Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/15 maq. 14-15
  • Mesia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mesia
  • Tsoha!—2015
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Batho ba ne ba tla khetholla Mesia joang?
  • Mesia o tla qetela mosebetsi oa hae joang?
  • Na Boprofeta bo Buang ka Mesia bo Paka Hore Jesu e ne e le Mesia?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Boprofeta bo Buang ka Mesia
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Molimo o Pholosa Batho ka Mesia
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ba ne ba Lebeletse Mesia
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2015
g 2/15 maq. 14-15
Jesu o phekola monna ea kulang

PONO EA BIBELE

Mesia

Bibele e ile ea bolela esale pele hore Mesia o ne a tla tla lefatšeng e le hore a tl’o felisa lintho tse kang bokuli, mahlomola le lefu. Na Jesu Kreste ke eena Mesia?

Batho ba ne ba tla khetholla Mesia joang?

Ho ea ka boprofeta ba Bibele, Mesia, kapa Kreste, o ne a tla tla ka mekhahlelo e ’meli, e sieanang ka nako e telele.a Mokhahlelong oa pele, o ne a tla tla e le motho. E le hore a tle a khethollehe ka ho hlaka, bangoli ba Bibele ba ile ba bolela likarolo tse fapaneng tsa bophelo ba hae le tšebeletso ea hae esale pele. Ha e le hantle, morero o ka sehloohong oa boprofeta ba Bibele ke “ho paka Jesu.”—Tšenolo 19:10.

Ha Jesu e sale motho, o ile a etsa hanyane lintho tseo a tla li etsa lefatšeng lohle ha e se e le sebōpuoa se matla sa moea

SEO BIBELE E SE BUANG

Mesia o ne a tla . . .

  • Hlaha lelokong la Morena Davida.—Esaia 9:7; Luka 3:23-31.b

  • Hlahela motseng oa Bethlehema.—Mikea 5:2; Luka 2:4-7.

  • Phatlalatsa “litaba tse molemo” ka boikokobetso.—Esaia 61:1; Luka 4:43.

  • Hlouoa le ho nyelisoa.—Esaia 53:3; Matheu 26:67, 68.

  • Rekisoa ka likotoana tse 30 tsa silevera.—Zakaria 11:12, 13; Matheu 26:14, 15.

  • Thōla ha baqosi ba hae ba mo ahlolela lefu ka leeme.—Esaia 53:6, 7; Matheu 27:12-14.

  • Ba “konyana” ea sehlabelo e neng e tla hlakola sebe le ho etsa hore batho ba be le letsoalo le hloekileng ka pel’a Molimo.—Esaia 53:7; Johanne 1:29, 34, 36.

  • Bolaoa empa masapo a hae a ne a ke ke a rojoa.—Pesaleme ea 34:20; Johanne 19:33, 36.

  • Patoa le barui.—Esaia 53:9; Matheu 27:57-60.

  • Tsosoa ka letsatsi la boraro.—Matheu 16:21; 28:5-7.

Jesu o ile a phethahatsa boprofeta boo kaofela le bo bong bo bongata. O ile a boela a folisa ba kulang le ho tsosa bafu. Ka ho etsa joalo o ile a fana ka bopaki ba hore ke eena Mesia ’me a re fa le tšepo ea hore o tla khona ho etsa lintho tsohle tseo Bibele e tšepisitseng hore o tla li etsa lefatšeng lohle ka moso. (Luka 7:21-23; Tšenolo 21:3, 4) Ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, o ile a lula “ka letsohong le letona” la Molimo moo a emetseng nako e loketseng ea hore a qetele mosebetsi oa hae oa Bomesia.—Pesaleme ea 110:1-6.

“Ha Kreste a fihla, a ke ke a etsa lipontšo tse ngata ho feta tseo monna enoa a li entseng, na ha ho joalo?”—Johanne 7:31.

Mesia o tla qetela mosebetsi oa hae joang?

Bajuda ba mehleng ea Jesu ba ne ba lebeletse hore Mesia o tla ba lopolla pusong ea Roma ’me a buse ’musong oa Iseraele o tsosolositsoeng. (Liketso 1:6) Balateli ba Jesu ba Bajuda ba ile ba utloisisa hamorao hore o tla qetela mosebetsi oa hae a le leholimong e le sebōpuoa se matla sa moea se filoeng matla a ho laola.—Matheu 28:18.

SEO BIBELE E SE BUANG

Mokhahlelong oa bobeli, Mesia o ne a tla . . .

  • Busa e le Morena ’Musong oa Molimo, e leng ’muso oa lefatše.—Daniele 7:13, 14; Tšenolo 11:15.

  • Hlohonolofatsa batho bohle ba bontšang tumelo ho eena.—Genese 22:17, 18; Pesaleme ea 72:7, 8.

  • “Tšosa lichaba tse ngata” le babusi ba tsona ha a li felisa hobane li ile tsa mo hanyetsa.—Esaia 52:15; Tšenolo 19:19, 20.

  • Sireletsa “bongata bo boholo” bo tsoang lichabeng tsohle ba batho ba lokileng ’me a bo kenye lefatšeng le lecha la khotso.—Tšenolo 7:9, 10, 13-17.

  • Sebetsa le Jehova Molimo, ho tsosa bafu hore ba tl’o phela lefatšeng la Paradeise.—Luka 23:43; Johanne 5:21, 28, 29.

  • Ruta balateli ba hae litsela tsa khotso ea ’nete.—Esaia 11:1, 2, 9, 10.

  • Felisa sebe, e leng sona se bakang ho kula le lefu.—Johanne 1:29; Baroma 5:12.

  • Qhaqha mesebetsi eohle ea Satane ’me qetellong a tlise moloko ’ohle oa batho tlas’a puso ea Jehova Molimo.—1 Bakorinthe 15:25-28; 1 Johanne 3:8.

Jesu o ile a phethahatsa mokhahlelo oa pele oa hae e le Mesia. O tla boela a phethe le oa bobeli. Ke kahoo, ba bohlale ba ithutang ka eena ka hloko, kaha Jesu o ile a re: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo.”—Johanne 14:6.

“Matsatsing a hae ea lokileng o tla atleha, khotso e tla ba ngata ho fihlela khoeli e se e le sieo. O tla ba le bafo . . . ho ea lipheletsong tsa lefatše.”—Pesaleme ea 72:7, 8.

a Lentsoe “Mesia” le tsoa Seheberung. “Kreste” ke lentsoe le tšoanang le lona le tsoang Segerikeng.—Johanne 1:41.

b Lengolo la pele le bua ka boprofeta; la bobeli ka ho phethahala ha bona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela