Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g20 no. 1 maq. 14-15
  • Bophelo bo se Nang Stress

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bophelo bo se Nang Stress
  • Tsoha!—2020
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tse ka Hare
    Tsoha!—2020
  • Ho Laola Khatello ea Kelello
    Tsoha!—2010
  • ’Musong oa Molimo “Khotso e Tla ba Ngata”
    Tsoha!—2019
  • Khatello ea Kelello e Molemo Le e Mpe
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Tsoha!—2020
g20 no. 1 maq. 14-15
’Mè le barali ba hae ba lebopong ba shebile ntate le mora oa hae ha ba ntse ba bapalla maqhubung a leoatle.

U KA THUSOA KE’NG HA U E-NA LE STRESS?

Bophelo bo se Nang Stress

Bohlale boo re bo fumanang ha re bala Bibele bo ka re thusa hore re qobe ho tšoaroa ke stress ho sa hlokahale. Re ke ke ra khona ho felisa lintho tsohle tse re tšoenyang, empa ’Mopi oa rona a ka khona. O khethile Jesu Kreste hore e be eena ea re thusang. Haufinyane o tla etsetsa batho bohle lintho tse tsotehang ho feta tseo a li entseng ha a ne a le lefatšeng. Mohlala:

JESU O TLA PHEKOLA BA KULANG.

“Ba mo tlisetsa bohle ba eang hampe, ba leng mahlomoleng ke mafu a sa tšoaneng . . . , ’me a ba phekola.” ​—MATHEU 4:24.

JESU O TLA ETSA HORE BATHO BOHLE BA BE LE MATLO LE LIJO.

“Ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona. Ba ke ke ba haha ’me e mong a lule teng; ba ke ke ba lema ’me e mong a je.”​—ESAIA 65:​21, 22.

JESU O TLA ETSA HORE HO BE LE KHOTSO LE TŠIRELETSEHO LEFATŠENG LOHLE.

“Matsatsing a hae, ea lokileng o tla atleha, khotso e tla ba ngata ho fihlela khoeli e se e le sieo. O tla ba le bafo ho tloha leoatleng le leng ho ea ho le leng le ho tloha nokeng ho ea lipheletsong tsa lefatše. . . . Lira tsa hae li tla nyeka lerole.”​—PESALEME ea 72:​7-9.

JESU O TLA BUSA KA TOKA.

“O tla utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng, O tla pholosa meea ea ba futsanehileng.” ​—PESALEME ea 72:​13, 14.

JESU O TLA FELISA LINTHO TSE BOHLOKO LE LEFU.

“Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.”​—TŠENOLO 21:4.

‘LINAKO TSE BOHLOKO’

Mongoli ea ka sehloohong Mohamed. S. Younis ea sebetsang Gallup o re: “Matsatsing ana batho ba na le stress, hape ba tšoenyehile, ba siame ebile ba utloile bohloko ho feta nakong e fetileng.”

Ke hobane’ng stress e se e le kobo-anela? Bibele e fana ka lebaka le utloahalang ka ho fetisisa ho 2 Timothea 3:1. E re ‘matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse bohloko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ Litemaneng tse hlahlamang, ea hlalosa hore batho ba na le stress hobane ba pota-potiloe ke batho ba mekhoa e mebe. Mekhoa eo e mebe e akarelletsa meharo, boikhohomoso, boikaketsi ba likereke, ho rata ntoa, ho se be le lerato ka lapeng le ho se khone ho ithiba. (2 Timothea 3:​2-5) Matsatsi a ho qetela a tla fela ha Jesu Kreste a nka marapo a puso lefatšeng e le Morena oa ’Muso oa Molimo.​—Daniele 2:44.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela