Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/13 maq. 8-11
  • Tlhekefetso ea Malapeng e Tla Fela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhekefetso ea Malapeng e Tla Fela
  • Tsoha!—2013
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO FELISA TLHEKEFETSO EA MALAPENG
  • Ho Fela ha Pefo ea Lelapa
    Tsoha!—1993
  • Na Bokhopo bo Tla ke bo Fele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Ke’ng se Bakang Pefo ea Lelapa?
    Tsoha!—1993
  • U ka Hlōla Mathata a Senyang Lelapa
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
Bala Tse Ling
Tsoha!—2013
g 4/13 maq. 8-11

SEHLOOHO SE KA NTLE

Tlhekefetso ea Malapeng e Tla Fela

Ketsahalo ea pele: Batsoali ba Isabela ba mo etetse. Ba thabela ho ba hammoho le morali oa bona le monna oa hae mantsiboea, ’me ba qoqa hamonate. Ho hlakile hore batsoali bao ba motlotlo ka mokhoenyana oa bona. O tšoere morali oa bona hantle.

Ketsahalo ea bobeli: Frank oa tuka ke bohale. O tla ntšetsa bohale boo ho mosali oa hae ka tsela eo a tloaetseng ho etsa ka eona—ka hore a mo jabele, a mo rahe, a mo hule ka moriri, kapa a mo otlanye leboteng ka makhetlo.

MOHLOMONG u tla makatsoa ke ho tseba hore liketsahalong tsena ka bobeli ho buuoa ka banyalani ba le bang.

Hangata batho ba hlekefetsang ba malapa a bona ke baikaketsi

Joaloka batho ba bangata ba hlekefetsang ba malapa a bona, Frank o tseba ho iketsa eka o lokile ha a le bathong kapa ha a e-na le batsoali ba mosali oa hae. Empa ha a le mong le mosali oa hae, Frank o sehlōhō.

Banna ba bangata ba tšoanang le Frank, ba hōliselitsoe malapeng a mabifi, ’me ha e se e le batho ba baholo ba nahana hore liketso tse joalo li loketse kapa hore lia amoheleha. Empa ha ho letho le tloaelehileng ka tlhekefetso ea malapeng. Ke kahoo batho ba bangata ba halefang ha ba utloa hore monna o hlekefelitse mosali oa hae.

Ho sa tsotellehe seo, tlhekefetso ea malapeng e ntse e ata ka tsela e nyarosang. Ka mohlala, phuputso e ’ngoe e entsoeng United States, e ile ea senola hore ka letsatsi ho ne ho kena lifouno tse 16 ka motsotso, tsa batho ba letsetsang libaka tseo ho thusoang batho ba hlekefetsoang. Tlhekefetso ea malapeng e teng hohle, ho sa tsotellehe hore na batho ke ba morabe ofe, ba boemong bofe ba lichelete le hore na ke ba sechaba sefe. Kaha liketso tse ngata tsa tlhekefetso ha li tlalehoe, ha ho pelaelo hore boemo bo bobe ho feta kamoo lipalo-palo li bontšang kateng.b

Litlaleho tsa tlhekefetso ea malapeng li etsa hore batho ba ipotse: Ke joang monna a ka tšoarang motho e mong​—haholo-holo mosali oa hae—​ka tsela e sehlōhō hakaale? Na banna ba hlekefetsang basali ba bona ba ka thusoa?

Lipaki Tsa Jehova, e leng bahatisi ba makasine ena, li lumela hore keletso e sebetsang ea Bibele e ka thusa balekane ba mabifi hore ba fetole boitšoaro ba bona. Na ho bonolo ho fetola boitšoaro ba motho? Che. Na ke ntho e ka khonehang? E! Thuto ea Bibele e thusitse batho ba bangata hore ba fetole botho ba bona bo mabifi ka hore ba be mosa le ho ba le tlhompho. (Bakolose 3:8-10) Hlahloba se ileng sa etsahalla Troy le Valerie.

Lenyalo la lōna le ne le le joang pele?

Valerie: Bosiung boo ka bona Troy a ileng a nkōpa hore re nyalane, o ile a nkotla ka tlelapa hoo ke ileng ka qeta beke ke ruruhile. O ile a kōpa hore ke mo tšoarele ’me a tšepisa hore a ke ke a hlola a nkotla. Lilemo tse ngata tseo re nyalaneng ka tsona, ke ile ka utloa mantsoe ao hangata.

Troy: Ke ne ke halefisoa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe—e kang ha mosali oa ka a sa lokisa lijo tsa mantsiboea ka nako. Nkile ka otla Valerie ka sethunya. Ka lekhetlo le leng ke ile ka mo otla hampe hoo ke neng ke nahana hore ke mo bolaile. Eaba ke leka ho mo tšosa ka hore ke tla bolaea mora oa rōna ke behile thipa molaleng oa hae.

Valerie: Ke ne ke lula ke tšohile. Ka linako tse ling ke ne ke lokela ho baleha lapeng ’me ke khutle ha Troy a se a khobile matšoafo. Le hoja ke ne ke mamella ha a nkotla habohloko, ke ne ke utloa ho le boima haholo ho mamella ha a ntlhapaola.

Troy, na haesale u le motho ea mabifi?

Troy: E, ho tloha bongoaneng. Ke hōletse tikolohong e mabifi. Ntate o ne a atisa ho otla ’Mè ka pel’a ka le banab’eso. Ka mor’a hore Ntate a tlohe lapeng, ’Mè o ile a lula le monna e mong, ’me le eena o ne a mo otla. O ile a re beta ’na le ausi oa ka. O ile a koalloa ka lebaka la seo. Leha ho le joalo, kea elelloa hore lintho tse nketsahaletseng ha li lokafatse liketso tsa ka.

Valerie, ke hobane’ng ha u ile ua mamella lenyalong la hao?

Valerie: Ke ne ke tšohile. Ke ile ka ipotsa, ‘Ke tla etsa joang ha a ka ntsoma ’me a mpolaea kapa a bolaea batsoali ba ka? Hona ke tla etsa joang haeba nka mo tlaleha ’me boemo ba mpefala?’

Maemo a lōna a ile a ntlafala neng?

Troy: Mosali oa ka o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Qalong ke ne ke le mōna ha ke bona mosali oa ka a e-na le metsoalle ena e mecha, ’me ke nahana hore ke lokela ho mo pholosa “sehlotšoaneng” sena se sa tloaelehang. Kahoo ke ile ka ba mabifi le ho feta, eseng ho Valerie feela empa le ho Lipaki. Empa ka letsatsi le leng, mora oa rōna Daniel ea lilemo li ’nè ea tšoeroeng ke lefu la sethoathoa, o ile a kena sepetlele ’me a qeta hoo e ka bang libeke tse tharo a le moo. Nakong eo, Lipaki li ile tsa re etsetsa lintho tse ngata—esita le ho re hlokomella morali oa rōna Desiree ea lilemo li tšeletseng. Ka mor’a ho sebetsa bosiu bohle, Paki e ’ngoe e ile ea qeta letsatsi le Daniel e le hore Valerie a khone ho robala. Mosa oo batho bana ba ileng ba re bontša oona—bona bao ke neng ke ba tšoere hampe—o ile oa nkama maikutlo haholo. Ke ile ka hlokomela hore Lipaki ke Bakreste ba ’nete, kahoo ka kōpa hore li ithute Bibele le ’na. Ha ke ntse ke ithuta Bibele, ke ile ka ithuta kamoo monna a lokelang ho tšoara mosali oa hae kateng. Ke ile ka khaotsa ho ba mabifi. Qetellong, ka ba Paki ea Jehova.

Ke melao-motheo efe ea Bibele e ileng ea u thusa ho fetoha?

Troy: E mengata haholo. Ho 1 Petrose 3:7, Bibele e re ke lokela ho bontša mosali oa ka “tlhompho.” Bagalata 5:23 e re khothalletsa hore re be “bonolo” ’me re be le “boitšoaro.” Baefese 4:31 e nyatsa “puo e nyefolang.” Baheberu 4:13 e re “lintho tsohle . . . li pepesitsoe phatlalatsa” ho Molimo. Kahoo Molimo o bona seo ke se etsang esita le haeba baahelani ba ka ba sa se bone. Ke ile ka boela ka ithuta hore ke lokela ho tlohela metsoalle ea ka ea pele hobane “litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.” (1 Bakorinthe 15:33) Ha e le hantle, metsoalle ea ka ea pele e ne e nkhothalletsa hore ke be mabifi. E ne e nahana hore mosali o lokela ho otloa e le hore “a mamele.”

Le ikutloa joang ka lenyalo la lōna hona joale?

Valerie: E se e le lilemo tse 25 joale Troy e le Paki ea Jehova. Ho tloha ka nako eo, o ’nile a mpontša lerato, mosa le ho ’nahanela e le kannete.

Troy: Nke ke ka khona ho tlosa bohloko boo ke ileng ka bo bakela lelapa la ka ’me ke ne ke sa lokela ho tšoara mosali oa ka ka tsela eo ke neng ke mo tšoere ka eona. Empa ke lebeletse ho phethahala ha Esaia 65:17, ha karolo eo e bohloko ea bophelo ba rōna e tla hlakoha likelellong tsa rōna.

Ke keletso efe eo le ka e fang malapa a anngoeng habohloko ke tlhekefetso ea malapeng?

Troy: Haeba u hlekefetsa ba lelapa la hao, ebang u ba hlekefetsa ’meleng kapa u ba hlaba ka mantsoe, amohela hore u hloka thuso le hore u lokela ho e batla. Thuso ea fumaneha. Ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova le ho tloaelana le bona ho nthusitse ho hlōla mekhoa ea ka e mabifi e neng e metse ka metso.

Valerie: U se ke ua potlakela ho bapisa boemo ba hao le ba motho e mong kapa ho latela keletso ea batho ba nahanang hore ba tseba se molemong oa hao. Le hoja e se batho bohle ba ka bang le phello e tšoanang le ea ka, kea thaba hore ebe ha ke ea ka ka hlala monna oa ka, hobane hona joale re thabile.

HO FELISA TLHEKEFETSO EA MALAPENG

Ho ithuta Bibele ho thusitse banna ba bangata hore ba etse liphetoho tse hlokahalang

Bibele e re: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho.” (2 Timothea 3:16) Joaloka Troy, eo pale ea hae e boletsoeng ka holimo, balekane ba bangata ba hlekefetsang ba sebelisitse keletso ea Bibele ’me ba khonne ho fetola monahano oa bona le boitšoaro.

Na u ka rata ho ithuta haholoanyane hore na Bibele e ka u thusa joang lenyalong la hao? Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kopana le Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno, kapa u kene Inthaneteng ho www.jw.org/st.

a Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.

b Ke ’nete hore ho na le banna ba bangata ba hlekefetsoang ke basali. Leha ho le joalo, liketsahalong tse ngata tse tlalehiloeng banna ke bona ba hlekefetsang.

KE HOBANE’NG HA BA SA BA TLOHELE?

Ke hobane’ng ha basali ba bang ba khetha ho lula le balekane ba bona ba ba hlekefetsang? Hangata ke hobane ba tšaba hore ba tla hlekefetsoa le ho feta ha ba ka khaohana le bona. Banna ba bang ba kile ba tšosa basali ba bona ka hore ba tla ba ntša kotsi kapa esita le ho ba bolaea ha ba ka leka ho baleha. Ba bangata ba bona ba ile ba etsa sona seo.

Basali ba bang ba ’nile ba tsilatsila ho siea banna ba bona ka lebaka la ho tšaba hore batsoali ba bona le beng ka bona ba tla hanana le qeto eo, ’me ba hane ho lumela hore boemo bo malapeng a bona bo bobe hakaalo. Ka mohlala, Isabel, eo ho builoeng ka eena qalong ea sehlooho sena, o ile a siea monna oa hae. O re: “Ausi oa ka o ile a nkhalefela ’me a mphehella hore ke khutlele ho eena—o ne a sa kholoe hore monna ‘ea lokileng’ joalo, a ka ba sehlōhō hakaalo. Baahisani ba ka kaofela ba ne ba nkoekoetla, ’me ke ile ka qobelleha hore ke tlohe sebakeng seo le bana ba ka.”

Mabaka a mang a etsang hore basali ba bang ba khethe ho lula le banna ba ba hlekefetsang ke ana:

  • Ba batla hore bana ba bona ba hōlisoe ke batsoali ka bobeli.

  • Ba tšoenyeha ka hore na ba tla khona ho itlhokomela le ho hlokomela bana ba bona ka lichelete.

  • Ka phoso ba nahana hore ke bona ba molato.

  • Ba lihlong ho lumela hore baa hlekefetsoa.

  • Ba na le tšepo ea hore boemo bo tla fetoha.

Lipaki Tsa Jehova li khomarela molao oa Bibele o bontšang hore banyalani ba ka hlalana feela haeba e mong oa bona a febile. (Matheu 5:32) Leha ho le joalo, ho na le maemo a ka etsang hore banyalani ba bang ba arohane, a akarelletsang ho hlekefetsoa ka ho feteletseng.

MELAO-MOTHEO EA BIBELE E KA THUSANG BANNA

  • Tšoara mosali oa hao ka tlhompho.​—1 Petrose 3:7.

  • Rata mosali oa hao joalokaha u rata ’mele oa hao.​—Baefese 5:28, 29.

  • Lula u matlafatsa lerato leo u ratang mosali oa hao ka lona.​—Baefese 5:25.

  • Qoba puo e nyefolang.​—Baefese 4:29, 31.

  • E-ba le boithibo.​—Liproverbia 29:11.

  • Hlokomela hore e le hore u be motho ea hlomphehang, u lokela ho laola uena eseng batho ba bang.​—Liproverbia 16:32.

  • Nahana ka liphello tsa liketso tsa hao.​—Bagalata 6:7.

  • Haeba u utloa eka ua halefa, ho ka ba molemo hore u tsamaee.​—Liproverbia 17:14.

  • Ithute ho hloea boitšoaro bo mabifi.​—Pesaleme ea 11:5.

  • Talima mosali oa hao e le molekane ea nang le bokhoni, e seng a fokola.​—Genese 1:31; 2:18.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela