TSA MONA LE MANE
Jeremane
Ka 2012, le leng la makhotla a phahameng a Jeremane le ile la liha kahlolo e reng motho a ke ke a hlola a lumelloa ho tlohela kereke ka le reng o ea khoebong e be ka nako e tšoanang o ntse a lumelloa ho ba setho sa kereke. Mak’hatholike a ikarolang kerekeng, ’me kahoo a sa lefe lekhetho, empa a tsoela pele ho latela tumelo ea k’hatholike, a ka ’na a haneloa ho ja Selallo, ho ea maipolelong, ho fuoa boikarabelo bo itseng, esita le ho patoa ke kereke.
Lefatše
Phuputsong e entsoeng ka malumeli ’ohle lefatšeng e bontšitse hore batho ba reng “ha ba na bolumeli,” le hoja ba lumela hore Molimo o teng, ba se ba le libilione tse 1,1. Ba boemong ba boraro ka mor’a ba libilione tse 2,2 ba reng ke Bakreste le ba libilione tse 1,6 ba reng ke Maislamo. Mahindu a boemong ba bone, ’me ba bilione e le ’ngoe.
Japane
Bo-rasaense ba Japane ba bontša hore ho babatsoa ho ama likarolo tse itseng tsa boko, e leng se etsang hore motho a ikutloe a thabile. Phuputso eo e tiisa hore ho rorisa batho ho ba thusa hore ba ntlafatse.
Bolivia
Mafelong a 2012, ho ile ha baloa sechaba Bolivia. Kahoo, e le hore lipalo tseo li tsebe ho nepahala, ho ile ha thoe batho ba Bolivia ba lule hae letsatsing leo ho neng ho baloa ka lona. Ho phaella moo, batho ba ile ba haneloa ho tsamaea ka likoloi tsa bona, ha koaloa meeli, ’me ho ne ho thibetsoe hore ba noe joala.
Italy
Phuputsong e ’ngoe, Mataliana a ile a re a bapala le bana ba ’ona metsotso e ka bang 15 ka letsatsi. Koranta ea La Repubblica e re, “Ke motsoali a le mong feela ho ba bahlano ea nahanang hore ho bapala le bana ho ba thusa ho ithuta.” Andrea Angiolino, e leng moetsi oa lipapali tse kang morabaraba, o re ha batsoali ba bapala le bana, seo se ba ruta hore ba inahanele lintho le ho ba thusa ho tseba hore ho na le melao bophelong.