Khaolo ea 4
Jesu Kreste—Senotlolo sa Tsebo ea Molimo
1, 2. Malumeli a lefatše a kena-kenane le senotlolo sa tsebo ea Molimo joang?
U eme monyako, u lubana le linotlolo. Hoa bata ebile ho lefifi, ’me u laba-labela ho kena ka hare—empa senotlolo ha se sebetse. Se bonahala e le se nepahetseng, empa loko ha e sisinyehe. Ho ferekanya hakaakang! U sheba linotlolo tsa hao hape. Na u sebelisa se nepahetseng? Na ho na le ea sentseng senotlolo seo?
2 Eo ke papiso e nepahetseng ea seo pherekano ea bolumeli ea lefatše lena e se entseng ka tsebo ea Molimo. Ha e le hantle, ba bangata ba kena-kenane le senotlolo se e bulang hore re e utloisise—e leng Jesu Kreste. Malumeli a mang a tlositse senotlolo seo, a hlokomoloha Jesu ka ho feletseng. A mang a sothile karolo ea Jesu, a mo rapela e le Molimo Ea Matla ’Ohle. Ho sa tsotellehe boemo, tsebo ea Molimo re e koaletsoe ha re se na kutloisiso e nepahetseng ea motho enoa oa bohlokoa ea ka sehloohong, Jesu Kreste.
3. Ke hobane’ng ha Jesu a ka bitsoa senotlolo sa tsebo ea Molimo?
3 U ka ’na ua hopola hore Jesu o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba ithuisa tsebo ka uena, Molimo feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Ka ho rialo, Jesu o ne a sa ithorise. Khafetsa Mangolo a hatisa hore tsebo e nepahetseng ea Kreste ea hlokahala. (Baefese 4:13; Bakolose 2:2; 2 Petrose 1:8; 2:20) Moapostola Petrose o ile a hlokomela: “Baprofeta bohle baa mo [Jesu Kreste] paka.” (Liketso 10:43) ’Me moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ho [Jesu] ho patiloe ka hloko matlotlo ’ohle a bohlale le a tsebo.” (Bakolose 2:3) Pauluse o bile a re litšepiso tsohle tsa Jehova li phethahala ka lebaka la Jesu. (2 Bakorinthe 1:20) Kahoo Jesu Kreste ke sona senotlolo sa tsebo ea Molimo. Tsebo ea rōna ka Jesu e tlameha ho lokoloha linthong leha e le life tse sothehileng mabapi le sebōpeho sa hae le karolo ea hae tokisetsong ea Molimo. Empa ke hobane’ng ha balateli ba Jesu ba mo nka e le oa bohlokoa mererong ea Molimo?
MESSIA EA TŠEPISITSOENG
4, 5. Ke tšepo efe e ileng ea likoloha ho Messia, hona barutuoa ba Jesu ba ile ba mo talima joang?
4 Ho tloha mehleng ea monna ea tšepahalang Abele, bahlanka ba Molimo esale ba lebelletse ka cheseho Peō eo Jehova Molimo ka boeena a e boletseng esale pele. (Genese 3:15; 4:1-8; Baheberu 11:4) Ho senotsoe hore Peō eo e ne e tla sebeletsa morero oa Molimo e le Messia, e bolelang “Motlotsuoa.” O ne a tla “felisa sebe,” ’me khanya ea ’Muso oa hae e boletsoe esale pele lipesalemeng. (Daniele 9:24-26; Pesaleme ea 72:1-20) Ke mang ea neng a tla ipaka hore ke Messia?
5 Nahana thabo eo Mojode e monyenyane ea bitsoang Andrease a bileng le eona ha a mamela mantsoe a Jesu oa Nazaretha. Andrease o ile a mathela ho ngoan’abo Simone Petrose ’me a ’molella: “Re fumane Mesia.” (Johanne 1:41) Barutuoa ba Jesu ba ne ba kholisehile hore e ne e le Messia ea tšepisitsoeng. (Matheu 16:16) ’Me Bakreste ba ’nete ba ’nile ba ikemisetsa ho beha bophelo ba bona kotsing ka lebaka la ho lumela ha bona hore Jesu ka sebele e ne e le Messia ea boletsoeng esale pele, kapa Kreste. Ba bile le bopaki bofe? A re hlahlobeng mabaka a mararo a bopaki.
BOPAKI BA HORE JESU E NE E LE MESSIA
6. (a) Ke lesika lefe le neng le tla hlahisa Peō e Tšepisitsoeng, hona re tseba joang hore Jesu o hlahile ka lelapa la lesika leo? (b) Ke hobane’ng ha ho ne ho tla ba thata hore mang kapa mang ea phelang ka mor’a 70 C.E. a pake hore e ne e le Messia?
6 Lesika la Jesu le rala motheo oa pele bakeng sa ho mo khetholla e le Messia ea tšepisitsoeng. Jehova o ne a ile a bolella mohlanka oa Hae Abrahama hore Peō e Tšepisitsoeng e ne e tla tsoa lelapeng la hae. Mora oa Abrahama Isaaka, mora oa Isaaka Jakobo, le mora oa Jakobo Juda ka bomong ba ile ba fumana tšepiso e tšoanang. (Genese 22:18; 26:2-5; 28:12-15; 49:10) Lesika la Messia le ’nile la nyenyefala makholo a lilemo hamorao ha Morena Davida a ne a bolelloa hore Enoa o ne a tla hlaha lelapeng la hae. (Pesaleme ea 132:11; Esaia 11:1, 10) Litlaleho tsa Likosepele tsa Matheu le Luka li tiisa hore Jesu o hlahile lesikeng la lelapa leo. (Matheu 1:1-16; Luka 3:23-38) Le hoja Jesu a ne a e-na le lira tse ngata tse mo hloileng, ha ho ea ileng a hanyetsa lesika la hae le ileng la phatlalatsoa ka botlalo. (Matheu 21:9, 15) Joale, ka ho hlakileng lesika la hae le ke ke la belaelloa. Leha ho le joalo, litlaleho tsa lelapa la Bajode li ile tsa senngoa ha Baroma ba tlatlapa Jerusalema ka 70 C.E. Linakong tsa morao, ha ho ea neng a ka paka boipolelo ba hore ke Messia ea tšepisitsoeng.
7. (a) Lebaka la bobeli la bopaki ke lefe la hore Jesu ke Messia? (b) Mikea 5:2 e ile ea phethahatsoa joang mabapi le Jesu?
7 Boprofeta bo phethahalitsoeng ke lebaka la bobeli la bopaki. Boprofeta bo bongata ba Mangolo a Seheberu bo hlalosa litšobotsi tse sa tšoaneng tsa tsela ea bophelo ba Messia. Lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., moprofeta Mikea o ile a bolela esale pele hore ’musi enoa e moholo o ne a tla tsoalloa motsaneng oo e seng oa bohlokoa oa Bethlehema. Metse e ’meli ea Iseraele e ne e bitsoa Bethlehema, empa boprofeta bona bo ile ba bolela hore na ofe ka ho khetheha: Bethlehema Efrata, moo Morena Davida a neng a tsoaletsoe teng. (Mikea 5:2) Batsoali ba Jesu, Josefa le Maria, ba ne ba phela Nazaretha, lik’hilomithara tse ka bang 150 ka leboea ho Bethlehema. Leha ho le joalo, ha Maria e le moimana, ’musi oa Moroma Cesare Augusto o ile a laela batho bohle hore ba ingolise metseng ea habo bona.a Kahoo Josefa o ile a tlameha ho nka mosali oa hae oa moimana ho ea Bethlehema, moo Jesu a ileng a tsoalloa teng.—Luka 2:1-7.
8. (a) “Libeke” tse 69 li ile tsa qala neng ’me e le ka ketsahalo efe? (b) “Libeke” tse 69 li ne li le telele hakae, ’me ho ile ha etsahala eng ha li fela?
8 Lekholong la botšelela la lilemo B.C.E., moprofeta Daniele o ile a bolela esale pele hore “Messia Moeta-Pele” o ne a tla hlaha “libeke” tse 69 ka mor’a hore ho tsoe taelo ea ho tsosolosa le ho haha Jerusalema hape. (Daniele 9:24, 25, NW) E le ’ngoe ea “libeke” tsena e ne e le bolelele ba lilemo tse supileng.b Ho latela Bibele le histori ea lefatše, taelo ea ho haha Jerusalema hape e ile ea ntšoa ka 455 B.C.E. (Nehemia 2:1-8) Kahoo Messia o ne a lokela ho hlaha lilemo tse 483 (69 ka makhetlo a 7) ka mor’a 455 B.C.E. Seo se re fihlisa ho 29 C.E., sona selemo seo Jehova a ileng a tlotsa Jesu ka sona ka moea o halalelang. Kahoo Jesu e ile ea e-ba “Kreste” (e bolelang “Motlotsuoa”), kapa Messia.—Luka 3:15, 16, 21, 22.
9. (a) Pesaleme ea 2:2 e ile ea phethahatsoa joang? (b) Boprofeta bo bong ke bofe bo ileng ba phethahatsoa ho Jesu? (Bona chate.)
9 Leha ho le joalo, hase e mong le e mong ea ileng a amohela Jesu e le Messia ea tšepisitsoeng, ’me Mangolo a ne a boletse sena esale pele. Joalokaha ho tlalehiloe ho Pesaleme ea 2:2, Morena Davida o ile a bululeloa ke Molimo hore a bolele esale pele: “Marena a lefatše a phuthehetse’ng, le mahosana a bōkanetse’ng ho tsohela Jehova le motlotsuoa oa hae matla.” Boprofeta bona bo ile ba fana ka maikutlo a hore baeta-pele ba tsoang linaheng tse fetang e le ’ngoe ba ne ba tla kopana e le hore ba ka hlasela Motlotsuoa, kapa Messia oa Jehova. ’Me ho bile joalo. Baeta-pele ba bolumeli ba Bajode, Morena Heroda, le ’musisi oa Moroma Ponse Pilato kaofela ba bile le karolo ho bolaoeng ha Jesu. Bao e neng e le lira pele Heroda le Pilato ea e-ba metsoalle e ntšanang se-inong ho tloha nakong eo ho ea pele. (Matheu 27:1, 2; Luka 23:10-12; Liketso 4:25-28) Bakeng sa bopaki bo eketsehileng ba hore Jesu e ne e le Messia, ka kōpo bona chate e latelang e nang le sehlooho “Boprofeta bo Bong bo Ikhethang ba Bomessia.”
10. Jehova o ile a paka ka litsela life hore Jesu e ne e le Motlotsuoa oa hae ea tšepisitsoeng?
10 Bopaki ba Jehova Molimo ke lebaka la boraro la bopaki bo tšehetsang Bomessia ba Jesu. Jehova o ile a romela mangeloi ho tla tsebisa batho hore Jesu e ne e le Messia ea tšepisitsoeng. (Luka 2:10-14) Ha e le hantle, nakong ea bophelo ba Jesu lefatšeng, Jehova ka boeena o ile a bua a le leholimong, a bontša ho amohela Jesu. (Matheu 3:16, 17; 17:1-5) Jehova Molimo o ile a fa Jesu matla a ho etsa mehlolo. O mong le o mong oa eona e ne e le bopaki ba bomolimo bo tsoelang pele ba hore Jesu e ne e le Messia, hobane Molimo o ne a ke ke a fa moikaketsi matla a ho etsa mehlolo. Jehova o ile a boela a sebelisa moea oa hae o halalelang ho bululela tlaleho ea Likosepele, e le hore bopaki ba Bomessia ba Jesu e ka ba karolo ea Bibele, buka e fetoletsoeng le ho abjoa ka ho fetisisa historing.—Johanne 4:25, 26.
11. Ho na le bopaki bo bokae ba hore Jesu e ne e le Messia?
11 Ka kakaretso, mahlakore ana a bopaki a akarelletsa le mabaka a makholo a khethollang Jesu e le Messia ea tšepisitsoeng. Joale, ka ho hlakileng, ke ka nepo Bakreste ba ’nete ba mo talimmeng e le eo ‘baprofeta bohle ba mo pakileng’ hape e le senotlolo sa tsebo ea Molimo. (Liketso 10:43) Empa ho na le ho hongata hoo motho a ka ithutang hona ka Jesu Kreste ho feta bopaki ba hore e ne e le Messia. O simolohile hokae? O ne a le joang?
BOTENG BA JESU PELE E E-BA MOTHO OA NAMA
12, 13. (a) Re tseba joang hore Jesu o ile a ba teng leholimong pele a tla lefatšeng? (b) “Lentsoe” ke mang, hona o ile a etsa eng pele e e-ba motho oa nama?
12 Tsela ea bophelo ba Jesu e ka ’na ea aroloa mekhahlelo e meraro. Oa pele o qalile khale pele a tsoaloa lefatšeng. Mikea 5:2 (Bibele—Phetolelo e Ncha) e itse qalo ea Messia e ‘qalehile khale, ea qaleha mehleng ea boholo-holo.’ ’Me ka ho hlakileng Jesu o ile a re o tsoa “libakeng tse holimo,” ke hore, leholimong. (Johanne 8:23; 16:28) O bile teng nako e kae leholimong pele a tla lefatšeng?
13 Jesu o ne a bitsoa ‘Mora ea tsoetsoeng a ’notši’ oa Molimo hobane Jehova a ile a mo bōpa ka ho toba. (Johanne 3:16) E le “letsibolo la pōpo eohle,” joale Jesu o ile a sebelisoa ke Molimo ho bōpa lintho tse ling tsohle. (Bakolose 1:15; Tšenolo 3:14) Johanne 1:1 e bolela hore “Lentsoe” (Jesu ho beng teng ha hae pele e e-ba motho oa nama) le ne le e-na le Molimo “tšimolohong.” Ka hona Lentsoe o ne a e-na le Jehova ha “maholimo le lefatše” li bōptjoa. Molimo o ne a bua le Lentsoe ha a re: “A re etseng motho ka setšoantšo sa rōna.” (Genese 1:1, 26) Ka ho tšoanang, e tlameha ebe Lentsoe e ne e le “motlatsi” ea ratoang oa Molimo, ea hlalositsoeng ho Liproverbia 8:22-31 e le bohlale bo mothofalitsoeng, a sebetsa lehlakoreng la Jehova ho etsoeng ha lintho tsohle. Ka mor’a hore Jehova a etse hore a be teng, Lentsoe o ile a qeta lilemo tse sa tsejoeng a e-na le Molimo leholimong pele e e-ba motho lefatšeng.
14. Ke hobane’ng ha Jesu a bitsoa “setšoantšo sa Molimo ea sa bonahaleng”?
14 Hase feela Bakolose 1:15 e bitsang Jesu “setšoantšo sa Molimo ea sa bonahaleng”! Ka lilemo tse sa tsejoeng tsa katamelano e haufi-ufi, Mora ea ikokobelitseng o ile a tla tšoana hantle le Ntate oa hae, Jehova. Lena ke lebaka le leng leo Jesu e leng senotlolo sa tsebo ea Molimo e fanang ka bophelo. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jesu a e entseng ha a le lefatšeng ke seo Jehova a neng a tla se etsa hantle. Kahoo, ho tseba Jesu ho boetse ho bolela ho eketsa tsebo ea rōna ka Jehova. (Johanne 8:28; 14:8-10) Joale, ka ho hlakileng ke habohlokoa ho ithuta ka ho eketsehileng ka Jesu Kreste.
TSELA EA BOPHELO BA JESU LEFATŠENG
15. Ho ile ha tla joang hore Jesu a tl’o tsoaloa e le ngoana ea phethahetseng?
15 Mokhahlelo oa bobeli oa tsela ea bophelo ea Jesu o ne o le mona lefatšeng. Ka boikhethelo o ile a ikokobetsa ha Molimo a tlosa bophelo ba hae leholimong a bo fetisetsa pōpelong ea moroetsana oa Mojode ea tšepahalang ea bitsoang Maria. Moea o halalelang o matla oa Jehova, matla a sebetsang, o ile oa “koahela” Maria, oa mo etsa hore a ime ’me qetellong a tsoale ngoana ea phethahetseng. (Luka 1:34, 35) Jesu ha a ka a futsa ho se phethahale, kaha bophelo ba hae bo ne bo e-tsoa Mohloling o phethahetseng. O ile a hōlisetsoa lelapeng la boemo bo tlaase e le mora ea nketsoeng lapeng leo oa ’metli Josefa ’me e ne e le eena letsibolo la bana ba bangata lelapeng leo.—Esaia 7:14; Matheu 1:22, 23; Mareka 6:3.
16, 17. (a) Jesu o ile a fumana matla a ho etsa mehlolo hokae, ’me e meng ea eona e ne e le efe? (b) Ke litšoaneleho life tse ling tseo Jesu a ileng a li bontša?
16 Boinehelo bo tebileng ba Jesu ho Jehova Molimo bo ne bo se bo ntse bo bonahala ha a le lilemo li 12. (Luka 2:41-49) Hoba a hōle ’me a kene tšebeletsong ea hae a le lilemo li 30, Jesu le eena o ile a bontša lerato la hae le tebileng bakeng sa batho-’moho le eena. Ha moea o halalelang oa Molimo o mo fa matla a ho etsa mehlolo, ka kutloelo-bohloko o ile a folisa ba kulang, ba holofetseng, ba khaohileng litho, lifofu, lithōlō, balepera. (Matheu 8:2-4; 15:30) Jesu o ile a fepa ba lapileng ba likete. (Matheu 15:35-38) O ile a khutsisa sefefo se neng se sokela tšireletseho ea metsoalle ea hae. (Mareka 4:37-39) Ha e le hantle, o bile a tsosa le bafu. (Johanne 11:43, 44) Mehlolo ena ke linnete tse pakiloeng tsa histori. Esita le lira tsa Jesu li ile tsa lumela hore o ne a “etsa lipontšo tse ngata.”—Johanne 11:47, 48.
17 Jesu o ile a tsamaea ho pholletsa le naha ea habo, a ruta batho ka ’Muso oa Molimo. (Matheu 4:17) Hape o ile a beha mohlala o ikhethang oa ho mamella le ho nahanela. Esita leha barutuoa ba hae ba ne ba mo soabisa, ka kutloelo-bohloko o ile a re: “Moea, ka ho hlakileng, o na le taba-tabelo, empa nama ea fokola.” (Mareka 14:37, 38) Leha ho le joalo, Jesu o ne a le sebete ’me a toba ba neng ba nyelisa ’nete ’me ba hatella ba hlokang thuso. (Matheu 23:27-33) Ka holim’a tsohle, o ile a etsisa mohlala oa Ntate oa hae oa lerato ka ho phethahetseng. Jesu o ne a ikemiselitse le ho shoa e le hore moloko oa batho o sa phethahalang o ka ba le tšepo ea bokamoso. Ka hona, ha ho makatse hore ebe re ka bua ka Jesu e le senotlolo sa tsebo ea Molimo! E, ke senotlolo se phelang! Empa ke hobane’ng ha re re senotlolo se phelang? Hona ho re tlisa mokhahlelong oa boraro oa tsela ea bophelo ea hae.
JESU KAJENO
18. Re lokela ho talima Jesu Kreste joang kajeno?
18 Le hoja Bibele e tlaleha ka lefu la Jesu, hona joale oa phela! Ha e le hantle, batho ba makholo ba phetseng lekholong la pele la lilemo C.E. e ne e le lipaki tse boneng ka mahlo tsa ’nete ea hore o ne a tsositsoe. (1 Bakorinthe 15:3-8) Joalokaha ho profetiloe, kamorao ho moo o ile a lula ka letsohong le letona la Ntate oa hae ’me a letela ho amohela matla a borena leholimong. (Pesaleme ea 110:1; Baheberu 10:12, 13) Kahoo re lokela ho talima Jesu joang kajeno? Na re lokela ho mo nahana e le lesea le se nang boitšireletso le ka sejelong? Kapa e le motho ea mahlomoleng ea bolaoang? Che. Ke Morena ea matla, ea busang! ’Me haufinyane haholo, o tla bonahatsa bobusi ba hae holim’a lefatše la rōna le likhathatso.
19. Haufinyane Jesu o tla nka bohato bofe?
19 Ho Tšenolo 19:11-15, Morena Jesu Kreste ka ho hlakileng o hlalosoa e le ea tlang ka matla a maholo ho tla timetsa ba khopo. E tlameha ebe ’Musi eo ea lerato oa leholimo o laba-labela hakaakang ho felisa mahlomola a hlasetseng batho ba limilione kajeno! ’Me ka ho tšoanang o laba-labela ho thusa ba loanelang ho etsisa mohlala o phethahetseng oo a o behileng ha a le lefatšeng. (1 Petrose 2:21) O batla ho ba boloka “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea matla ’ohle” e atamelang ka potlako, eo hangata e bitsoang Armageddone, e le hore ba ka phela ka ho sa feleng e le bafo ba lefatšeng ba ’Muso oa Molimo oa leholimo.—Tšenolo 7:9, 14; 16:14, 16.
20. Jesu o tla etsetsa moloko oa batho eng nakong ea Puso ea Lilemo tse Sekete ea hae?
20 Nakong ea Puso ea Lilemo tse Sekete ea Jesu e boletsoeng esale pele ea khotso, o tla etsa mehlolo molemong oa moloko oa batho. (Esaia 9:6, 7; 11:1-10; Tšenolo 20:6) Jesu o tla folisa ho kula hohle ’me o tla felisa lefu. O tla tsosa ba likete tsa limilione e le hore le bona ba ka ba le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. (Johanne 5:28, 29) U tla hlolloa ha u ithuta ka ’Muso oa hae oa Bomessia khaolong e tlang hamorao. Kholiseha ka sena: Re sitoa le ho lekanya kamoo bophelo ba rōna e tlang ho ba bo babatsehang kateng tlas’a puso ea ’Muso. Ke ntho ea bohlokoa hakaakang ho tloaelana hamolemo le Jesu Kreste! E, ke habohlokoa hore le ka mohla re se fifalloe ke pono ka Jesu, senotlolo se phelang sa tsebo ea Molimo e isang bophelong bo sa feleng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ngoliso ena e ne e nolofalletsa ’Muso oa Roma ho batla lekhetho. Kahoo, Augusto a sa ikemisetsa o ile a thusa ho phethahatsa boprofeta bo buang ka ’musi eo a neng a tla ‘roma molefisi hore a fete har’a ’muso.’ Boprofeta bo tšoanang bo ile ba bolela esale pele hore “Moeta-pele oa selekane,” kapa Messia, o ne a tla ‘rojoa’ mehleng ea mohlahlami oa ’musi enoa. Jesu o ile a bolaoa nakong ea puso ea mohlahlami oa Augusto, Tiberiuse.—Daniele 11:20-22.
b Bajode ba boholo-holo ka tloaelo ba ne ba nahana ka libeke tsa lilemo. Ka mohlala, feela joalokaha letsatsi le leng le le leng la bosupa e ne e le Sabbatha, selemo se seng le se seng sa bosupa e ne e le Sabbatha ea selemo.—Exoda 20:8-11; 23:10, 11.
LEKA TSEBO EA HAO
Lesika la Jesu le ile la tšehetsa boipolelo ba hae joang ba hore ke Messia?
Bo bong ba boprofeta ba Bomessia bo phethahalitsoeng ho Jesu ke bofe?
Molimo o ile a bontša joang ka ho toba hore Jesu e ne e le Motlotsuoa oa hae?
Ke hobane’ng ha Jesu e le senotlolo se phelang sa tsebo ea Molimo?
[Chate e leqepheng la 37]
BOPROFETA BO BONG BO IKHETHANG BA BOMESSIA
BOPROFETA KETSAHALO PHETHAHATSO
BOPHELO BA HAE BA PELE
Esaia 7:14 O tsoetsoe ke moroetsana Matheu 1:18-23
Jeremia 31:15 Bana ba bolailoe kamor’a tsoalo ea hae Matheu 2:16-18
TŠEBELETSO EA HAE
Esaia 61:1, 2 Thōmo ea hae e tsoa ho Molimo Luka 4:18-21
Esaia 9:1, 2 Tšebeletso e ile ea etsa hore Matheu 4:13-16
batho ba bone leseli le leholo
Pesaleme ea 69:9 Ho chesehela ntlo ea Jehova Johanne 2:13-17
Esaia 53:1 Ha ba mo lumele Johanne 12:37, 38
Zakaria 9:9; Ho kena Jerusalema a palame Matheu 21:1-9
Pesaleme ea 118:26 petsana ea esele; a thoholetsoa
e le morena hape e le ea tlang
ka lebitso la Jehova
HO EKOA HA HAE LE LEFU LA HAE
Pesaleme ea 41:9; Moapostola e mong ha a Liketso 1:15-20
109:8 tšepahale; o eka Jesu ’me o nkeloa sebaka hamorao
Zakaria 11:12 O ekiloe ka likotoana Matheu 26:14, 15
tse 30 tsa silevera
Pesaleme ea 27:12 Lipaki tsa bohata lia sebelisoa Matheu 26:59-61
khahlanong le eena
Pesaleme ea 22:18 Liaparo tsa hae li laoloa ka lotho Johanne 19:23, 24
Esaia 53:12 O baliloe le baetsalibe Matheu 27:38
Pesaleme ea 22:7, 8 A hlapaoloa ha a e-shoa Mareka 15:29-32
Pesaleme ea 69:21 A fuoa asene Mareka 15:23, 36
Esaia 53:5; A hlajoa Johanne 19:34, 37
Esaia 53:9 O patiloe le barui Matheu 27:57-60
Pesaleme ea 16:8-11, O tsositsoe pele a bola Liketso 2:25-32;
NW ftn. 13:34-37
[Setšoantšo se leqepheng la 35]
Molimo o ile a fa Jesu matla a ho phekola ba kulang