Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/14 leq. 3
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2014
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • United States
  • Italy
  • Malaysia
  • Afrika
  • Australia
  • “Walrus” le Khoebo ea Lithethefatsi
    Tsoha!—1990
  • Tsoelo-pele Toantšong ea AIDS
    Tsoha!—2004
  • Pheko ea AIDS—E Hlokoa ka Potlako!
    Tsoha!—2004
  • Maloetse a Tšoaetsanoang—A Kotsi Empa a ka Thibeloa
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2014
g 2/14 leq. 3

TSA MONA LE MANE

United States

Koranta ea New York Times e re: “Mosebetsi ea tsubang ea hiriloeng k’hamphaning e ikemetseng, o etsa hore mohiri oa hae a lahleheloe ke . .  chelete e fetang lidolara tse 5 816 [R57 520] ka selemo ha a bapisoa le mosebetsi ea sa tsubeng.” Ho ea ka boitsebiso bo bokelletsoeng ke bafuputsi ba Univesithi ea Ohio State, ho hakanngoa hore tahlehelo eo e bakoa ke ha basebetsi ba nka khefu e le hore ba tsube, ba sa be teng mosebetsing le ha ba lefelloa chelete e ngata bakeng sa phekolo. Ntho e ’ngoe e bakang tahlehelo eo, ke ha basebetsi ba sitoa ho sebetsa hantle ka lebaka la matšoao a bang teng ha ba khaotsa ho tsuba.

Italy

Mopapa Francis

“Baruti le litho tse tšepahalang tsa kereke ha ba etse lintho tseo ba li buang kahoo, seo se etsa hore batho ba se hlole ba tšepa Kereke.”—Mopapa Francis.

Malaysia

Malaysian authorities seizing smuggled ivory

Ba boholong Malaysia, ba ile ba fumana lithane tse 24 tsa manaka a mokotsoeng—e leng manaka a tlou a fetang 1 000—a patiloe ka har’a lik’hontheinara tse peli tsa mapolanka. Bahlokomeli ba lintho tsa tlhaho ba ile ba re ba ne ba qala ho fumana manaka a mangata hakaalo a mokotsoeng. Manaka ao a ne a tsoa Togo a isoa Chaena.

Afrika

An African man

Ho latela tlaleho ea Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo ea 2012, batho ba 63 ho ba lekholo ba ile ba bolaoa ke mafu a tšoaetsanoang, haholo-holo HIV/AIDS, letšollo, malaria, lefuba le mafu a tšoarang bana.

Australia

Simulated-gambling app on a smartphone

Bana ba rata lipapali tsa ho becha tsa mananeo a li-smartphone le a lisebelisoa tse ling. Mananeo a mang a hlahisa lipapali tsa casino, empa ho bonolo ho hlōla ho tsona. Tlaleho ea ’muso e lemosa hore lipapali tse joalo, li ka ’na tsa etsa hore bana ba talime ho becha e le ntho e amohelehang, “’me ha etsa hore nakong e tlang ba be le bothata ba ho becha.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela