Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g17 no. 4 leq. 9
  • Botumo bo Botle bo Molemo ho Feta Maruo a Mangata

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Botumo bo Botle bo Molemo ho Feta Maruo a Mangata
  • Tsoha!—2017
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Boikokobetso bo Bontša Bofokoli Kapa Matla?
    Tsoha!—2007
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Apara Boikokobetso?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • “Lebitso la Hao le ke le Halaletsoe”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • U ka Bontša Boikokobetso ba Sebele Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—2017
g17 no. 4 leq. 9

Botumo bo Botle bo Molemo ho Feta Maruo a Mangata

HA HO NA motho ea ratang ho tuma hampe. Sena se tebile hoo batho ba bileng ba ka qosanang ka tšenyo ea lebitso. Motho a ka senya e mong lebitso ka hore a ngole, a phatlalatse kapa a bue lintho tseo e seng ’nete ka eena. Taba ena e netefatsoa ke mantsoe a reng: “Lebitso le lokela ho khethoa ho e-na le maruo a mangata; kamohelo e molemo le ho feta silevera le khauta.” (Liproverbia 22:1) Bibele ke eona e ka re thusang hore na re ka etsa’ng e le hore re be le botumo bo botle le ho hlompheha.

Pesaleme ea 15 e na le mohlala o motle moo e arabelang potso e reng: “Ke mang eo e tla ba moeti tenteng ea [Molimo]?” Mantsoe a eona a re: ‘Ke ea . . . etsang ho loka ebile a bua ’nete ka pelong ea hae. Ea sa etselletsang . . . ea sa etsang letho le lebe ho motsoalle oa hae, ho se nyeliso eo a e boletseng khahlanong le motho eo a mo tloaetseng haholo. Ka sebele mahlong a hae mang kapa mang ea eisehang oa lahloa . . . O itlhapanyelitse se sebe, leha ho le joalo ha a fetohe. . . . Ha aa nka tjotjo.’ (Pesaleme ea 15:1-5) Motho e mong le e mong o hlompha motho oa mofuta ona.

Ntho e ’ngoe hape e ka thusang motho hore a hlomphehe ke haeba a ikokobelitse. Liproverbia 15:33 e re: “Boikokobetso bo etella thoriso pele.” Batho ba ikokobelitseng ba hlokomela liphoso tsa bona ’me ba leka ho li lokisa. Ba bile ba potlakela ho kopa tšoarelo ha ba sitetsoe motho e mong. (Jakobo 3:2) Motho ea ikhohomosang ha a kope tšoarelo, ho fapana le hoo; o potlakela ho halefa. Liproverbia 16:18 e re: “Boikakaso bo etella ho oa pele, ’me moea o ikhohomosang o etella ho khoptjoa pele.”

Empa u ka etsa’ng haeba motho e mong a u senya lebitso? Na ho loketse hore u tuke ke bohale? Mohlomong pele u leka ho lokisa taba ena, e ka ba hantle hore u ipotse hore na ha u tl’o li senya le ho feta. Le hoja ka linako tse ling ho ka hlokahala hore u qose motho, e ka ba bohlale ho mamela keletso ea Bibele e reng: “U se ke ua tloha ho ea tsamaisa nyeoe ka lepotlapotla. . . . Buella nyeoe ea hao ho oa heno.” (Liproverbia 25:8, 9)a Haeba u ka etsa lintho ho ea ka keletso ena ea Bibele u ka qoba ho sebelisa chelete ho sa hlokahale.

Bibele ha se buka feela tjee e buang ka litaba tsa bolumeli empa e na le likeletso tse ka re tsoelang molemo haeba re li mamela. Likeletso tsena li ka boela tsa re thusa ho ba le botumo bo botle le hore re hlomphehe.

a Likeletso tse ling u ka li fumana ho Matheu 5:23, 24; 18:15-17.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela