Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g25 no. 1 maq. 6-9
  • Sebelisa Chelete ea Hao ka Bohlale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebelisa Chelete ea Hao ka Bohlale
  • Tsoha!—2025
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • KE HOBANE’NG HA SEE E LE SA BOHLOKOA?
  • SEO U KA SE ETSANG
  • U ka Phela ka Chelete e Nyenyane Joang?
    Lihlooho Tse Ling
  • 2 | Boloka Chelete ea Hao le Lintho Tsohle Tseo U Nang le Tsona
    Tsoha!—2022
  • Tsela ea ho Tsoa Sekolotong
    Tsoha!—1997
  • Nka Etsa’ng ho Sebelisa Chelete Hantle?
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—2025
g25 no. 1 maq. 6-9
Litšoantšo: 1. Batsoali ba lutse tafoleng ka kichineng ’me ba buisana ka tsela eo ba tla sebelisa chelete ka eona. Morali oa bona o haufi le bona. 2. Fono e hlahisitseng calculator e lutse holim’a lirasiti.

U KA ETSA’NG HA LITHEKO LI NTSE LI PHAHAMA?

Sebelisa Chelete ea Hao ka Bohlale

Ha litheko li ntse li phahama, kaofela ha rona lia re ama. Empa ha oa lokela ho ikutloa eka ha ho letho leo u ka le etsang ho rarolla bothata bona. Ho na le seo u ka se etsang e le hore u fumane tharollo.

KE HOBANE’NG HA SEE E LE SA BOHLOKOA?

Haeba u sa sebelise chelete ea hao hantle, u ka iphumana u tetebetse ka har’a mathata a lichelete. Le haeba u se na chelete e ngata ho ntse ho e-na le lintho tseo u ka li etsang ho e boloka.

SEO U KA SE ETSANG

U se ke oa reka lintho tseo u se nang chelete ea ho li reka. Haeba u etsa sena, u tla khona ho laola maemo a hao a lichelete le haeba u hlaheloa ke mathata a tšohanyetso.

E le hore u se ke oa sebelisa chelete e fetang eo u nang le eona, qala pele ka ho ngola mokholo oa hao fatše ebe u o bapisa le litšenyehelo tsa hao. Ka mor’a ho tseba hore na u hloka ho sebelisa chelete e kae, etsa bonnete ba hore u reka lintho tseo u li hlokang e le kannete. Leka ka hohle hore u sebelise chelete ho latela tsela eo u rerileng ka eona ’me u e fetole haeba litheko kapa mokholo oa hao o fetoha. Haeba u lenyalong, etsa liqeto tseo le molekane oa hao.

Leka sena: Ho e-na le ho reka lintho ka sekoloto, patala hang-hang haeba ho khoneha. Ba bang ba fumane hore ho sebelisa chelete ka tsela ena, ho ba thusa ho sebelisa chelete ka tsela eo ba e rerileng esale pele le ho ba thusa hore ba se ke ba tetebela likolotong. Hape, nka nako ea hao u bala litokomane tsa hao tsa banka ’me u hlahlobisise hore na u ntšitse chelete e kae ’me oa sebelisa e kae ka khoeli. Ho tseba hore na u na le chelete e kae ho tla u thusa hore u se ke oa tšoenyeha.

Ho sebelisa chelete eo u nang le eona ho ka ba thata. Empa ho rera esale pele hore na u tla sebelisa chelete e kae ho ka u thusa. U tla atleha ho laola maemo a hao a lichelete.

“Bala litšenyehelo.”—Luka 14:28.


Sebetsa ka thata hore u se ke oa lahleheloa ke mosebetsi. Ke lintho life tseo u ka li etsang e le hore u se ke oa lahleheloa ke mosebetsi? Tse ling tsa tsona ke tsena: Fihla ka nako mosebetsing. E-ba le maikutlo a matle ka mosebetsi oa hao. Thusa ba bang ’me u sebetse ka thata. E-ba motho ea hlomphang. Latela melao ’me u ntlafatse bokhoni ba hao.


Qoba ho sebelisa chelete ea hao hampe. Ipotse: ‘Na ke na le mokhoa oa ho reka lintho tse turu kapa oa ho senya chelete?’ Ka mohlala, batho ba bangata ba senya chelete eo ba e sebelelitseng ka thata ka ho sebelisa lithethefatsi hampe, ho becha, ho tsuba le ho noa joala ka tsela e feteletseng. Mekhoa ena e ka ba kulisa ea ba ea etsa hore ba lahleheloe ke mosebetsi.

“Ho thaba motho ea fumanang bohlale . . . ho fumana bohlale ho molemo ho feta ho fumana silevera.”—Liproverbia 3:​13, 14.


Boloka chelete bakeng sa maemo a tšohanyetso. Ha ho khoneha, behella chelete e seng kae ka thoko bakeng sa maemo a tšohanyetso le litšenyehelo tse sa lebelloang. Chelete eo e tla u thusa hore u se ke oa tšoenyeha haeba e mong oa lelapa a kula, a lahleheloa ke mosebetsi kapa ho etsahala ntho e ’ngoe eo u sa e lebellang.

“Kaofela [re] hlaheloa ke lintho ka tšohanyetso ka nako eo [re] sa e lebellang.”—Moeklesia 9:11.

Mekhoa ea ho Boloka Chelete

Khalase e tšetseng li-coin.

Iphehele lijo hae.

Ho reka lijo lireschorenteng hangata kapa ho reka lijo tse seng li ntse li phehiloe ho ka ba turu. Ke ’nete hore ho iphehela lijo ho nka nako empa u tla khona ho ipolokela chelete e ngata. U tla boela u khone ho iphehela lijo tse nang le phepo e ntle.

Nahana pele u reka.

  • Etsa lethathamo la lintho tseo u li hlokang ’me u reke tsona feela.

  • Reka lintho ka bongata ha li le theko e tlase haeba u khona. Etsa bonnete ba hore u na le moo u bolokang lijo tse ka senyehang kapele e le hore u se ke oa senyeheloa.

  • Nahana ka ho reka lintho tse theko e tlase empa e le tsa boleng bo botle.

  • Reka lintho Inthaneteng. Sena se tla u thusa hore u fumane litheolelo u be u qobe ho reka lintho tseo u neng u sa rera ho li reka. Hape se tla u thusa hore u laole tsela eo u rekang ka eona.

  • Batla litheolelo hape u bapise litheko tsa lintho hammoho le tsa litšebeletso tse kang tsa metsi le motlakase.

Nahana pele u reka lisebelisoa tse ntlafalitsoeng.

Bahlahisi ba lifono le lisebelisoa tse ling ba lula ba hlahisa tsa ncha e le ho eketsa chelete eo ba e etsang. Ka hona, ipotse: ‘Na ho reka sehlahisoa se ntlafalitsoeng ho tla ntsoela molemo? Na ke se hloka hona joale? Haeba kea se hloka, na ke hloka sa morao-rao?’

Lokisa lintho ’me u li sebelise hape.

Baballa lisebelisoa tsa hao ’me ha li robeha u li lokise haeba ho etsa joalo ho ke ke ha hloka chelete e ngata. U ka boela oa boloka chelete haeba u reka lintho tse ileng tsa sebelisoa ke batho ba bang.

Itemele lijo.

Na u ka fumana sebaka moo u ka itemelang lijo? Ka ho etsa joalo, u tla fokotsa chelete eo u e sebelisang ho reka lijo. U ka boela oa lema tse ngata e le hore u ka li rekisa, oa fapanyetsana kapa oa li arolelana le ba bang.

“Merero ea motho ea khothetseng ea mo thusa.”—Liproverbia 21:5.

Karete e rekang ka sekoloto.

Miles oa Engelane o re: “Re lula re sheba litheko tsa lintho tseo re li rekang khafetsa hape re qoba ho etsa likoloto ho sa hlokahale.”

Buka, pene le linotlolo tsa koloi.

Jeremy oa Amerika o re: “Pele re ea mabenkeleng, ’na le ba lelapa la ka re ngola lethathamo la lintho tseo re li hlokang.”

K’halendara le calculator.

Yael oa Iseraele o re: “Kamehla re lula re hlahloba hore na re na le chelete ea ho reka lintho tseo re li hlokang ’me re behella chelete e ’ngoe ka thoko bakeng sa maemo a sa lebelloang.”

Sepannere le screwdriver.

Jeffrey oa Amerika o re: “Re rutile bana ba rona hore ba lokise lintho tse robehileng ho e-na le ho reka tse ncha. Sena se akarelletsa koloi le lisebelisoa tsa motlakase. ’Na le mosali oa ka re qoba ho reka lisebelisoa tsa morao-rao.”

Hono oa Myanmar o re: “Ke fokolitse tsela eo ke rekang ka eona ka ho itemela meroho le ho rua likhoho ebile ke khona le ho fa batho ba bang meroho.”

’Ntate o kotula lijo tse fapaneng tseo a li lemmeng jareteng.
    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela