Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g18 no. 2 leq. 9
  • 6 Ho Laea Bana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 6 Ho Laea Bana
  • Tsoha!—2018
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO BOLELA’NG?
  • KE HOBANE’NG HA HO LE BOHLOKOA?
  • U KA ETSA’NG?
  • Khalemelo e Atlehang
    Tsoha!—2015
  • U ka Laea Bana ba Hao Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Ho Utloisisa Morero oa Taeo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
Bala Tse Ling
Tsoha!—2018
g18 no. 2 leq. 9
Lelapa le tsamaisa sekeiti ka masokoana

Ha motsoali a khalemela ngoana, o mo thusa hore a se ke a kena mathateng, joalokaha motho a tsamaisa sekeiti ka masokoana hore se se ke sa ea le metsi

BAKENG SA BATSOALI

6 Ho Laea Bana

HO BOLELA’NG?

Ho laea bana ho ka bolela ho ba tataisa kapa ho ba ruta. Ho ka boela ha akarelletsa ho ba khalemela ha ba etsa liphoso. Ha motsoali a laea ngoana, o mo thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng le ho qoba liphoso.

KE HOBANE’NG HA HO LE BOHLOKOA?

Mehleng ena batsoali ba bang ha ba sa khalemela bana hobane ba bona eka ha ba ba khalemela, ba tla etsa hore bana ba ikutloe eka ha ba na thuso. Empa batsoali ba bohlale bona ba fa bana ba bona melao eo ba lokelang ho e mamela ebile ba ba thusa ho e mamela.

“Bana ba hloka ho lauoa e le hore ba hole ba e-na le boikarabelo. Bana ba sa lauoeng ba tsoa taolong ebe ba etsa lintho tse fosahetseng tseo hamorao ba tla li jela.”—Pamela..

U KA ETSA’NG?

U tšepahale. Ha ngoana a sa mamele u mo fe kotlo. Empa haeba a mamela, u mo babatse.

“Ke tloaetse ho babatsa bana ba ka ka hore ebe baa mamela le hoja bana ba bang ba sa mamele. Kaha ke tloaetse ho ba babatsa, le ha ke ba khalemela baa mamela.”—Christine.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.”—Bagalata 6:7.

U se ke oa fetelletsa litaba. Ha u khalemela ngoana, u nahane ka hore na ke’ng eo a e entseng, hore na u tla mo khalemela joang le hore na o tla utloisisa ha u re’ng. Hangata ngoana o khalemeleha habonolo haeba kotlo eo a e fuoang e amana le phoso eo a e entseng. Mohlala, haeba a sebelisitse fono hampe, motsoali a ka mo amoha eona. Liphoso tse ling tseo ngoana a li etsang li nyane haholo, kahoo u ka iphapanyetsa tsona.

“Ke leka ho batla hore na ngoana o entse phoso ka boomo kapa che. Ho na le mekhoa e mebe eo motsoali a lokelang ho e hlaola, empa ho na liphoso tse ling tseo ngoana a ka li bontšoang feela.”—Wendell.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Le se ke la khentša bana ba lōna, e le hore ba se ke ba nyahama.”—Bakolose 3:21.

U rate bana ba hao. Ho bonolo hore bana ba mamele batsoali ba bona ha ba tseba hore batsoali ba bona ba ba laea hobane ba ba rata.

“Ha mora oa rona a ne a etsa liphoso, re ne re tloaetse ho mo hlalosetsa hore ha se hore ke motho e mobe hobane feela a entse phoso, le hore hafeela a ikemiselitse ho e lokisa re tla mo thusa. Re ne re boetse re tloaetse ho mo bolella hore re thabile haholo ke liqeto tse nepahetseng tseo a li entseng nakong e fetileng.”—Daniel.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Lerato lea tiisetsa ’me le mosa.”—1 Bakorinthe 13:4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela