Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/13 maq. 14-15
  • Zheng He

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Zheng He
  • Tsoha!—2013
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BOLAOLI, KHOEBO LE TLOTLA
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2013
  • Bacha ba Sebelisang Inthanete!
    Tsoha!—2007
  • Kamoo Boemo ba Leholimo bo ka Fetolang Histori Kateng
    Tsoha!—2011
  • “Likepe Tsa Kitime” li Haola le Maoatle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—2013
g 9/13 maq. 14-15

LITŠOANTŠO TSA KHALE

Zheng He

“Re ile ra haola li-lia tse fetang likete tse lekholo holim’a metsi a mangata re bona maqhubu a phahamelang holimo joalokaha eka ke lithaba ’me re ne re bonela linaha tsa basele hōle . . . ha liseile tsa likepe li ntse li phepheuloa ke moea joaloka maru bosiu le motšehare, likepe li ne li ntse li feta holim’a maqhubu ao a halefileng joalokaha eka li tsamaea tseleng e matsutla-tsutla.”—Mantsoe a ngotsoeng ke Zheng He, Lilemong tsa bo-1400, a leng Changle, Fujian, China.

CHINA ke naha ea lintho tse khōlō. E na le baahi ba bangata ka ho fetisisa ebile ke e ’ngoe ea linaha tse khōlō ka ho fetisisa lefatšeng. Batho ba China ba ile ba aha Lebota le Leholo, e leng o mong oa mehaho e meholo ka ho fetisisa e kileng ea ahoa historing. Likepe tse khōlō tse ileng tsa ahoa ke Baemphera ba Ming ba China, e leng Yongle le Xuande li ne li le khōlō ho feta tse neng li tla ahoa lilemong tse makholo a mahlano tse latelang. Ofisiri ea likepe tseo e ne e le Momosleme ea tsoang ka boroa-bophirimela ho China, ea neng a bitsoa Zheng He.

BOLAOLI, KHOEBO LE TLOTLA

Ho latela mantsoe a qotsitsoeng ka bokhutšoanyane qalong ea sehlooho sena, morero oa Zheng He e ne e le “ho bontša hore borena bo na le matla a ho fetola lintho le ho tšoara batho ba linaha tse hōle ka mosa.” Ka lebaka la maeto ao a likepe, mantsoe ao a re, “linaha tse hōle le tse lipheletsong tsa lefatše li ne li se li laoloa [ke China] . . . Batho ba tsoang linaheng tse ling tse ka mose ho maoatle . . . ba ne ba tlisa lintho tsa bohlokoa le limpho [lekhotleng la ’muso].”

Likou tse ling tseo likepe tsa Zheng He li ileng tsa fihla ho tsona

Batho ba ’nile ba phehisana khang ka morero oa baemphera ba Ming oa ho nka maeto ana. Ba bang ba talima Zheng He e ne e le lenģosa le molemo la naha e matla le e nang le khotso. Ba bang ba talima mosebetsi oa hae e ne e le ho hatella linaha tse neng li laoloa ke China. Ke ’nete hore Zheng He o ne a fa babusi ba neng ba mo amohela limpho a bile a ba tšehetsa litabeng tsa lipolotiki empa ba neng ba hana ho ikokobelletsa eena le ho tlotla baemphera ba Ming, o ne a ba hlasela le ho ba etsa batšoaruoa. Ka lebaka la maeto a likepe a neng a khahla batho a Zheng He, babusi ba bangata ba neng ba potolohile Leoatle la Indian ba ile ba romela manģosa China e le hore ba il’o tlotla moemphera.

Ho sa tsotellehe hore na mabaka ke afe, likepe tsa Zheng He li ne li boetse li tsamaisa thepa ea lehong e khabisitsoeng, thepa e entsoeng ka letsopa le masela a silika, tse entsoeng ke litsebi tsa Ming tsa mosebetsi oa matsoho e le hore ho etsoe khoebo likoung tse hōle. Likepe tseo li ile tsa tla le majoe a bohlokoa, manaka a litlou, linōko, patsi ea libakeng tse futhumetseng le lintho tse ling tsa boleng bo holimo tseo Machaena a neng a li nka e le tsa bohlokoa. Li ile tsa tla le thuhlo, eo ho boleloang hore e ile ea baka lipuo China. Ha linaha tse ling li ntse li fapanyetsana thepa le maano a ho etsa khoebo le China, li ile tsa bona tlhase ea tsoelo-pele e tsotehang ea lilemong tsa bo-1400 ea naha ea China.

Maeto ao a hlollang a likepe ha aa ka a hlola a tsoela pele. Lilemo tse mashome feela ka mor’a maeto a Zheng He, China e ile ea khaotsa ho etsa khoebo le linaha tse ling le ho sebelisana le tsona. Moemphera e mocha le baeletsi ba hae ba puso ea Boconfucius ba ile ba itšehla thajana e le hore ba se ke ba susumetsoa ke linaha tse ling kaha ba ne ba bona ho sa hlokahale hore ba sebelisane le linaha tse ling. Ba ile ba lebala ka likepe tseo ’me ho bonahala ba ile ba felisa litlaleho tsa maeto a bohlokoa ao likepe tseo li ileng tsa a nka esita le ho felisa likepe tseo. Ke lilemong tsa morao tjena moo baahi ba China le bao e seng baahi ba teng ba ileng ba utloa ka nako eo ea bohlokoa ea ha likepe tsa litonanahali tsa Zheng He li ne li haola le maoatle.

a Machaena a sebelisa li-li ha a lekanya bolelele ’me li-li tsena li ’nile tsa feto-fetoha ho theosa le lilemo tse makholo. Ho nahanoa hore mehleng ea Zheng He, li e le ’ngoe e ne e ka lekana le halofo ea k’hilomithara.

LINTLHA TSE THAHASELLISANG

  • Likepe tsa Ming tse neng li laoloa ke Zheng He li ile tsa nka maeto a bohlokoa a supileng pakeng tsa selemo sa 1405 le 1433.

  • E ka ’na eaba likepe tsena li ne li le 200 kapa ho feta—e leng likepe tsa ntoa, tsa thepa, tsa litanka tsa metsi le tse tsamaisang lipere, joalo-joalo. Li ne li palamisa batho ba fetang 27 000, ba akarelletsang basesisi, basebetsi ba ’muso, masole, bahoebi le basebetsi ba bolokang likepe li ntse li le boemong bo botle hammoho le ba bang.

  • Ha hoa ka ha e-ba le sechaba se ileng sa e-ba le likepe tse tšoanang le tsa Zheng He ho fihlela Ntoeng ea Pele ea Lefatše. Likepe tseo li ile tsa fihla likoung tse Bochabela bo Hōle le Leoatleng la Indian, tsa ba tsa fihla Afrika Bochabela.

  • E mong le e mong oa bahlanka ba bararo ba Zheng He o ile a ngola tlaleho eo a e boneng ka mahlo e re bolellang haholo ka maeto a Zheng He.

Likepe Tsa Zheng He—Li ne li le Khōlō Hakae ’me li le Kae ka Palo?

Litlaleho tsa histori tse tsoang lesikeng la borena la Ming li bolela hore likepe tsa Zheng He li ne li le khōlō ka tsela e makatsang—li le bolelele ba limithara tse 136 le bophara ba limithara tse 56. Litsebi li bolela hore lipalo tsena li na le bothata ebile ho thata ho li netefatsa, hobane ha ho utloahale hore likepe tse entsoeng ka lehong li ka ba bolelele ba limithara tse fetang 90.

Sehlooho se seng se buang ka taba ena se re: “Ho bonahala litlaleho tse mabapi le boholo ba likepe tseo li fetelelitsoe. Hoa utloahala hore sekepe se ka ba limithara tse 60 ho ea ho tse 75 empa eseng limithara tse 135.” Ho sa tsotellehe hore na li ne li le kae ka boholo, lilemong tsa bo-1400, likepe tse bolelele bo fetang limithara tse 60 li ne li fumaneha ka seoelo ’me Zheng He o ne a e-na le likepe tse 62 tsa tsona!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela