Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • cl khao. 17 maq. 169-178
  • Bohlale ba Molimo bo ke Keng ba Lekanngoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bohlale ba Molimo bo ke Keng ba Lekanngoa
  • Atamela ho Jehova
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bohlale ba Molimo ke Eng?
  • Bopaki ba Bohlale ba Molimo
  • Bohlale bo ka Nģ’ane ho Lefatše
  • Jehova ke “Eena Feela ea Bohlale”
  • “Ho Thaba Motho ea Fumaneng Bohlale”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Bohlale ba ’Nete bo Ntse bo Hoeletsa Haholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Na “Bohlale bo Tsoang Leholimong” bo Tataisa Bophelo ba Hao?
    Atamela ho Jehova
  • “Matlotlo ’Ohle a Bohlale”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
Bala Tse Ling
Atamela ho Jehova
cl khao. 17 maq. 169-178
Makau aa fofa.

KHAOLO EA 17

Bohlale ba Molimo bo ke Keng ba Lekanngoa

1, 2. Morero oa Jehova ka letsatsi la bosupa e ne e le ofe, hona bohlale ba Molimo bo ile ba behoa tekong joang qalong ea letsatsi leo?

O SOHLOKEHILE! Moloko oa batho, moqhaka oa khanya ea letsatsi la botšelela la popo, ka tšohanyetso o ile oa theoha boemong bo phahameng oa theohela boemong bo tlase-tlase. Jehova o ne a phatlalalitse hore “ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng,” ho akarelletsa batho, “e molemo haholo.” (Genese 1:31) Empa qalong ea letsatsi la bosupa, Adama le Eva ba ile ba ikhethela ho sala Satane morao bofetoheling ba hae. Ba ile ba itihela sebeng, ho se phethahaleng le lefung.

2 Ho ne ho ka ’na ha bonahala eka morero oa Jehova ka letsatsi la bosupa o nyopile. Letsatsi leo, joaloka a mang a tšeletseng a tlileng pele ho lona, le ne le tla nka lilemo tse sekete. Jehova o ne a le phatlalalitse le halalela, ’me qetellong ea lona lefatše lohle e ne e lokela hore e be e le paradeise e tletseng lelapa le phethahetseng la batho. (Genese 1:28; 2:3) Empa ka mor’a bofetoheli boo bo ileng ba tlisa tlokotsi, seo se ne se ka etsahala joang? Molimo o ne a tla etsa joang? Jehova o ne a tla ipaka ka tsela e hlollang hore ke Molimo ea bohlale ka ho fetisisa.

3, 4. (a) Ke hobane’ng ha tsela eo Jehova a ileng a nka khato ka eona ka bofetoheli Edene e le mohlala o mong o susumetsang tlhompho e tebileng ea bohlale ba hae? (b) Boikokobetso bo lokela ho re susumelletsa ho hopola ’nete efe ha re ntse re ithuta ka bohlale ba Jehova?

3 Jehova o ile a nka khato hang-hang. O ile a ahlola bafetoheli bao Edene, a boela a hlalosa morero oa hae o babatsehang oa ho lokisa mathata ao ba a bakileng. (Genese 3:15) Morero oa Jehova o bonelang hole o tloha Edene o pholletsa le lilemo tse likete tsa pale ea motho ’me o fetela pele, bokamosong bo sa ntseng bo le hole. Ke morero o bonolo ka tsela e hlollang empa o nang le liphello tse tebileng hoo ’mali oa Bibele a ka qetang nako a ntse a ithuta le ho nahana ka oona. Ho feta moo, morero oa Jehova joang kapa joang o tla atleha. O tla felisa bokhopo bohle, sebe le lefu. O tla etsa hore batho ba tšepahalang ba finyelle phethehong. Sena sohle se tla etsahala pele letsatsi la bosupa le fela, ke hore, ho sa tsotellehe ntho leha e le efe, Jehova o tla be a phethahalitse morero oa hae ka lefatše le moloko oa batho hantle ka nako ea teng!

4 Na bohlale boo ha bo u susumelletse hore u be le tlhompho e tebileng? Moapostola Pauluse o ile a susumelletseha hore bohlale ba molimo ke bo ke keng ba lekanngoa. (Baroma 11:33) Ha re ntse re ithuta likarolo tse sa tšoaneng tsa bokhabane bona ba Molimo, boikokobetso bo lokela ho re susumelletsa ho hopola ’nete ena ea bohlokoa ea hore leha re ka leka kahohle, re ka utloisisa karolo e nyenyane feela ea bohlale bo tebileng ba Jehova. (Jobo 26:14) A re qaleng ka ho hlalosa bokhabane bona bo re susumelletsang hore re be le tlhompho e tebileng.

Bohlale ba Molimo ke Eng?

5, 6. Tsebo e amana joang le bohlale, hona Jehova o na le tsebo e pharaletseng hakae?

5 Bohlale le tsebo ke lintho tse peli tse fapaneng. Lik’homphieutha li ka boloka boitsebiso bo bongata, empa ho thata ho nahana hore motho leha e le ofe a ka re mechine eo e bohlale. Leha ho le joalo, tsebo le bohlale lia amana. (Liproverbia 10:14) Ka mohlala, haeba u hloka keletso e bohlale ea ho alafa boloetse bo itseng bo tebileng, na u ne u tla batla keletso ho maithutoana kapa ho motho feela tjee ea sa tsebeng letho ka phekolo ea meriana? Le hanyenyane! Kahoo ho ba le bohlale ba sebele ho hloka tsebo e nepahetseng.

6 Jehova o na le pokello e se nang moeli ea tsebo. Kaha ke “Morena oa bosafeleng,” ke eena feela eo haesale a ntse a le teng. (Tšenolo 15:3) ’Me o ’nile a bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahalang ka lilemo tseo tsohle tse sa tsejoeng. Bibele e re: “Molimo o bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe, lintho tsohle lia bonahala ’me li pepesitsoe ka pel’a mahlo a ea tla re ahlola ho ea ka mesebetsi ea rona.” (Baheberu 4:13; Liproverbia 15:3) Kaha ke ’Mopi, Jehova o utloisisa ka ho feletseng seo a se entseng, ’me o ’nile a bona liketso tsohle tsa batho ho tloha qalong. O lekola pelo ea motho e mong le e mong, ha ho letho leo a sa le boneng. (1 Likronike 28:9) Kaha o re bopile re e-na le bolokolohi ba ho ikhethela, oa thaba ha a bona re etsa liqeto tse bohlale bophelong. Kaha ke “Ea Utloang thapelo,” o mamela lithapelo tse ngata ka nako e le ’ngoe! (Pesaleme ea 65:2) Ha ho potang hore Jehova o na le mohopolo o phethahetseng.

7, 8. Jehova o bonahatsa kutloisiso, temoho le bohlale joang?

7 Ha se feela hore Jehova o na le tsebo. O boetse o bona kamoo lintho li amanang kateng ’me o utloisisa ka ho feletseng boemo bo nang le makolopetso a mangata. O leka-lekanya boemo le ho ahlola, o khetholla se molemo ho se sebe, seo e leng sa bohlokoa ho seo e seng sa bohlokoa. Ho feta moo, ha a habanye ka holimo feela, o hlahlobisisa pelo. (1 Samuele 16:7) Kahoo, Jehova o na le kutloisiso le temoho, e leng litšobotsi tse phahametseng tsebo. Empa bohlale bona bo li phahametse le ho feta.

8 Bohlale bo akarelletsa ho sebelisa tsebo, temoho le kutloisiso hore li hlahise liphello tse lakatsehang. Ha e le hantle, mantsoe a mang a qalong a Bibele a fetoletsoeng e le “bohlale” a hlile a bolela “mosebetsi o atlehang” kapa “bohlale bo sebetsang.” Kahoo bohlale ba Jehova hase khopolo-taba feela tjee. Boa sebetsa, ’me boa atleha. A sebelisa tsebo ea hae e pharaletseng le kutloisiso ea hae e tebileng, kamehla Jehova o etsa liqeto tse molemo ka ho fetisisa tse ka khonehang, o li phethahatsa ka tsela e molemo ka ho fetisisa e ka nahanoang. Boo ke bohlale ba sebele! Jehova o bonahatsa bonnete ba mantsoe a Jesu a reng: “Lintho tse lokileng tseo motho a li etsang li bontša hore o bohlale.” (Matheu 11:19) Mesebetsi ea Jehova bokahohleng bohle e fana ka bopaki bo matla ba bohlale ba hae.

Bopaki ba Bohlale ba Molimo

9, 10. (a) Jehova o bontša bohlale ba mofuta ofe, hona o bo bonahalitse joang? (b) Sele e paka bohlale ba Jehova joang?

9 Na u kile ua hlolloa ke boqapi ba setsebi sa mesebetsi ea matsoho se etsang lintho tse ntle tse sebetsang hantle? Oo ke mohlala o tsotehang oa bohlale. (Exoda 31:1-3) Jehova ke eena Mohloli oa bohlale boo ebile ke eena Mong’a bona e moholo ka ho fetisisa. Morena Davida o ile a re ka Jehova: “Kea u rorisa hobane u nkentse ka tsela e hlollang haholo. Mesebetsi ea hao e metle, ke tseba sena hantle.” (Pesaleme ea 139:14) Ha e le hantle, ha re ntse re ithuta ka ho eketsehileng ka ’mele oa motho, re hlolloa ke bohlale ba Jehova le ho feta.

10 Ka mohlala, u qalile u le sele e le ’ngoe, sele ea lehe le tsoang ho ’mè oa hao e emolisitsoeng ke peo ea botona e tsoang ho ntate oa hao. Ka mor’a nakoana, sele eo e ile ea qala ho arohana. U qeteletse u entsoe ka lisele tse ka bang libilione tse 100. Li nyenyane haholo. Lisele tse boholo bo itekanetseng tse ka bang 10 000 li ka fella ntlheng ea nalete. Empa, e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e bopiloe ka mokhoa o rarahaneng ka tsela e makatsang. Sele e rarahane ho feta mochine kapa fektheri leha e le efe e entsoeng ke motho. Bo-rasaense ba bolela hore sele e tšoana le motse o lika-likelitsoeng ke marako, o nang le menyako e laoloang bakeng sa ho kena le ho tsoa, tsamaiso ea thepa, tsamaiso ea puisano, mehloli ea tlhahiso ea matla, lifektheri, ho lahloa ha litšila le ho nchafatsoa ha thepa e sebelisitsoeng, mekhoa ea ho itšireletsa, esita le mofuta o itseng oa setsi sa taolo se khubung ea eona. Ho feta moo, sele e ka hlahisa e ’ngoe e tšoanang le eona hantle ka lihora tse seng kae feela!

11, 12. (a) Ke’ng e etsang hore lisele tsa lesea le sa tsoa emoloa li nke libopeho tse sa tšoaneng, hona see se lumellana joang le Pesaleme ea 139:16? (b) Boko ba motho bo bontša joang hore re ‘entsoe ka tsela e hlollang’?

11 Ke ’nete hore ha se lisele tsohle tse tšoanang. Ha lisele tsa lesea le sa tsoa emoloa li ntse li arohana, li qala ho etsa mesebetsi e fapa-fapaneng. Lisele tse ling e tla ba tsa methapo ea kutlo, tse ling e be tsa masapo, mesifa, mali, kapa lisele tsa leihlo. Libopeho tseo kaofela tse sa tšoaneng li ngotsoe “laebraring” ea moralo oa liphatsa tsa lefutso o ka har’a sele, e leng DNA. Ka ho thahasellisang, Davida o ile a bululeloa hore a re ho Jehova: “U ile oa mpona ke sa le lesea le ka popelong. Likarolo tsohle tsa ka li ne li ngotsoe bukeng ea hao.”—Pesaleme ea 139:16.

12 Litho tse ling tsa ’mele li rarahane haholo. Ka mohlala, nahana ka boko ba motho. Ba bang ba ’nile ba re ke ntho e rarahaneng ka ho fetisisa e kileng ea fumanoa bokahohleng. Bo na le lisele tsa kutlo tse ka bang limilione tse likete tse 100 e leng palo e batlang e lekana le ea linaleli tse teng sehlopheng sa rona sa linaleli. E ’ngoe le e ’ngoe ea lisele tsena e hlahisa makalana a likete a e hokahanyang le lisele tse ling. Bo-rasaense ba bolela hore boko ba motho bo ka jara boitsebiso bohle bo lilaebraring tsohle tsa lefatše le hore ha e le hantle matla a bona a polokelo a ke ke a lekanngoa. Ho sa tsotellehe lilemo tse mashome tsa ho ithuta setho sena se ‘entsoeng ka tsela e hlollang,’ bo-rasaense baa lumela hore mohlomong ha ho mohla ba tla ke ba utloisise ka ho feletseng hore na se sebetsa joang.

13, 14. (a) Bohloa le liphoofolo tse ling li bontša joang hore li “bohlale ka tlhaho,” hona seo se re ruta’ng ka ’Mopi oa tsona? (b) Ke hobane’ng ha re ka re lintho tse kang tepo ea sekho li entsoe “ka bohlale”?

13 Leha ho le joalo, batho e mpa e le mohlala o mong feela oa bohlale ba Jehova ba popo. Pesaleme ea 104:24 e re: “Jehova, lintho tseo u li entseng li ngata haholo. Kaofela ha tsona u li entse ka bohlale. Lefatše le tletse lintho tseo u li entseng.” Bohlale ba Jehova bo totobetse popong eohle e re potolohileng. Ka mohlala, bohloa bo “bohlale ka tlhaho.” (Liproverbia 30:24) Ha e le hantle, bohloa bo hlophisitsoe ka tsela e ntle haholo. Bo bong bo hlokomela likokoanyana tse bitsoang hoaba joalokaha eka ke mohlape oa liphoofolo, boa li sireletsa bo bile bo li sebelisa e le lijo tse matlafatsang. Bohloa bo bong bo sebetsa e le lihoai, bo lema “lijalo” tse kang boroku le ho li hlaolela. Liphoofolo tse ling tse ngata le tsona li kentsoe kelello ea hore li etse lintho tse ling tse hlollang ka tlhaho. Ntsintsi feela tjee e tloaelehileng e fofa ka tsela e hlollang hoo le sefofane se tsoetseng pele ka ho fetisisa se entsoeng ke motho se ke keng sa khona ho e etsisa. Linonyana tse fallang li tataisoa ke linaleli, matla a lefatše a khoheli, kapa mofuta o mong o itseng oa ’mapa o ka hare ho tsona oa tlhaho. Litsebi tsa baeloji li qeta lilemo tse ngata li ithuta tsela e rarahaneng eo liphoofolo tsena li itšoarang ka eona ho ea kamoo li bopiloeng kateng. Kahoo, e tlameha ebe Molimo ea li entseng o bohlale hakaakang!

14 Bo-rasaense ba ithutile ho hongata bohlaleng ba Jehova ba popo. Ho bile ho na le lefapha la boenjiniere, le bitsoang biomimetics, le lekang ho etsisa boqapi bo fumanoang tlhahong. Ka mohlala, e ka ’na eaba u kile oa hlolloa ke botle ba tepo ea sekho. Empa moenjiniere eena o e bona e le boqapi bo tsotehang. Likhoele tse ling tsa tepo tse bonahalang li tetema li matla ho feta tšepe, li tiile ho feta likhoele tsa seaparo se thibelang likulo. Ha e le hantle li matla hakae? Ak’u nahane ka tepo ea sekho e holisitsoeng ho fihlela e lekana le letlooa le sebelisoang seketsoaneng sa ho tšoasa litlhapi. Tepo eo e ka tšoasa sefofane sa baeti se ntse se fofa! E, Jehova o entse lintho tse joalo kaofela “ka bohlale.”

Litšoantšo: Bohlale ba Jehova. 1. Tepo. 2. Likokoanyana li entse mola li nkile makhasi. 3. Makau aa fofa.

Ke mang ea kentseng ‘bohlale ba tlhaho’ liphoofolong tsa lefatše?

Bohlale bo ka Nģ’ane ho Lefatše

15, 16. (a) Maholimo a tletseng linaleli a fana ka bopaki bofe ba bohlale ba Jehova? (b) Boemo ba Jehova e le Molaoli ea Phahameng ka ho Fetisisa oa mangeloi a mangata-ngata, bo paka joang hore ke Motsamaisi ea bohlale?

15 Bohlale ba Jehova bo bonahala mesebetsing ea hae hohle bokahohleng. Maholimo a tletseng linaleli, ao re buisaneng ka ’ona haleletsana Khaolong ea 5, ha aa papanehoa feela sepakapakeng. Ka lebaka la bohlale ba “melao ea [Jehova ea] maholimo,” maholimo a hlophisitsoe ka lihlopha tse ntle tsa linaleli ’me le tsona lihlopha tseo li ngata bo thibang letsatsi. (Jobo 38:33, Bibele ea Sesotho) Ha se feela Jehova a bitsang lihloliloeng tsa leholimo “lebotho”! (Esaia 40:26) Leha ho le joalo, ho na le lebotho le leng le bonahatsang bohlale ba Jehova ka ho hlakileng le ho feta.

16 Joalokaha re hlokometse Khaolong ea 4, Molimo o bitsoa ka tlotla e reng “Jehova oa mabotho” ka lebaka la boemo ba hae e le Molaoli ea Phahameng ka ho Fetisisa oa lebotho le leholohali la libopuoa tsa moea tse limilione tse makholo. Bona ke bopaki ba matla a Jehova. Leha ho le joalo, bohlale ba hae bo ameha joang? Nahana, ha ho mohla Jehova le Jesu ba khaotsang ho sebetsa. (Johanne 5:17) Ka ho utloahalang, mangeloi a sebeletsang Ea Phahameng ka ho Fetisisa le ’ona a lula a tšoarehile. Hopola hore a phahametse batho, a bohlale haholo a bile a matla ho ba feta. (Baheberu 1:7; 2:7) Leha ho le joalo, Jehova o ’nile a boloka mangeloi ao kaofela a tšoarehile, a sebetsa a thabile mosebetsing o khotsofatsang, a phetha “litaelo ea hae” le ho etsa “thato ea hae” ka lilemo tse limilione tse likete. (Pesaleme ea 103:20, 21) E tlameha ebe bohlale ba Motsamaisi eo ke bo hlollang hakaakang!

Jehova ke “Eena Feela ea Bohlale”

17, 18. Ke hobane’ng ha Bibele e re Jehova ke “eena feela ea bohlale,” hona ke hobane’ng ha bohlale ba hae bo lokela ho etsa hore re be le tlhompho e tebileng?

17 Ha re nahana ka bopaki boo, na ke ho makatsang ha Bibele e bontša hore bohlale ba Jehova bo phahame ka ho fetisisa? Ka mohlala, e re Jehova ke “eena feela ea bohlale.” (Baroma 16:27) Ke Jehova feela ea bohlale ka kutloisiso e feletseng. Ke eena Mohloli oa bohlale bohle ba sebele. (Liproverbia 2:6) Ke kahoo Jesu a neng a sa itšetleha ka bohlale ba hae le hoja e le sebopuoa sa Jehova se bohlale ka ho fetisisa, empa o ne a bua joalokaha Ntate oa hae a mo laetse.—Johanne 12:48-50.

18 Hlokomela tsela eo ka eona moapostola Pauluse a ileng a hlalosa kamoo bohlale ba Jehova bo ikhethang kateng ha a re: “Litlhohonolofatso tsa Molimo li ngata hakaakang! Bohlale ba hae le lintho tseo a li tsebang li ke ke tsa lekanngoa. Likahlolo tsa hae li ke ke tsa utloisisoa ka ho feletseng hape re ke ke ra tseba litsela tsa hae kaofela.” (Baroma 11:33) Ka ho kenya lekhotsa “hakaakang!” temaneng ena Pauluse o ne a bontša maikutlo a tebileng e leng tlhompho e tebileng ntlheng ena. Lentsoe la Segerike leo a ileng a le khetha bakeng sa “li ke ke tsa lekanngoa” le amana haufi le lentsoe le sebelisoang bakeng sa “sekoti se tebileng.” Kahoo, mantsoe a hae a fana ka setšoantšo se hlakileng kelellong. Ha re nahanisisa ka bohlale ba Jehova, ho tšoana le ha re nyarela ka sekoti se tebileng, seo ho se nang moo o fellang teng, se tebileng hoo le ka mohla re ke keng ra utloisisa boholo ba sona, re se re sa re letho ka ho se hlalosa ka ho qaqileng. (Pesaleme ea 92:5) Na eo ha se khopolo e khothatsang?

19, 20. (a) Ke hobane’ng ha ntsu e le tšoantšetso e loketseng ea bohlale ba Molimo? (b) Jehova o ile a bonahatsa bokhoni ba hae ba ho bona bokamoso joang?

19 Jehova ke “eena feela ea bohlale” ka kutloisiso e ’ngoe hape, ke eena feela ea khonang ho bona bokamoso. Hopola hore Jehova o sebelisa ntsu e bonelang hole ho tšoantšetsa bohlale ba hae. Ntsu e kholo e ka ’na ea e-ba boima ba lik’hilokramo tse hlano feela, empa mahlo a eona a maholo ho feta a motho e moholo. Ntsu e bona hole ka tsela e hlollang, e khona ho bona phofu ea eona e nyenyane le hoja eona e le holimo haholo! Jehova o kile a re ka ntsu: “Mahlo a eona a khona ho bona hole.” (Jobo 39:29) Ka kutloisiso e tšoanang, Jehova a ka khona ho bona lintho nako e telele haholo pele li ka etsahala.

20 Bibele e na le bopaki bo bongata ba hore sena ke ’nete. E na le likarolo tse makholo tsa boprofeta, kapa histori e ngotsoeng esale pele. Phello ea lintoa, ho phahama le ho oa ha mebuso ea lefatše, esita le maqheka a qaqileng a balaoli ba mabotho lintoeng tse itseng kaofela li ile tsa boleloa esale pele ka Bibeleng, maemong a mang, lilemo tse makholo esale pele.—Esaia 44:25–45:4; Daniele 8:2-8, 20-22.

21, 22. (a) Ke hobane’ng ha ho se na motheo oa ho etsa qeto ea hore Jehova o bone esale pele lintho tsohle tseo u tlang ho li khetha bophelong? Fana ka mohlala. (b) Re tseba joang hore bohlale ba Jehova ha se bo hlokang maikutlo kapa kutloelo-bohloko?

21 Leha ho le joalo, na see se bolela hore Molimo o se a ntse a bone lintho tseo u tlang ho li khetha bophelong? Ba bang ba rutang thuto ea ho rereloa qetello esale pele ba tsitlella hore ho joalo. Leha ho le joalo, ha e le hantle khopolo eo e nyenyefatsa bohlale ba Jehova, kaha e fana ka maikutlo a hore o sitoa ho laola bokhoni ba hae ba ho talima bokamosong. Ka mohlala: Haeba u ne u e-na le lentsoe le binang hamonate-nate, na u ne u tla lulela ho bina nako ee eohle? Eo ke khopolo e sa utloahaleng! Ka ho tšoanang, Jehova o khona ho tseba bokamoso esale pele, empa ha a sebelise bokhoni boo ka linako tsohle. Ho etsa joalo ho ka ’na ha kena-kenana le bolokolohi ba rona ba ho ikhethela, e leng mpho ea bohlokoa eo Jehova a ke keng a re amoha eona le ka mohla.—Deuteronoma 30:19, 20.

22 Ho hobe le ho feta ke hore khopolo eo ea ho rereloa qetello esale pele e fana ka maikutlo a hore bohlale ba Jehova ha bo na maikutlo, lerato, kutloelo-bohloko, kapa qenehelo. Empa ka sebele seo hase ’nete ho hang! Bibele e ruta hore Jehova “o [pelo e] bohlale.” (Jobo 9:4) Ha se hore o na le pelo ea sebele, empa Bibele e atisa ho sebelisa lentsoe leo ho bontša motho ea ka hare, ea akarelletsang matla a susumetsang le maikutlo, a kang lerato. Kahoo bohlale ba Jehova, joaloka makhabane a mang a hae, bo laoloa ke lerato.—1 Johanne 4:8.

23. Bophahamo ba bohlale ba Jehova bo lokela ho re susumelletsa ho etsa eng?

23 Ha ho pelaelo hore bohlale ba Jehova bo ka tšeptjoa ka ho feletseng. Bo phahametse bohlale ba rona hole hoo ka lerato Lentsoe la Molimo le re phehellang le re: “Tšepa Jehova ka pelo eohle ea hao, u se ke oa itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo kenye mererong eohle ea hao, o tla otlolla litsela tsa hao.” (Liproverbia 3:5, 6) Joale a re fuputseng bohlale ba Jehova ka ho tebileng e le hore re ka atamela haufi le Molimo oa rona ea nang le bohlale bohle.

Lipotso Tsa ho Thuisa

  • Jobo 28:11-28 Bohlale ba Molimo ke ba bohlokoa hakae, hona ho thuisa ka bona ho ka hlahisa phello efe e molemo?

  • Pesaleme ea 104:1-25 Bohlale ba Jehova bo bonahatsoa joang popong, hona see se etsa u be le maikutlo afe?

  • Liproverbia 3:19-26 Ha re nahanisisa ka bohlale ba Jehova ’me re bo sebelisa, seo se ka ama bophelo ba rona ba letsatsi le letsatsi joang?

  • Daniele 2:19-28 Ke hobane’ng ha Jehova a bitsoa Mosenoli oa liphiri, hona re lokela ho arabela joang bohlaleng ba boprofeta bo fumanoang Lentsoeng la hae?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela