Khaolong ea 14
Na ha ho Molemo Hore ke Mpe ke Ipolaee?
“HO MOLEMO ha nka ichoella ho feta ha ke phela.” Mantsoe ao a builoe ke mang? Na a builoe ke motho ea neng a sa lumele ho Molimo? Na a builoe ke motho ea neng a furaletse Molimo? Kapa na a builoe ke motho eo Molimo a neng a mo furaletse? Che, ha ho joalo. A builoe ke Jonase ea neng a inehetse ka ho teba empa a tsielehile.—Jonase 4:3, Today’s English Version.
Bibele ha e re Jonase o ne a le mothating oa ho ipolaea. Leha ho le joalo, boipiletso ba hae bo bontšang tsieleho bo senola taba ea bohlokoa ea hore ka linako tse ling, esita le mohlanka oa Molimo a ka ikutloa a sithabetse.—Pesaleme ea 34:19.
Bacha ba bang ba ikutloa ba nyahame hoo ba sa boneng lebaka la hore ba ’ne ba phele. Ba ka ’na ba ikutloa ka tsela e tšoanang le ea Laura ea lilemo li 16, ea reng: “Ho se ho fetile lilemo, ke e-na le bothata ba ho tepella maikutlo. Hangata ke nahana ho ipolaea.” U ka etsa’ng haeba u tseba motho ea buileng ka hore o batla ho ipolaea, kapa haeba uena u nahana ka hona? A re hlahlobe hore na ke hobane’ng ha batho ba ka ’na ba ikutloa ka tsela eo.
Se Bakang ho Nyahama
Ke hobane’ng ha motho a ka nahana ho ipolaea? Ho na le mabaka a mangata a amehang. Lebaka le leng ke hore re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,’ ’me bacha ba bangata ba tobana le mathata a tebileng bophelong. (2 Timothea 3:1) Athe lebaka le leng ke hore kaha batho ha baa phethahala, ba bang ba lula ba nahana ka lintho tse ba nyahamisang le ka maemo a bophelo a sa thabiseng. (Baroma 7:22-24) Ka linako tse ling sena se bakoa ke hore ba tšoeroe hampe. Maemong a mang, e ka ’na eaba motho oa kula. Ho hlokomelehang ke hore naheng e ’ngoe batho ba fetang 90 ho ba lekholo ba ileng ba ipolaea, ba ne ba tšoeroe ke lefu le itseng la kelello.a
Ke ’nete hore ha ho motho ea sa hlaheloeng ke mathata. Ha e le hantle, Bibele e re “pōpo eohle e ntse e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho.” (Baroma 8:22) Sena se akarelletsa bacha. Bonneteng, bacha ba ka angoa ka ho teba ke lintho tse bohloko tse etsahalang, tse kang tse latelang:
● Ho shoeloa ke mong ka bona, motsoalle kapa phoofolo ea lapeng
● Liqhoebeshano ka lapeng
● Ho feila sekolong
● Ho hlaloa ke mohlankana kapa kharebe
● Ho tšoaroa hampe (ho akarelletsang ho hlekefetsoa ’meleng kapa ka thobalano)
Ke ’nete hore ka nako e ’ngoe bacha ba ka ’na ba hlaheloa ke e ’ngoe ea lintho tsena tse boletsoeng ka holimo. Ke hobane’ng ha ba bang ba khona ho sebetsana le maemo aa ka katleho ho feta ba bang? Litsebi li re bacha ba batlang ho tela ba nka hore ha ho motho ea ka ba thusang le hore mathata a bona a ke ke a rarolloa. Ka mantsoe a mang, bacha bao ha ba bone eka lintho li tla ke li loke. Hase hore ba hlile ba batla ho shoa; ba mpa feela ba batla hore ba se ke ba hlola ba utloa bohloko.
Na ha ho Seo ba ka se Etsang?
E ka ’na eaba u tseba motho e mong ea batlang ho khaotsa ho utloa bohloko—hoo a buileng ka hore o batla ho ipolaea. Haeba ho joalo, u ka etsa’ng?
Haeba motsoalle oa hao o tsielehile hoo a batlang ho ipolaea, mo khothalletse hore a kōpe thuso. Esita le haeba a sa batle hore u bolelle ba bang, bolella motho e moholo ea nang le boikarabelo. U se ke ua tšoenyeha ka hore u tla qhala setsoalle sa lōna. Ha u etsa joalo, u ka ’na ua pholosa motsoalle oa hao!
Empa u ka etsa’ng haeba e le uena ea nahanang ho ipolaea? Kōpa thuso. Bolella motho e mong hore na u ikutloa joang—motsoali, motsoalle, kapa motho leha e le ofe ea tsotellang ea tla u mamela a be a nke taba ea hao ka ho teba. Ha u bolella ba bang mathata a hao, u ke ke ua hlaheloa ke letho le lebe, ho e-na le hoo u tla thuseha.b
Ke ’nete hore ho bua ka mathata a hao ho ke ke ha etsa hore a nyamele. Empa ho ka ’na ha u thusa hore u a shebe ka tsela e loketseng, ’me e ka ’na eaba ntho feela eo u e hlokang hore u a rarolle ke ho fumana tšehetso ea motho eo u mo tšepang. Ho ka ba ha u thusa hore u fumane tharollo.
Lintho Lia Fetoha
Ha u tsielehile hopola ntlha ena: Ho sa tsotellehe hore na boemo bo ka ’na ba bonahala bo le bobe hakae, ha nako e ntse e ea lintho li tla fetoha. Mopesaleme Davida ea neng a kopane le mathata a mangata bophelong, o ile a rapela Molimo a re: “U fetotse ho siama ha ka hore e be motjeko bakeng sa ka.”—Pesaleme ea 30:11.
Ka sebele, Davida o ne a sa lebella hore o tla lula a tjeka ka ho sa feleng. O ne a tseba hore bophelong, mathata aa tla a be a fete. Na u hlokometse hore see ke se etsahalang ha u e-na le mathata? A mang a ka ’na a bonahala a sithabetsa—mohlomong hajoale. Empa e-ba le mamello. Maemo aa fetoha, ’me hangata aa ntlafala. Maemong a mang, mathata a ka ’na a fokotseha ka litsela tseo u neng u sa li lebella. Athe maemong a mang teng, u ka ’na ua fumana tsela ea ho sebetsana le boemo boo, eo u neng u sa e nahana. Taba ke hore mathata a u nyahamisang ha a na ho lula a le teng ka ho sa feleng.—2 Bakorinthe 4:17.
Bohlokoa ba Thapelo
Thapelo ke ea bohlokoa ebile ke tsela e ka sehloohong ea ho buisana le Molimo. U ka rapela joaloka Davida ea ileng a re: “Mpatlisise ka hohle, Molimo, ’me u tsebe pelo ea ka. Ntlhahlobe, ’me u tsebe menahano ea ka e ntlhokisang botsitso, u bone hore na ho na le tsela leha e le efe e bohloko ka ho ’na, u ntsamaise tseleng ea nako e sa lekanyetsoang.”—Pesaleme ea 139:23, 24.
Thapelo hase seikokotlelo sa ha ho le thata feela. Ke puisano ea sebele le Ntate oa hao oa leholimo, ea batlang hore ‘u tšollele pelo ea hao’ ho eena. (Pesaleme ea 62:8) Nahana ka lintlha tse latelang tseo e leng linnete tsa motheo ka Molimo:
● O tseba hantle maemo a u nyahamisang.—Pesaleme ea 103:14.
● O u tseba ho feta kamoo uena u itsebang kateng.—1 Johanne 3:20.
● ‘Oa u tsotella.’—1 Petrose 5:7.
● Lefatšeng la hae le lecha, Molimo o tla “hlakola meokho eohle” mahlong a hao.—Tšenolo 21:4.
Haeba Bothata bo Bakoa ke Bokuli bo Itseng
Joalokaha ho boletsoe pejana, hangata maikutlo a ho batla ho ipolaea a bakoa ke bokuli bo itseng. Haeba ho joalo le ka uena, u se ke ua ba lihlong ho kōpa thuso. Jesu o ile a lumela hore batho ba kulang ba hloka ngaka. (Matheu 9:12) Ho thabisang ke hore maloetse a mangata a ka phekoloa. ’Me phekolo e ka ’na ea u thusa hore u ikutloe u hlaphohetsoe!c
Bibele e fana ka tšepiso e khothatsang e le kannete—ea hore lefatšeng le lecha la Molimo, “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24) Molimo o re ka nako eo, “lintho tsa pele li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong.” (Esaia 65:17) Hajoale, etsa sohle se matleng a hao ho sebetsana le maemo a thata bophelong, u kholisehile hore ka nako e loketseng ea Molimo, ho tepella maikutlo ho ke ke ha hlola ho e-ba teng.—Tšenolo 21:1-4.
BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 2, KHAOLONG EA 9
Batsoali ba hao ba batla ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka bophelo ba hao—esita le lintho tseo u sa batleng hore ba li tsebe. Na u ka hlōla ntoeng ee ea ho batla ho ba boinotšing?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Empa ke habohlokoa ho hlokomela hore bacha ba bangata ba tšoeroeng ke lefu la kelello ha ba ipolaee.
b Bakreste ba tsielehileng ba ka boetse ba thusoa ke baholo ba phutheho.—Jakobo 5:14, 15.
c Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba Khaolo ea 13 bukeng ena.
LENGOLO LA SEHLOOHO
“Likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello.”—Bafilipi 4:6, 7.
KELETSO
Ha u ikutloa u hloname, ikoetlise ka ho tsamaea ka potlako. Ho tsoela ka ntle le ho ikoetlisa ho ka etsa hore u khobe matšoafo ’me u ikutloe u phetse hantle.
NA U NE U TSEBA . . . ?
Ha motho a ipolaea seo ha se ame eena feela, empa se boetse se ama le batho ba mo ratang ba setseng.
SEO KE RERANG HO SE ETSA!
Haeba ke ikutloa ke se na thuso ebile ke sa ratoe, ke tla bolella (ngola lebitso la motho eo u ka mo phetlelang sefuba) ․․․․․
Tlhohonolofatso eo ke e fumaneng bophelong, eo nka nahanang ka eona ka kananelo ke ․․․․․
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․
U NAHANA’NG KA SEE?
● Esita le mathata a tebileng ke a nakoana feela. Ho nahana ka ntlha eo ho ka u thusa joang?
● Ke ka tsela efe ho ipolaea ho fetisetsang mathata a motho ho batho ba bang?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 104]
“Ka linako tse ling, ke ne ke tepella maikutlo hoo ke neng ke batla ho shoa, empa hona joale ke ikutloa ke phetse, ’me ke thusitsoe ke ho phehella thapelong le ho ea ngakeng.”—Heidi
[Lebokose le leqepheng la 100]
Haeba U Ikutloa U Sithabetse
Esita le banna le basali ba tšepahalang ba mehleng ea Bibele, ba ne ba sithabela ka linako tse ling ka lebaka la matšoenyeho a bophelo. Nahana ka mehlala e meng.
Rebeka: “Haeba ho ka tsela ena, hantle-ntle ke phelela’ng?”—Genese 25:22.
Moshe: “Ka kōpo mpolaee, . . . ’me ke se ke ka talima tlokotsi ea ka.”—Numere 11:15.
Elia: “Jehova, tlosa moea oa ka, etsoe ha ke molemo ho feta baholo-holo ba ka.”—1 Marena 19:4.
Jobo: “Hoja u ka mpata Sheole, . . . ua ntekanyetsa nako ’me ua nkhopola!”—Jobo 14:13.
Maemong ana a boletsoeng ka holimo, qetellong lintho li ile tsa ntlafala—ka tsela eo motho ea nyahameng a neng a sa e lebella. Kholiseha hore ho ka etsahala se tšoanang le ho uena!
[Setšoantšo se leqepheng la 102]
Ho nyahama ho tšoana le ha maru a koahetse—ho tla feta ha nako e ntse e ea