Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g25 no. 1 maq. 4-5
  • Amohela Boemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Amohela Boemo
  • Tsoha!—2025
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • KE HOBANE’NG HA SEE E LE SA BOHLOKOA?
  • SEO U KA SE ETSANG
  • Bibele e Re’ng ka ho Phahama ha Theko ea Lintho Lefatšeng Lohle?
    Lihlooho Tse Ling
  • Lihlooho Tse Makasineng Ena
    Tsoha!—2025
  • Litheko Tse Phahameng—Litšenyehelo ho Batho
    Tsoha!—1989
  • E-ba le Tšepo
    Tsoha!—2025
Bala Tse Ling
Tsoha!—2025
g25 no. 1 maq. 4-5
Litšoantšo: 1. ’Mè o khetha tamati ’marakeng. 2. O patalla lintho tseo a li rekileng.

U KA ETSA’NG HA LITHEKO LI NTSE LI PHAHAMA?

Amohela Boemo

Ha litheko tsa lintho li ntse li eketseha hanyane ka hanyane, ho ka ba thata hore re lemohe, haholo haeba mokholo le oona o ntse o eketseha. Ka lehlakoreng le leng, haeba litheko tsa lintho li ntse li phahama empa mokholo oona o ntse o tšoana, re ka tšoenyeha ra ba ra imeloa kelellong. Sena se ka etsahala haholo haeba re e-na le lelapa leo re lokelang ho le hlokomela.

Re ke ke ra thibela litheko ho phahama. Empa haeba re amohela boemo bona, re tla itsoela molemo.

KE HOBANE’NG HA SEE E LE SA BOHLOKOA?

Batho ba nang le pono e nepahetseng ka litheko tse ntseng li phahama, ho ba bonolo hore . . .

  • ba lule ba khobile matšoafo. Ha re khobile matšoafo, re nahana hantle ebile re etsa liqeto tse nepahetseng.

  • ba qobe mekhoa e seng bohlale. Ka mohlala, ha se bohlale ho iphapanyetsa ho patala litšenyehelo tsa rona kapa ho sebelisa chelete hampe.

  • ba qobe ho ngangisana le ba lelapa ka chelete.

  • ba hlokomele seo ba ka se etsang e le hore ba reke lintho tseo ba li hlokang ’me seo se ka ba thusa hore ba se ke ba senya chelete.

SEO U KA SE ETSANG

Ikemisetse ho fetoha le maemo. Nakong eo litheko li phahamang haholo, ke bohlale ho fokotsa tsela eo re sebelisang chelete ka eona. Batho ba bang ba sebelisa chelete e ngata ho feta eo ba nang le eona ’me seo se etsa hore bophelo ba bona bo be thata joalokaha eka ba sesa khahlanong le maqhubu a noka e phallang haholo! Qetellong, sena se etsa hore ba imeloe haholo. Haeba u na le lelapa, ho loketse hore u tšoenyehe ka ho le hlokomela. Empa hopola sena: Litho tsa lelapa la hao li hloka lerato le nako ea hao ho feta ntho leha e le efe.

“Ke mang ho lona eo ha a tšoenyeha a ka lelefatsang bophelo ba hae leha e le hanyenyane feela? Ha ho le ea mong!”—Luka 12:​25, New Living Translation.

“Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang hobane letsatsi le hlahlamang le tla ba le matšoenyeho a lona. Letsatsi ka leng le na le mathata a lona.”—Matheu 6:34.

Ho phela bophelo bo mabothobotho ka chelete eo u se nang eona ho joaloka ho sesa khahlanong le maqhubu a noka e phallang

Phazilya.

Phazilya oa Azerbaijan o re: “Bibele e boletse ho 2 Timothea 3:1 hore ‘bophelo bo tla ba thata hape ho tla ba kotsi.’ Joale ha ke makale ha ho e-ba le mathata a lichelete le litheko li phahama. Ke leka ho qoba ho reka lintho tseo ke sa li hlokeng.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela