Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • kp maq. 3-5
  • Lefatše Lee le Habile Hokae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefatše Lee le Habile Hokae?
  • Le Lule le Lebetse!
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Timetso e Profetiloeng ea Lefatše e Tla Tla Neng?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Na Batho ba ka Tlisa Khotso le Tšireletseho Tsa Kamehla?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Boprofeta ba Bibele Boo U Boneng ha bo Phethahatsoa
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • Mehla ea Qetello
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Bala Tse Ling
Le Lule le Lebetse!
kp maq. 3-5

Lefatše Lee le Habile Hokae?

Mathata a tebileng le liketsahalo tse nyarosang ke litaba tsa letsatsi le letsatsi lefatšeng lohle! Lintho tsee li bolela’ng?

TŠIRELETSEHO: Ho qhoma libomo libakeng tsa mabenkele. Ho thunngoa matichere le liithuti sekolong. Ho koeteloa masea ha batsoali ba qala ba furalla. Basali le banna-baholo ba tšoaroa poho har’a mp’a motšehare.

BOLUMELI: Likereke li tšehetsa mekha e hanyetsanang ntoeng. Baruti ba qosetsoa bohato bo reretsoeng ho timetsa morabe o mong ka ho feletseng. Baprista ba hlekahleka bacha ka ho kopanela liphate; kereke e pata bohlasoa. Lenane la ba eang likerekeng lea qepha; mehaho ea likereke ea rekisoa.

TIKOLOHO: Khoebo e hlobolisa meru. Mafutsana a siea meru e le feela moo a batlang libeso. Metsi a tsoang fatše a silafetse, ho kotsi ho a noa. Ho tšoasa litlhapi ho senngoa ke litšila tsa liindasteri le mekhoa e meng ea sejoale-joale ea ho tšoasa litlhapi. Moea o silafetse hoo o khamang batho.

MOKHOA OA BOIPHELISO: Ho tlalehoa hore motho a le mong Afrika e ka boroa ho Sahara o fumana hoo e ka bang R3 500 ka selemo. Meharo ea batsamaisi ba lik’hamphani e liha khoebo, e siea ba likete ba hloka mesebetsi. Bomenemene bo etsa hore bo-ramatsete ba lahleheloe ke lichelete tseo ba ipoloketseng tsona bophelo bohle ba bona.

LIKHAELLO TSA LIJO: Batho ba ka bang 800 000 000 lefatšeng ka bophara ba robala ka lephako kamehla.

NTOA: Batho ba ka holimo ho 100 000 000 ba shoele ka lebaka la ntoa lekholong la bo20 la lilemo. Ho na le libetsa tsa nyutlelie tse lekaneng ho rinya batho bohle ka makhetlo-khetlo. Lintoa tsa lehae. Bokhukhuni bo aparela lefatše lohle.

MAFU A SEOA LE MALOETSE A MANG: Mokakallane oa Spain o ileng oa qala ka 1918 o ile oa bolaea batho ba 21 000 000. Hona joale AIDS e fetohile “seoa se bolaeang ka ho fetisisa historing ea batho.” Kankere le lefu la pelo li tlisetsa lefatše ka bophara mesarelo.

U se ke ua tsepamisa mohopolo linthong tse hlahang hanngoe feela litabeng. Na ke liketsahalo tsa sebaka se itseng feela? Kapa ke karolo ea lintho tse etsahalang lefatšeng lohle tse nang le moelelo o itseng oa sebele?

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 5]

Na Molimo o Hlile oa Tsotella?

Ha ba nyahamisitsoe ke liketsahalo tse nyarosang kapa ke tahlehelo e bohloko, batho ba bangata ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a sa kenelle ho thibela lintho tse joalo.

Molimo o hlile oa tsotella. O fana ka tataiso e ka tšeptjoang le khatholoho ea ’nete hona joale. (Matheu 11:28-30; 2 Timothea 3:16, 17) O se a ralile motheo bakeng sa ho felisa pefo, ho kula le lefu ka ho sa feleng. Litokisetso tseo a re etselitseng tsona li bontša hore ha a tsotelle batho ba sechaba se le seng feela empa o tsotella batho ba lichaba tsohle, merabe eohle le maleme ’ohle.—Liketso 10:34, 35.

Rōna re mo tsotella hakae? Na ua tseba hore na ’Mōpi oa leholimo le lefatše ke mang? Lebitso la hae ke mang? Morero oa hae ke ofe? O araba lipotso tsena ka Bibeleng. Ke hona teng moo a re bolellang hore na o ntse a nka mehato efe ho felisa pefo esita le ho kula le lefu. E le hore re tle re rue molemo, ho hlokahala hore re etse’ng? Ho hlokahala hore re ithute ka eena le ka morero oa hae. Na re ka lebella ho rua molemo litokisetsong tsa hae haeba re sa bontše tumelo ho eena? (Johanne 3:16; Baheberu 11:6) Hape ke habohlokoa hore re mamele melao ea hae. (1 Johanne 5:3) Na u mo tsotella hoo u ikemiselitseng ho etsa joalo?

E le hore re utloisise hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse maemo a kajeno, re lokela ho utloisisa tseko ea bohlokoa e amehang. Bibele ea e hlalosa. Ho tšohloa tseko ena leqepheng la 15 la bukana ena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela