Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • cl khao. 22 maq. 219-228
  • Na “Bohlale bo Tsoang Leholimong” bo Tataisa Bophelo ba Hao?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na “Bohlale bo Tsoang Leholimong” bo Tataisa Bophelo ba Hao?
  • Atamela ho Jehova
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re ka “Fumana Bohlale” Joang?
  • “Motho ea Bohlale o Phela Bophelo bo Hloekileng, Hape o na le Khotso”
  • “Ha a Manganga, o Itokiselitse ho Mamela”
  • “O Mohau Haholo, o Etsa Lintho Tse Ntle”
  • “Ha a Khetholle Ebile ha se Moikaketsi”
  • “Sireletsa Bohlale”
  • Bontša Bohlale bo Tsoang ho Molimo
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
  • Bohlale ba ’Nete bo Ntse bo Hoeletsa Haholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • “Ho Thaba Motho ea Fumaneng Bohlale”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Bohlale ba Molimo bo ke Keng ba Lekanngoa
    Atamela ho Jehova
Bala Tse Ling
Atamela ho Jehova
cl khao. 22 maq. 219-228
Morali oa bo rona o bala Bibele le lingoloa tse thehiloeng Bibeleng.

KHAOLO EA 22

Na “Bohlale bo Tsoang Leholimong” bo Tataisa Bophelo ba Hao?

1-3. (a) Solomone o ile a bonahatsa bohlale bo tsotehang joang tseleng eo a ileng a rarolla qaka ea hore na ’mè oa lesea ke mang? (b) Jehova o tšepisa ho re fa eng, hona ho hlaha lipotso life?

E NE e le qaka, basali ba babeli ba ne ba tseka lesea. Basali bao ba ne ba lula ka tlung e le ’ngoe, ’me ka bobeli ba bile le bana ba bashemane, ba sieanang ka matsatsi feela. Lesea le leng le ile la shoa, ’me joale e mong le e mong oa basali bana o ne a re ke eena ’mè oa lesea le phelang.a Ho ne ho se na batho ba bang ba ka pakang se etsahetseng. E ka ’na eaba lekhotla le tlasana le ne le ile la mamela nyeoe eo empa le hlotsoe ho e rarolla. Qetellong, nyeoe eo e ile ea isoa ho Solomone, morena oa Iseraele. Na o ne a tla khona ho utolla ’nete?

2 Ka mor’a ho qeta nakoana a mametse ho ngangisana ha basali bao, Solomone o ile a re ho tlisoe sabole. A bonahala a lomahantse meno, a laela hore ngoana eo a aroloe likoto tse peli, mosali ka mong a fuoe sekoto se seng. Hang-hang, eo e hlileng e leng ’mè oa ngoana a kopa morena hore a fe mosali e mong lesea leo, e leng ngoan’a hae eo a mo ratang. Empa mosali e mong eena a tsitlallela hore ngoana a aroloe likoto tse peli. Joale Solomone o ne a tseba seo e leng ’nete. O ne a tseba kamoo ’mè a nang le qenehelo e mofuthu kateng ngoaneng ea tsoang popelong ea hae, ’me o ile a sebelisa tsebo eo ho rarolla qaka ena. Ak’u nahane kamoo ’mè eo a ileng a nyakalla kateng ha Solomone a mo neha lesea ’me a re: “Ke eena ’mè oa hae.”—1 Marena 3:16-27.

3 Na boo e ne e se bohlale bo tsotehang? Ha batho ba utloa kamoo Solomone a ahlotseng nyeoe eo kateng, ba ile ba tsota, “hobane ba ne ba bona hore Molimo o mo file bohlale.” E, bohlale ba Solomone e ne e le mpho e tsoang ho Molimo. Jehova o ne a mo file “bohlale le kutloisiso.” (1 Marena 3:12, 28) Empa ho thoe’ng ka rona? Na le rona re ka fumana bohlale bo tsoang ho Molimo? E, hobane Solomone o ile a ngola tjena a le tlas’a pululelo: “Jehova o fana ka bohlale.” (Liproverbia 2:6) Jehova o tšepisa ho fana ka bohlale ho ba bo kopang ka tieo e leng bokhoni ba ho sebelisa tsebo, kutloisiso le temoho ka tsela e molemo. Re ka fumana bohlale bo tsoang ho Molimo joang? Hona re ka bo sebelisa joang bophelong ba rona?

Re ka “Fumana Bohlale” Joang?

4-7. Ho hlokahala lintlha life tse ’nè e le hore re fumane bohlale?

4 Na re tlameha ho ba bohlale ka tlhaho kapa ho ruteha e le hore re fumane bohlale bo tsoang ho Molimo? Che. Jehova o ikemiselitse ho re fa bohlale ba hae ho sa tsotellehe maemo a rona le thuto eo re nang le eona. (1 Bakorinthe 1:26-29) Empa re lokela ho nka khato ea pele, kaha Bibele e re phehella hore re ‘fumane bohlale.’ (Liproverbia 4:7) Re ka bo fumana joang?

5 Ntlha ea pele, re lokela ho tšaba Molimo. Liproverbia 9:10 e re: “Mohato oa pele oa ho fumana bohlale ke ho hlompha [kapa ho tšaba] Jehova, [“ke khato ea pele e lebisang bohlaleng,” The New English Bible].” Ho tšaba Molimo ke motheo oa bohlale ba ’nete. Hobane’ng? Hopola hore bohlale bo akarelletsa bokhoni ba ho sebelisa tsebo ka katleho. Ho tšaba Molimo ha se ho tlakasela ka pel’a hae, empa ke ho ikokobelletsa eena ka tšabo e nang le tlhompho le ho mo tšepa. Tšabo eo e molemo ebile ke tšusumetso e matla. E re susumelletsa ho fetola bophelo ba rona hore bo lumellane le seo re se tsebang ka thato ea Molimo le litsela tsa hae. Ke eona tsela feela e bohlale eo re ka e khethang, kaha kamehla litekanyetso tsa Jehova li ruisa ba li latelang molemo o moholo ka ho fetisisa.

6 Ntlha ea bobeli, re lokela ho ikokobetsa le ho inyenyefatsa. Re ke ke ra fumana bohlale bo tsoang ho Molimo haeba re sa ikokobetsa ebile re sa inyenyefatsa. (Liproverbia 11:2) Hobane’ng? Haeba re ikokobetsa re bile re inyenyefatsa, re lumela habonolo hore ha re tsebe ntho e ’ngoe le e ’ngoe, hore ka linako tse ling likhopolo tsa rona e ba tse fosahetseng le hore re lokela ho tseba hore na Jehova o nahana joang ka lintho. Jehova o “hanyetsa ba ikhohomosang,” empa o thabela ho fa ba ikokobelitseng pelong bohlale.—Jakobo 4:6.

7 Ntlha ea boraro e hlokahalang ke ho ithuta Lentsoe la Molimo le ngotsoeng. Bohlale ba Jehova bo senotsoe ka Lentsoeng la hae. E le hore re fumane bohlale boo, re lokela ho etsa boiteko ba ho bo batla. (Liproverbia 2:1-5) Ntlha ea bone e hlokahalang ke thapelo. Haeba re kopa Molimo bohlale ka tieo, o tla re fa bona ka seatla se bulehileng. (Jakobo 1:5) Ha re kopa thuso ea moea oa hae ka thapelo o tla re araba. Moea oa hae o ka re nolofalletsa ho fumana matlotlo a ka Lentsoeng la hae a ka re thusang ho rarolla mathata, ho qoba kotsi le ho etsa liqeto tse bohlale.—Luka 11:13.

E le hore re fumane bohlale bo tsoang ho Molimo, re lokela ho etsa boiteko bo matla ba ho bo batla

8. Haeba re hlile re fumane bohlale ba leholimong, hoo ho tla bonahala joang?

8 Joalokaha re hlokometse Khaolong ea 17, bohlale ba Jehova boa sebetsa. Kahoo, haeba re hlile re fumane bohlale bo tsoang ho Molimo, bo tla totobala tseleng eo re itšoarang ka eona. Morutuoa Jakobo o ile a hlalosa litholoana tsa bohlale bo tsoang ho Molimo ha a ne a ngola a re: “Motho ea nang le bohlale bo tsoang leholimong pele ho tsohle o phela bophelo bo hloekileng, hape o na le khotso, ha a manganga, o itokiselitse ho mamela, o mohau haholo, o etsa lintho tse ntle, ha a khetholle ebile ha se moikaketsi.” (Jakobo 3:17) Ha re ntse re tšohla litšobotsi tsena tsa bohlale bo tsoang ho Molimo ka bomong, re ka ’na ra ipotsa, ‘Na ke tataisoa ke bohlale bo tsoang leholimong bophelong ba ka?’

“Motho ea Bohlale o Phela Bophelo bo Hloekileng, Hape o na le Khotso”

9. Ho hloeka ho bolela eng, hona ke hobane’ng ha ho loketse hore ebe bohloeki ke eona tšobotsi ea pele ea bohlale e thathamisitsoeng?

9 “Motho ea bohlale o phela bophelo bo hloekileng.” Ho hloeka ho bolela ho se be le sekoli le ho se silafale eseng feela ponahalong ea ka ntle empa le ka hare. Bibele e amahanya bohlale le pelo, empa bohlale bo tsoang leholimong bo ke ke ba kena pelong e silafalitsoeng ke mehopolo, litakatso le litšusumetso tse khopo. (Liproverbia 2:10; Matheu 15:19, 20) Leha ho le joalo, haeba lipelo tsa rona li hloekile, ho isa boholeng boo ho bona batho ba sa phethahalang ba ka khonang, re tla “tlohela lintho tse mpe, [re] etse tse ntle.” (Pesaleme ea 37:27; Liproverbia 3:7) Na ha se ho loketseng hore ebe bohloeki ke eona tšobotsi ea pele ea bohlale e thathamisitsoeng? Etsoe haeba re sa hloeka boitšoarong le moeeng, re ka bonahatsa litšobotsi tse ling tsa bohlale bo tsoang leholimong ka tieo joang?

10, 11. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re be batho ba nang le khotso? (b) Haeba u lemoha hore u khopisitse morapeli-’moho le uena, u ka iponahatsa u le motho ea nang le khotso joang? (Sheba naletsana.)

10 “Hape o na le khotso.” Bohlale bo tsoang leholimong bo re susumelletsa ho phehella khotso, e leng tholoana e behoang ke moea oa Molimo. (Bagalata 5:22) Re leka ka matla ho qoba ho senya khotso e kopanyang batho ba Jehova. (Baefese 4:3) Re boetse re etsa sohle se matleng a rona ho tsosolosa khotso ha e lukehile. Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa? Bibele e re: “Le tsoele pele . . . ho phela ka khotso ’me Molimo ea lerato le ea fanang ka khotso o tla ba le lona.” (2 Bakorinthe 13:11) Kahoo hafeela re ntse re phela ka khotso, Molimo oa khotso o tla ba le rona. Tsela eo re tšoarang barapeli-’moho le rona ka eona e ama kamano ea rona le Jehova ka ho toba. Re ka iponahatsa re le batho ba nang le khotso joang? Nahana ka mohlala ona.

11 U lokela ho etsa’ng haeba u lemoha hore u khopisitse morapeli-’moho le uena? Jesu o ile a re: “Haeba u tlisa mpho ea hao aletareng ebe oa hopola hore ho na le ntho eo u khopisitseng ngoan’eno ka eona, u siee mpho ea hao moo ka pel’a aletare u tsamaee. U bope khotso le ngoan’eno pele ebe ha u khutlile u nyehela mpho ea hao.” (Matheu 5:23, 24) U ka sebelisa keletso eo ka ho nka khato ea pele ea ho ea ho mor’eno. Ka sepheo sefe? Sa ho ea ‘bopa khotso’ le eena.b Hore u finyelle seo, u ka ’na oa lokela ho lumela hore o hlabehile maikutlo, ho e-na le hore u hane. Haeba u ea ho eena ka sepheo sa ho tsosolosa khotso u bile u ikemiselitse ho etsa joalo, mohlomong le ka rarolla ho se utloisisane leha e le hofe, motho ka mong a kopa tšoarelo ’me le tšoarelana. Ha u nka bohato ba pele ba ho etsa khotso, u bontša hore u tataisoa ke bohlale bo tsoang ho Molimo.

“Ha a Manganga, o Itokiselitse ho Mamela”

12, 13. (a) Lentsoe le fetoletsoeng e le ‘ho se be manganga’ ho Jakobo 3:17 le bolela eng? (b) Re ka bontša joang hore ha re tsitlelle maikutlong a rona?

12 “Ha a manganga.” Ho se be manganga ho bolela’ng? Ho latela litsebi, ho thata ho fetolela lentsoe la qalong la Segerike le fetoletsoeng e le ‘ho se be manganga’ ho Jakobo 3:17. Lentsoe lena le fetisa mohopolo oa ho tenyetseha. Bafetoleli ba bang ba ’nile ba sebelisa mantsoe a kang “bonolo,” “mamello” le “ho nahanela.” Re ka bontša joang hore re tataisoa ke tšobotsi ee ea bohlale bo tsoang ho Molimo?

13 Bafilipi 4:5 e re: “Batho bohle ba ke ba bone hore ha le batho ba tsitlellang maikutlong a lona.” Phetolelo e ’ngoe e baleha tjena: “E-bang le botumo ba ho ba ba nang le kahlolo e molemo.” (The New Testament in Modern English, ea J. B. Phillips) Hlokomela hore ha se hakaalo taba ea hore na rona re italima joang; ke taba ea hore na ba bang ba re talima joang, hore na re tsebahala ka eng. Motho ea sa tsitlelleng maikutlong a hae ha a tsitlallele ho latela se ngotsoeng molaong kapa hore lintho li etsoe ka tsela ea hae ka linako tsohle. Ho e-na le hoo, o ikemiselitse ho mamela ba bang ’me o tsamaisana le maikutlo a bona ha ho loketse. Hape o bonolo, ha a khahlapetse ba bang kapa hona ho ba hatella ha a sebelisana le bona. Le hoja ho sebetsa le batho ka tsela ena e le habohlokoa ho Bakreste bohle, ke habohlokoa le ho feta ho ba sebeletsang e le baholo. Bonolo boa hohela, bo etsa hore baholo ba atamelehe. (1 Bathesalonika 2:7, 8) Bohle re lokela ho ipotsa: ‘Na ke tsebahala ke le motho ea nahanelang, ea tenyetsehang le ea bonolo?’

14. Re ka bontša joang hore re “itokiselitse ho mamela”?

14 “O itokiselitse ho mamela.” Ha ho kae kapa kae hape ka Mangolong a Segerike a Bakreste moo lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “o itokiselitse ho mamela” le fumanoang teng. Ho latela setsebi se seng, lentsoe lena “le atisa ho sebelisoa thupelong ea sesole.” Le fana ka maikutlo a ho “susumetseha habonolo” le a “ho ba ea ikokobelitseng.” Motho ea tataisoang ke bohlale bo tsoang ho Molimo o itokiselitse ho ikokobelletsa seo Mangolo a se bolelang. Ha se motho ea tsebahalang ka hore ha a ile a etsa qeto a ke ke a fetoha leha ho ka hlaha linnete tse sa lumellaneng le eena. Ho e-na le hoo, o potlakela ho fetoha ha a bontšoa bopaki bo hlakileng ba Mangolo ba hore o hatile ka leoto lesele kapa hore o entse liqeto tse fosahetseng. Na ke kamoo ba bang ba u tsebang kateng?

“O Mohau Haholo, o Etsa Lintho Tse Ntle”

15. Mohau ke’ng, hona ke hobane’ng ha ho loketse hore “mohau” o matahanngoe le “lintho tse ntle” ho Jakobo 3:17?

15 “O mohau haholo, o etsa lintho tse ntle.”c Mohau ke tšobotsi ea bohlokoa ea bohlale bo tsoang ho Molimo, kaha ho boleloa hore motho ea nang le bohlale bo joalo “o mohau haholo.” Hlokomela hore “mohau” o matahanngoa le “lintho tse ntle.” Hona ho loketse, hobane hangata ka Bibeleng mohau o bolela ho ameha ka ba bang ka ho nka khato e itseng, ho ba le qenehelo e lebisang liketsong tse ngata tse mosa. Buka e ’ngoe ea litšupiso e hlalosa mohau e le “ho sareloa ka lebaka la bothata ba motho e mong le ho leka ho etsa ho hong ka bona.” Motho ea nang le bohlale bo tsoang ho Molimo o amehile ka ho etsa lintho tse nepahetseng, ho tseba ’nete le ho ithuta empa o amehile ka batho haholo, oa ba rata, oa ba nahanela ebile o batla menyetla ea ho ba bontša mohau. Re ka bontša joang hore re tletse mohau?

16, 17. (a) Ho phaella ho rateng Molimo, ke’ng e re susumelletsang ho kopanela mosebetsing oa boboleli, hona hobane’ng? (b) Re ka bontša hore re tletse mohau ka litsela life?

16 Ka sebele tsela ea bohlokoa ke ho arolelana le ba bang litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo. Ke’ng e re susumelletsang ho etsa mosebetsi oo? Lebaka le ka sehloohong ke ho rata Molimo. Empa re boetse re susumetsoa ke mohau, kapa ho ba le qenehelo ho batho ba bang. (Matheu 22:37-39) Ba bangata kajeno ba “sotlehile ebile ba qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.” (Matheu 9:36) Ba siiloe kherehloa le ho foufatsoa moeeng ke balisa ba bolumeli ba bohata. Ka lebaka leo, ha ba tsebe tataiso e bohlale e fumanoang Lentsoeng la Molimo kapa litlhohonolofatso tseo ’Muso oa Molimo o tla li tlisa lefatšeng lena haufinyane. Ka hona ha re nahana ka litlhoko tsa moea tsa batho ba re potolohileng, rea ba qenehela ebe re susumelletsa ho etsa sohle se matleng a rona ho ba bolella ka morero o lerato oa Jehova.

Banyalani ba na le bana ba bona ba babeli ba tliselitse morali oa bo rona ea holileng lijo. Ba nkile lithulusi ho thusa moo e ka bang ho senyehile.

Ha re bontša mohau kapa qenehelo ho ba bang, re bonahatsa “bohlale bo tsoang ho Molimo”

17 Re ka bontša ka litsela life hape hore re tletse mohau? Hopola papiso ea Jesu ea Mosamaria ea ileng a fumana motho e mong ea neng a le leetong a rapaletse ka thoko ho tsela, a utsoelitsoe a bile a khakhathiloe. Mosamaria eo a susumelitsoe ke qenehelo, o ile “a mo hauhela,” a tlamisa maqeba a motho eo ea hlasetsoeng le ho mo hlokomela. (Luka 10:29-37) Mohlala ona o bontša hore mohau o akarelletsa ho thusa batho ba bang ha ba hloka thuso. Bibele e re “re thuseng batho bohle . . . empa haholo-holo a re thuseng balumeli-’moho le rona.” (Bagalata 6:10) Nahana ka menyetla e meng. Molumeli-’moho le rona ea seng a holile a ka ’na a hloka sepalangoang ha a ea libokeng tsa Bokreste le ha a khutla. Mohlolohali ka phuthehong a ka ’na a hloka ho thusoa ho lokisa lintho tse itseng lapeng ha hae. (Jakobo 1:27) E ka ’na eaba motho ea nyahameng o hloka “lentsoe le nepahetseng” le ka mo hlasimollang. (Liproverbia 12:25) Ha re bontša mohau ka litsela tse joalo, re bontša hore re tataisoa ke bohlale bo tsoang ho Molimo.

“Ha a Khetholle Ebile ha se Moikaketsi”

18. Haeba re tataisoa ke bohlale bo tsoang ho Molimo, ke eng eo re lokelang ho leka ka matla ho e ntša ka metso lipelong tsa rona, hona hobane’ng?

18 “Ha a khetholle.” Motho ea nang le bohlale bo tsoang ho Molimo ha a ikutloe a phahametse batho ba bang ho sa tsotellehe hore na ba tsoa lichabeng life kapa ke ba morabe ofe. Kaha re tataisoa ke bohlale bo joalo, re leka ka matla ho ntša ka metso tšekamelo leha e le efe e bontšang leeme lipelong tsa rona. (Jakobo 2:9) Ha re tšoare ba bang ka tsela e khethehileng ka lebaka la boemo ba bona ba thuto, ba lichelete kapa hobane ba e-na le boikarabelo bo itseng ka phuthehong. Hape ha re khelle barapeli-’moho le rona leha e le bafe fatše, ho sa tsotellehe hore na ba ka ’na ba bonahala e le ba tlase hakae. Haeba Jehova o entse hore batho bao ba amohele lerato la hae, ka sebele re lokela ho ba nka e le ba tšoaneloang ke lerato la rona.

19, 20. (a) Lentsoe la Segerike bakeng sa “moikaketsi” le tsoa hokae? (b) Re bontša hore re “ratana e le kannete” joang, hona ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa?

19 “Ha se moikaketsi.” Lentsoe la Segerike bakeng sa “moikaketsi” le ka bolela “motšoantšisi ea bapalang karolo e itseng.” Mehleng ea boholo-holo, batšoantšisi ba Bagerike le ba Baroma ba ne ba roala lifahleho tse kholo tsa maiketsetso ha ba tšoantšisa. Kahoo, lentsoe la Segerike bakeng sa “moikaketsi” le ile la bolela motho ea ikhakanyang kapa ea iketsang seo a seng sona. Tšobotsi ena ea bohlale bo tsoang ho Molimo ha ea lokela ho susumetsa tsela eo re tšoarang barapeli-’moho le rona ka eona feela empa esita le tsela eo re ikutloang ka eona ka bona.

20 Moapostola Petrose o ile a re kaha “le mametse lentsoe la Molimo” le lokela ho “ratana e le kannete.” (1 Petrose 1:22) E, lerato la rona ho bara ba bo rona ha ea lokela ho ba la mponeng feela. Ha re roale lifahleho tsa maiketsetso kapa ho iketsa seo re seng sona ho thetsa ba bang. Lerato la rona e lokela ho ba la sebele, le tlohang pelong. Ha re etsa seo, balumeli-’moho le rona ba tla re tšepa, kaha ba tla tseba hore re fela re le seo re bonahalang re le sona. Ho tiea ho joalo ho betla tsela ea hore ho be le kamano e tiileng le e tšepahalang pakeng tsa Bakreste ’me ho thusa ho etsa hore ho tšepana ho be teng ka phuthehong.

“Sireletsa Bohlale”

21, 22. (a) Solomone o ile a hloleha ho sireletsa bohlale joang? (b) Re ka sireletsa bohlale joang, hona re tla rua molemo joang ha re etsa joalo?

21 Bohlale boo Jehova a re fang bona ke mpho eo re lokelang ho e sireletsa. Solomone o ile a re: “Mora oa ka, . . . sireletsa bohlale le kelello ea hao.” (Liproverbia 3:21) Ka masoabi, Solomone ka boeena o ile a hloleha ho etsa seo. O ile a lula a le bohlale nakong ea ha a ntse a e-na le pelo e mamelang. Empa qetellong, basali ba hae ba bangata ba balichaba ba ile ba khelosa pelo ea hae borapeling bo hloekileng ba Jehova. (1 Marena 11:1-8) Qetello ea Solomone e bontša hore tsebo ha se ea bohlokoa hakaalo haeba re sa e sebelise hamolemo.

22 Re ka sireletsa bohlale joang? Ha se feela hore re lokela ho bala Bibele kamehla le likhatiso tse thehiloeng Bibeleng tse lokiselitsoeng ke “mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale” empa hape re lokela ho ikitlaelletsa ho sebelisa seo re ithutang sona. (Matheu 24:45) Re na le mabaka ’ohle a ho sebelisa bohlale bo tsoang ho Molimo. Bo re thusa ho phela ka tsela e molemo hona joale. Bo re nolofalletsa ho “fumana bophelo ba sebele” e leng bophelo lefatšeng le lecha la Molimo. (1 Timothea 6:19) Habohlokoa le ho feta, ho hlaolela bohlale bo tsoang ho Molimo ho re atametsa Mohloling oa bohlale bohle e leng Jehova Molimo.

a Ho ea ka 1 Marena 3:16, basali bao ba babeli e ne e le matekatse. Insight on the Scriptures e re: “E ka ’na eaba basali bana e ne e se matekatse a etsang khoebo, empa e le basali ba entseng bohlola, ebang e ne e le basali ba Bajuda kapa mohlomong e le ba lichaba lisele.”—E hatisitsoe ke Lipaki tsa Jehova.

b Poleloana ea Segerike e fetoletsoeng e le ‘bopa khotso’ e hlalosoa e le “ho fetola ho tsoa ho bora ho ea botsoalleng, ho boelana le ho khutlisetsa boemo setloaeling kapa ho ba le kutloano.” Kahoo sepheo sa hao ke ho fetola, ho tlosa bora pelong ea motho ea khopisitsoeng, ha ho khoneha.—Baroma 12:18.

c Phetolelo e ’ngoe e fetolela poleloana ena e le “bo tletse qenehelo le liketso tse molemo.”—A Translation in the Language of the People, ea Charles B. Williams.

Lipotso Tsa ho Thuisa

  • Deuteronoma 4:4-6 Re iponahatsa re le bohlale joang?

  • Pesaleme ea 119:97-105 Re tla rua molemo joang haeba re ikitlaelletsa ho ithuta le ho sebelisa Lentsoe la Molimo?

  • Liproverbia 4:10-13, 20-27 Ke hobane’ng ha re hloka bohlale ba Jehova?

  • Jakobo 3:1-16 Ba filoeng boikarabelo ba ho ba balebeli ka phuthehong ba ka bontša joang hore ba bohlale le hore ba na le kutloisiso?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela