tsela e hlomolang pelo, ’me motho a ka utloa sello sa tsona a le bohōle ba lik’hilomithara tse ’maloa. Ha li batla ho kopana le balekane ba tsona, malinyane esita le tse ling tseo li phelang le tsona letšeng, li llela tlaasana. Li thothometsa lentsoe ha li fana ka temoso. Molumo feela oo li o etsang ha li fofa ke ona oa ho thothometsa lentsoe.

Makasine ea BirdWatch Canada e re liinoli tse tona ke tsona feela tse phahamisang lentsoe le ho le theola ha li lla ’me “ho bonahala eka li etsa seo ha li sireletsa libaka tsa tsona. Seinoli ka seng se setona se na le tsela e ikhethang eo se llang ka eona,” ’me “tse khōloanyane li le theola le ho feta.” Makasine eo e re ho feta moo, ha “se fetola sebaka sa sona, se fetola le tsela eo se llang ka eona,” ’me “se leka ka matla hore se se ke sa lla ka tsela e tšoanang le ea sebakeng seo se neng se le ho sona pele.”

Sea Khahleha, se Boqhetseke Ebile ha Sea Tloaeleha

Seinoli se na le hlooho e botšo bo phatsimang bo isang botaleng, ’me se na le mahlo a mafubelu le molomo o molelele o nchocho. Masiba a sona aa fetoha ho ea ka linako tsa selemo.

Kaha liinoli li na le maoto a ikhethang, ke lisesi tse hloahloa, li khona ho qoela ka tsela e ipabolang ebile li na le boqhetseke ba ho tšoara liphoofolo tse ling. Ha e le hantle, li ka ’na tsa qoela botebo ba limithara tse 60, ka linako tse ling tsa qeta metsotso e ’maloa li le ka tlas’a metsi!

Empa seinoli sea sokola ha se lokela ho fofa kapa ho boela fatše ha se ntse se fofa. Kaha se boima, se ka ’na sa matha limithara tse makholo pel’a letša se ntse se uputsa mapheo e le hore se khone ho phahama. Ke kahoo liinoli li ratang ho ba pel’a metsi a mangata. Ha seinoli se theohela fatše, se tla ka lebelo le holimo se khoapelitse maoto, joalokaha eka ke sefofane se sitoang ho lula fatše. Se fihla se oela ka metsing ka mpa ebe se ea le ’ona ho fihlela se ema.

Le hoja maoto a seinoli a se nolofalletsa ho sesa a bile a le karolong e morao ea sona, se thatafalloa ho tsamaea esita le ho ema. Kahoo, liinoli li haha lihlaha tsa tsona moo li ka kenang habonolo ka metsing.

Seinoli se setona le se setšehali lia chenchana ha li fuama mahe (ao ka tloaelo a bang mabeli), a ’mala o tlhaku ea tekoane ’me a na le matheba-theba a matšo. A qhotsoa ka mor’a matsatsi a ka bang 29. Ka mor’a matsatsi a mabeli feela a hlahile, malinyane ao a se a khona ho sesa a bile a leka ho qoela ho se hokae. Ha a batla ho phomola, aa pepa. Ka mor’a likhoeli tse peli kapa tse tharo, ha malinyane ao a se a khona ho fofa, aa phurusetsa.

Lira tse ling tsa liinoli ke lintsu, matata, li-raccoon ’me har’a tsona batho ke bona ba ka sehloohong. Likhoketsane tsa loto tse sebelisetsoang ho tšoasa litlhapi le oli e qhalaneng li kotsi linonyaneng tsena. Tšilafalo e bakoang ke pula e nang le lik’hemik’hale, e fokotsa lenane la litlhapi tseo liinoli li li jang. Maqhubu a etsoang ke likepe a hohola lihlaha tsa tsona. ’Me lintlafatso tse etsoang haufi le mabōpo li leleka liinoli tsena libakeng tseo li qhotsetsang ho tsona.

Empa leha ho le joalo, liinoli tsena li ntse li le teng ka bongata. Kahoo, nonyana ena e ntle e llang ka tsela e ikhethang e bileng e tšehisang, e tla tsoela pele ho khahla batho ba ratang linonyana ka lilemo tse ngata tse tlang.

LINTLHA TSE AKARETSANG KA LIINOLI

Bolelele: Li ka ba bolelele ba mithara ho tloha molomong ho ea maotong ha li eme

Mapheo: A ka ba bolelele ba lisenthimithara tse 140

Boima: Ka karolelano li ka ba boima ba lik’hilograma tse ’nè empa tse ling li ka ’na tsa e-ba boima ba hoo e ka bang lik’hilograma tse 6,3

Kaheho ea masapo: Li na le masapo a tiileng (a sa tšoaneng le a linonyana tse ling tse tloaelehileng), e leng se etsang hore li be boima ’me seo se li thusa ho qoela

Lebelo leo li fofang ka lona: Ha li falla li fofa lik’hilomithara tse ka bang 120 ka hora

Lijo: Li rata tlhapi empa li boetse li ja crayfish, lihohoana, likokoanyana tse noang mali, li-salamander, li-shrimp, likhofu le liphoofotsoana tse ling tsa metsing

Page 16, loon landing: Spectrumphotofile; page 17, loon chick: © All Canada Photos/​SuperStock; loon vocalizing: © Roberta Olenick/​age fotostock

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela