NA E ENTSOE?
Khekhe ea Linotši
LINOTŠI tse etsang khekhe (Apis mellifera) li etsa khekhe ea tsona ka ho ntša boka karolong e ka tlaase ea mpa ea tsona. Litsebi li re khekhe ea linotši ke mosebetsi o hlollang oa boenjiniere. Hobane’ng?
Ak’u nahane: Litsebi tsa thuto ea lipalo li qetile lilemo tse makholo li nka hore libōpeho tse nang le mahlakore a tšeletseng li hantle ho feta tse nang le mahlakore a mararo a lekanang kapa a mane a lekanang—kapa tsa mefuta leha e le efe e meng—bakeng sa ho haha mehaho e meholo ba sebelisa thepa e seng kae feela. Empa li ne li sa khone ho hlalosa hantle hore na ke hobane’ng ha li lumela joalo. Ka 1999, Moprofesa Thomas C. Hales o ile a fana ka bopaki ba lipalo bo tšehetsang khopolo ea litsebi tseo. O ile a bontša hore ho haha mohaho o mahlakore a tšeletseng ke tsela e molemo ea ho arola sebaka ka tsela e lekanang, ho sa hlokahale thepa e ngata bakeng sa ho o tšehetsa.
Kaha linotši li etsa hore khekhe ea tsona ebe mahlakore a tšeletseng, li sebelisa boka bo bonyenyane, li ba le sebaka se seholo sa ho boloka mahe a tsona. Ha ho makatse hore ebe khekhe ea linotši e ’nile ea hlalosoa e le, “mosebetsi o hlollang oa boqapi.”
Kajeno, bo-rasaense ba etsisa tsela eo khekhe ea linotši e entsoeng ka eona ha ba etsa lisebelisoa tse tšoarellang le tse bolokang sebaka. Ka mohlala, lienjiniere tsa lifofane li sebelisa makapa a tšoanang le khekhe ea linotši ha li etsa lifofane tse tšoarellang le tse bobebe e le hore li sebelise mafura a fokolang.
U nahana’ng ka see? Na tsela e hlollang eo khekhe ea linotši e entsoeng ka eona e bile teng ka ho iphetola ha lintho? Kapa na e entsoe?