Polanete e Nang le Bophelo
Ho ne ho ke ke ha e-ba le ntho e phelang lefatšeng hoja ha se ke ha e-ba le lintho tse ngata tseo ho thoeng li “iketsahaletse feela ka tšohanyetso,” tseo tse ling tsa tsona li neng li sa tsejoe kapa li sa utloisisoe ho fihlela lekholong la bo20 la lilemo. Tse ling tsa lintho tseo tse iketsahaletseng feela ka tšohanyetso ke tse latelang:
◼ Sebaka seo lefatše le leng ho sona ka har’a sehlopha sa linaleli sa Milky Way, letsatsi le lipolanete tse le potolohang, hammoho le tselana eo lefatše le tsamaeang ho eona, kamoo le sekamang kateng le lebelo leo le potolohang ka lona, haesita le khoeli e hlollang
◼ Tikoloho eo matla a lefatše a khoheli a leng ho eona le sepakapaka, tseo ka bobeli li sireletsang lefatše
◼ Lipotoloho tsa tlhaho tse hloekisang moea le metsi le tse etsang hore li se ke tsa fela
Ha u ntse u hlahloba lintlha tsena ka bonngoe, ipotse, ‘Na litšobotsi tsee tsa lefatše li bile teng ka tšohanyetso feela, kapa ho na le ea li entseng ka morero?’
Lefatše le Sebakeng se Loketseng
Ha u ngola aterese ea hao, ke lintho life tseo u li ngolang? U ka ’na ua ngola naha ea heno, motse hammoho le lebitso la seterata. E le ho bapisa sena, ha re re “naha” eo lefatše le leng ho eona ke sehlopha sa linaleli sa Milky Way, “motse” oo le leng ho oona ke sebaka seo letsatsi le lipolanete li leng ho sona ’me “seterata” sa lefatše ke tselana eo le potolohang letsatsi ho eona. Ka lebaka la tsoelo-pele thutong ea linaleli le ea fisiks, bo-rasaense ba ithutile haholoanyane ka melemo ea sebaka sena se ikhethang seo lefatše le leng ho sona bokahohleng.
Taba ea pele, “motse” oa lefatše, e leng sebaka seo letsatsi le lipolanete li leng ho sona, o lutse sebakeng se loketseng sehlopheng sa linaleli sa Milky Way—eseng haufi haholo, le teng eseng hōle haholo. Bo-rasaense ba re mona ke hona “moo lintho li ka khonang ho phela teng,” ebile ke hona moo ho nang le lik’hemik’hale tse hlokahalang hore lintho li tsoele pele li phela. Ho elella thōkoana le sebaka sena lik’hemik’hale tseo lia fokola; athe ho kenella hare ho kotsi haholo hobane ho na le mahlaseli a mangata a ka bang kotsi le lintho tse ling tse kotsi. Makasine ea Scientific American, e re: “Re lula sebakeng se botleng ka ho fetisisa.”1
“Seterata” se loketseng: Ntho e ’ngoe e ikhethang ke “seterata” seo lefatše le leng ho sona, kapa tselana eo le potolohang ho eona “motseng” oa lona, e leng sebaka seo letsatsi le lipolanete li leng ho sona. Tselana ena e bohōle ba lik’hilomithara tse limilione tse ka bang 150 ho tloha letsatsing ebile e moo ho sa cheseng haholo le moo ho sa bateng haholo hoo lintho li ka atlehang ho phela teng. Ho feta moo, tselana eo lefatše le tsamaeang ho eona e batla e le selikalikoe, e leng ho etsang hore sebaka se pakeng tsa lefatše le letsatsi se lule se tšoana selemo ho pota.
Ho sa le joalo, letsatsi ke mohloli o loketseng o fepelang lefatše ka matla. Le tsitsitse, le boholo bo loketseng ’me le ntša matla a lekaneng. Ka lebaka le utloahalang, le ’nile la bitsoa “naleli e ikhethang haholo.”2
“Moahelani” ea loketseng: Haeba u ne u ka khethela lefatše “moahelani,” u ne u ke ke ua fumana ea loketseng ho feta khoeli. Ka bophara e batla e feta kotara ea lefatše. Kahoo, ha ho bapisoa, khoeli ea lefatše e khōlō ka tsela e sa tloaelehang ho feta likhoeli tsa lipolanete tse ling tse potolohang letsatsi. Na see se iketsahaletse feela ka tšohanyetso? Ha ho bonahale ho le joalo.
Ka mohlala, khoeli ke ntho e ka sehloohong e bakang maqhubu a leoatle, a phethang karolo ea bohlokoa haholo linthong tse phelang le tikolohong ea tsona. Khoeli e boetse e thusa lefatše hore le tsitse ha le ntse le bilika. Haeba khoeli e ne e le sieo, lefatše le ne le tla hloka botsitso joaloka topo e bilikang, mohlomong le be le hlaname! Seo se ne se tla fetola tlelaemete, maqhubu le lintho tse ling ’me se bake tlokotsi.
Lefatše Lea Sekama le Bile le Bilika ka Tsela e Loketseng: Ho sekama ha lefatše ka likhato tse ka bang 23,4 ho etsa hore ho be le linako tse sa tšoaneng tsa selemo, ho etsa hore lithempereichara e be tse leka-lekaneng hape ho etsa hore tlelaemete e fapane ho ea ka libaka. Buka e bitsoang Rare Earth—Why Complex Life Is Uncommon in the Universe, e re: “Tsela eo lefatše le sekamang ka eona e bonahala ‘e loketse’ bophelo.”3
Hape, ho bilika ha lefatše ho etsa hore nako ea bosiu le ea motšehare e be telele “ka tsela e loketseng.” Haeba lefatše le ne le bilika butle haholo, matsatsi a ne a tla ba malelele ’me karolo e shebileng ka letsatsing e ne e tla chesa ho tlōla, ha karolo e ’ngoe eona e ne e tla bata ho tlōla. Ka lehlakoreng le leng, haeba lefatše le ne le ka bilika ka potlako haholo, matsatsi a ne a tla ba makhutšoanyane, mohlomong e be lihora tse seng kae feela, ebile ho bilika ha lona ka potlako ho ne ho tla baka lifefo tse matla le lintho tse ling tse kotsi.
Lintho Tse Sireletsang Lefatše
Sebaka se ka holimo ho sepakapaka se kotsi kaha se na le mahlaseli a bolaeang ’me se na le lipitla tsa majoe tse oang tse ka bakang likotsi neng kapa neng. Empa ho bonahala lefatše le sa hlahisoe kotsi ke majoe ana a oang ka bongata. Hobane’ng? Hobane lefatše le sirelelitsoe ka tsela e hlollang ke tikoloho eo matla a lefatše a khoheli a leng ho eona le sepakapaka se entsoeng ka tsela e ikhethang.
Tikoloho eo matla a lefatše a khoheli a leng ho eona: Khubung ea lefatše ho na le tšepe e qhibilihileng e lulang e bilika joaloka bolo, e etsang hore lefatše le be le matla a maholohali a khoheli ho tloha ho eona ho ea fihla ka holim’a sepakapaka. Matla ana a re sireletsa lebatameng la mahlaseli a kotsi le linthong tse ling tse ka bang kotsi tse tsoang letsatsing. Tse ling tsa lintho tsena tse kotsi ke liprothone le lielektrone tse lulang li tsoa ka sekhahla letsatsing; likhase tse hlahisoang ke letsatsi, tseo ka metsotso e seng mekae feela li ntšang matla a lekanang le a libomo tse libilione tsa haedrojene; le ho phatloha ho hoholo ho bang teng karolong e ka ntle ea letsatsi, ho etsang hore lithane tse libilione tsa lintho tse kotsi li betsehe sepakapakeng. Ho na le bopaki bo bonahalang ba hore matla ana a khoheli a re sirelelitse. Likhase tse hlahisoang ke letsatsi hammoho le ho phatloha ho tsoang karolong e ka ntle ea letsatsi ho hlahisa mebala-bala e kang mafube e bonahalang sepakapakeng ho ella ntlheng e ka leboea le e ka boroa ea lefatše moo matla a khoheli a leng mangata haholo.
Sepakapaka: Lera lena la likhase ha le re thuse feela hore re tsoele pele ho hema empa le bile lea re sireletsa. Karolo e ka ntle ea sepakapaka, e bitsoang stratosphere, e na le oksijene ea mofuta o mong e bitsoang ozone, e monyang hoo e ka bang liphesente tse 99 tsa mahlaseli a kotsi. Kahoo, lera la ozone le thusa ho sireletsa lintho tse ngata tse phelang mahlaseling ana a kotsi ’me lintho tseo li akarelletsa batho le limela tseo batho ba itšetlehileng ka tsona hore ba fumane oksijene. Lera la ozone ha le lule le le letenya ka linako tsohle. Ho e-na le hoo, lea feto-fetoha, ho latela hore na mahlaseli a kotsi a mangata hakae. Kahoo, lera lena la ozone le tenyetseha le maemo ’me le fana ka tšireletso e loketseng.
Sepakapaka se boetse se re sireletsa linthong tse limilione tse oang holimo letsatsi le letsatsi, tseo tse ling tsa tsona li leng nyenyane haholo ha tse ling e le lipitlahali. Tse ngata tsa tsona li chella hona sepakapakeng moo, ebe li etsa khanya e bonahalang eka ke naleli e oang. Leha ho le joalo, lintho tsena tse sireletsang lefatše ha li thibele mahlaseli ao lintho tse phelang li a hlokang, a kang mocheso le khanya. Sepakapaka se bile se thusa ho etsa hore mocheso o fihle likarolong tsohle lefatšeng, ’me bosiu sepakapaka se sebetsa joaloka kobo, se bipetsa mocheso hore o se tsoe ka potlako.
Ka sebele, sepakapaka le tikoloho eo matla a khoheli a leng ho eona li entsoe ka tsela e hlollang eo batho ba ntseng ba sa e utloisise ka ho feletseng. Ho ka boleloa se tšoanang le ka lipotoloho tsa tlhaho tse etsang hore lintho li khone ho phela lefatšeng.
Lipotoloho Tsa Tlhaho Tse Thusang Lintho Tse Phelang
Haeba moea le metsi li ne li ka khaotsa ho ba teng motseng, eaba liphaephe tse tsamaisang likhoerekhoere lia kibeha, batho ba ne ba tla kula ’me ba shoe. Empa ak’u nahane ka sena: Lefatše la rōna ha le tšoane le reschorente e fumanang lijo le lisebelisoa tse ling ka ntle, ebe e lahla litšila. Moea o hloekileng le metsi, e leng lintho tse re thusang hore re tsoele pele re phela ha li fumanoe sebakeng se ka holim’a sepakapaka, ebile litšila ha li lahloe. Kahoo ke’ng e etsang hore lefatše le lule le le boemong bo botle boo lintho li ka phelang ho lona? Ke lipotoloho tsa tlhaho, tse kang potoloho ea metsi, ea k’habone, ea oksijene le ea naetrojene, tse hlalositsoeng mona tse bileng li bontšitsoeng ka tsela e bonolo.
Potoloho ea metsi: Metsi ke a bohlokoa bophelong. Ha ho le ea mong ho rōna ea ka phelang matsatsi a mangata ntle le ’ona. Potoloho ea metsi e fepela lefatše lohle ka metsi a hloekileng. E mekhahlelo e meraro. (1) Mocheso oa letsatsi o nyollela metsi sepakapakeng e le mouoane. (2) Maru aa theha ha mouoane ona oa metsi a hloekisitsoeng o teteana. (3) Joale maru a nesa pula, sefako, tšeole, kapa lehloa lea khetheha, e ntan’o ba mouoane hape. Ke metsi a makae a potolohang ka selemo? Ho hakanngoa hore ke metsi a ka koahelang lefatše kaofela ka ho lekana ka botebo ba lisenthimithara tse ka bang 80.4
2
← ◯
↓ 3 ↑
↓ 1 ↑
↓ ↑
→ →
→
Potoloho ea k’habone le ea oksijene: Joalokaha u tseba, e le hore u phele u lokela ho hema oksijene ’me u ntše carbon dioxide. Empa kaha ho hema batho ba libilione hammoho le liphoofolo tse se nang palo, ho tla joang hore ebe ha ho mohla sepakapaka se felloang ke oksijene ’me ho tlale carbon dioxide? Sephiri se tseleng eo oksijene e potolohang ka eona. (1) Ka mokhoa o hlollang oo limela tse tala li hlahisang lijo tsa tsona ka oona, limela li monya carbon dioxide eo re e ntšang, li sebelisa eona hammoho le matla a fumanoang khanyeng ea letsatsi hore li hlahise lik’habohaedreite le oksijene. (2) Ebe rōna re phethela potoloho eo ka hore re heme oksijene eo. Mosebetsi ona kaofela oa ho hlahisa lik’habohaedreite le moea oo batho ba o hemang o etsahala ka tsela e hloekileng, e atlehang le e khutsitseng.
2 Oksijene
←
← ←
↓ ↑
↓ ↑
↓ ↑
→ →
→
Carbon dioxide 1
Potoloho ea naetrojene: Lintho tse phelang lefatšeng li boetse li itšetlehile ka ho hlahisoa ha limolek’hule tse kang liprotheine tse fumanoang linthong tse phelang. (A) Ho hlokahala naetrojene ho hlahisa limolek’hule tseo. Ho thabisang ke hore naetrojene e etsa liphesente tse 78 tsa moea o sepakapakeng. Lehalima le fetola naetrojene hore e be metsoako eo limela li ka e monyang. (B) Joale limela tsona li sebelisa metsoako ena ho hlahisa limolek’hule. Ka tsela eo, liphoofolo tse jang limela tseo le tsona li fumana naetrojene. (C) Qetellong ha limela le liphoofolo li e-shoa, libaktheria li bolisa metsoako ea naetrojene e ho tsona. Joale nakong ena naetrojene e khutlela mobung le sepakapakeng, e leng ho phethang potoloho ena.
← ← ← ← ← ← ← ← ← ←
↓ ↑
↓ Liphesente tse 78 tsa moea ↑
↓ o sepakapakeng ke naetrojene ↑
↓ ↑
↓ ↓ Limolek’hule tsa ↑
↓ A ↓ lintho tse phelang ↑
↓ Libaktheria ↓ B ↑ ↓ C ↑
→ Metsoako ea naetrojene Libaktheria →
→ → →
Lefatše le Sebelisa Lintho Hape ka Tsela e Phethahetseng!
Ka theknoloji eohle ea bona e tsoetseng pele, selemo le selemo batho ba hlahisa lithane tse ngata tsa lintho tse kotsi tse ke keng tsa sebelisoa hape. Empa lefatše lona, ka bohlale bo ke keng ba lekanngoa, le lula le hlahisa lintho tse ncha ka lintho tsohle tseo le li sebelisitseng.
U nahana hore ho tlile joang hore lefatše le khone ho hlahisa lintho tse ncha ka lintho tseo le seng le li sebelisitse? Mongoli oa tsa bolumeli le saense, M. A. Corey, o re: “Haeba ka sebele tikoloho le lintho tse phelang ho eona li bile teng ka tšohanyetso feela, ho ne ho ke ke ha khoneha hore ho be le tšebelisano e tsoileng matsoho hakana tikolohong.”5 Na u lumellana le qeto ee ea hae?
U Tla Araba Joang?
◼ Na u nahana hore lintho tse lefatšeng li entsoe ka morero? Haeba u nahana joalo, ke lintlha life ho tse boletsoeng ka holimo tse u kholisang ka ho fetisisa?
◼ U ka arabela joang motho ea reng ha ho na letho le ikhethang ka lefatše, le bile teng feela ka ho iphetola ha lintho?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
Ka sebele lefatše le sebakeng se loketseng ka ho fetisisa seo lintho li ka phelang ho sona
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]
Na ho iketsahaletse feela hore ebe lefatše le sirelelitsoe ke lintho tse peli tse matlahali?
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Lefatše le tletse lintho tse phelang
Ha ho na motho ea tsebang hore na ho na le mefuta e mekae ea lintho tse phelang lefatšeng. Ho hakanngoa hore e ka ’na eaba li pakeng tsa limilione tse peli le tse lekholo.6 Lintho tse phelang li ngata hakae lefatšeng?
Mobung: Ho fumanoe hore ligrameng tse lekholo feela tsa mobu ho na le mefuta e ka bang 10 000 ea libaktheria,7 ho se ho sa thoe letho ka mefuta e meng ea likokoanyana tse sa bonahaleng. Mefuta e meng e fumanoe sebakeng se ka bang botebo ba lik’hilomithara tse tharo ka tlas’a lefatše!8
Moeeng: Ntle le linonyana, bo-’mankhane, le likokoanyana tse fofang, sepakapakeng ho tletse peō ea limela e phofshoana le lisele tse hlahisoang ke libaktheria hammoho le lipeō tse ling ’me—libakeng tse ling—ho na le mefuta e likete-kete ea likokoanyana tse sa bonahaleng. Makasine ea Scientific American e re mefuta-futa ea lintho tse sa bonahaleng tse phelang moeeng “e lekana le ea likokoanyana tse sa bonahaleng tse teng mobung.”9
Metsing: Bongata ba lintho tse ka maoatleng ha li tsejoe kaha hangata bo-rasaense ba lokela ho sebelisa theknoloji e bitsang haholo hore ba ithute lintho tse bolibeng ba maoatle. Esita le mepopotlong ea likorale, eo ho batlang ho le bonolo ho fihla ho eona le e seng e hlahlobiloe haholo, e ka ’na eaba ho na le mefuta e limilione e sa tsejoeng ea lintho tse phelang.
Na mefuta-futa ee e hlollang ea lintho tse phelang e bile teng ka tšohanyetso? Ba bangata ba tla lumellana le seroki se ileng sa ngola, sa re: “Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakaakang! Kaofela ha eona u e entse ka bohlale. Lefatše le tletse lihlahisoa tsa hao.”a—Pesaleme ea 104:24.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka Bibeleng, lebitso la Molimo ke Jehova.—Pesaleme ea 83:18.
[Litšoantšo]
Libaktheria tse fumanehang ka tlas’a lefatše
Peō ea limela e phofshoana
Palesa ea anemone
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Bacteria: Penn State University, laboratory of Jean Brenchley, and with kind permission from Springer Science+Business Media: Extremophiles, Novel ultramicrobacterial isolates from a deep Greenland ice core represent a proposed new species, Chryseobacterium greenlandense sp. nov., January 2010, Jennifer Loveland-Curtze; pollen: © Fotosearch
[Setšoantšo se leqepheng la 6, 7]
Matla a sa bonahaleng a khoheli a sireletsang lefatše
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Mebala-bala e kang mafube
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Sepakapaka se re sireletsa linthong tse oang sebakeng se ka holim’a sona
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 5]
NASA/JPL/Caltech
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 6]
Magnetosphere: NASA/Steele Hill; earth tilt: Based on NASA/Visible Earth imagery
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 7]
Aurora: Photo: Jan Curtis (http://latitude64photos.com); meteorite: ESA, NASA
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 9]
Stockbyte/Getty Images