Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g16 no. 4 leq. 5
  • 2 Lokisa Maemo a Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 2 Lokisa Maemo a Hao
  • Tsoha!—2016
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • 1 U se ke ua Lebella Mehlolo
    Tsoha!—2016
  • Lumella Tloaelo Hore e U Tsoele Molemo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Selelekela
    Tsoha!—2016
  • Na ho ka Etsahala Hore Motho a Hlōle Mekhoa e Mebe?
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—2016
g16 no. 4 leq. 5
Liaparo tsa ho ikoetlisa, lieta, botlolo ea metsi le sesebelisoa sa ’mino li behiloe hantle

SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA ITLOAETSA HO ETSA LINTHO TSE MOLEMO JOANG?

2 Lokisa Maemo a Hao

  • Le hoja u ipoleletse hore u batla ho ja hantle, u utloa u khaletse ice cream.

  • U ikemiselitse ho khaotsa ho tsuba, empa motsoalle oa hao ea tsebang hore u batla ho khaotsa ho tsuba o u fa sakerete.

  • Le hoja u ikemiselitse ho ikoetlisa kajeno, u tsoafa le ho sheba lieta tsa ho matha ka otoropong!

Mehlala ee e tšoana ka’ng? Rea hlokomela hore maemo ao re ipehang tlas’a ’ona le batho bao re tloaelaneng le bona ba ka re sitisa ho khaotsa ho etsa lintho tse se nang thuso.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata, empa ba se nang phihlelo ba fetetse pele ’me ba tla fumana kotlo.”—Liproverbia 22:3.

Bibele e re khothalletsa hore re nahane esale pele. Ha re etsa joalo, re tla qoba maemo le ha e le a fe a ka re sitisang ho finyella lintho tse itseng. (2 Timothea 2:22) Ka mantsoe a mang, re lokela ho lokisa maemo a rōna.

Ithatafalletse ho etsa lintho tse se nang molemo ’me u inolofalletse ho etsa lintho tse molemo

SEO U KA SE ETSANG

  • Ithatafalletse ho etsa lintho tse se nang molemo. Ho etsa mohlala, haeba u batla ho khaotsa ho ja lijo tse se nang phepo, ho ka ba molemo hore ho hang u se ka ua li reka. Kaha ho ka ba thata ho fumana lijo tseo ha u li lakatsa, ho ka ba bonolo hore u khaotse ho li lakatsa.

  • Inolofalletse ho etsa lintho tse molemo. Ho etsa mohlala, haeba u batla ho ikoetlisa hoseng ha u tsoha, beha liaparo tseo u ikoetlisang ka tsona pel’a bethe letsatsi pele u e’o matha. Ha u etsa joalo, ho ka ba bonolo hore u qalelle ho matha.

  • Khetha metsoalle ka hloko. Hangata re tšoana le batho bao re tloaelaneng le bona. (1 Bakorinthe 15:33) Kahoo, u se ke ua tloaelana le batho ba tla u thatafalletsa ho tlohela lintho tse se nang thuso empa u khethe metsoalle e tla u khothalletsa ho etsa lintho tse molemo.

MELAO-MOTHEO EA BIBELE

“Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa.”—Liproverbia 13:20.

“Ka sebele merero ea ea khothetseng e tlisa molemo.”—Liproverbia 21:5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela