Khaolong ea 15
Na ke Phoso ho Batla ho ba Boinotšing?
Tšoaea ✔ ho seo u ka ’nang ua se bua maemong a latelang:
1. U ka kamoreng ea hao u koetse monyako, ngoan’eno o itšohlometsa feela a sa kokote.
□ ‘Ha ke na bothata. Ka nako e ’ngoe le ’na ke itšohlometsa feela ka kamoreng ea hae.’
□ ‘O hloka mekhoa hakaakang! O ne a tla etsa’ng ha a ne a ka mphumana ke ntse ke apara?’
2. U sa tsoa fihla lapeng, ’me joale batsoali ba qala ho u hloma lipotso. “U tsoa kae? U ne u etsa’ng? U ne u e-na le mang?”
□ ‘Ha ke na bothata. Etsoe ke tloaetse ho ba bolella ntho e ’ngoe le e ’ngoe.’
□ ‘Ho nyahamisa hakaakang! Batsoali ba ka ha ba ntšepe!’
HA U ne u sa le monyenyane, mohlomong ho ba boinotšing e ne e se ntho ea bohlokoa hakaalo. Ha ngoan’eno a ne a itšohlometsa feela ka kamoreng ea hao, u ne u thabela boteng ba hae. Ha batsoali ba hao ba ne ba u botsa potso, u ne u ba araba u sa qeaqee. Ka nako eo, batho ba ne ba tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka uena. Hona joale e ka ’na eaba u lakatsa ho qeta nako e eketsehileng u le boinotšing. Corey ea lilemo li 14 o re: “Ke rata ho ipolokela lintho tse ling e le lekunutu.” A re hlahlobe maemo a mabeli ao ho ’ona ho ka ’nang ha e-ba thata hore u fumane nako ea ho ba boinotšing.
Ha U Batla ho ba Boinotšing
Ho na le mabaka a ’maloa a utloahalang ao u ka batlang ho ba boinotšing ka ’ona. Mohlomong u mpa u batla hore u ke u “phomole hanyenyane.” (Mareka 6:31) Kapa ha u batla ho rapela, u ka ’na ua etsa seo Jesu a ileng a eletsa barutuoa ba hae hore ba se etse, ha a ne a re, “u kene ka kamoreng ea hao ’me, ka mor’a hore u koale monyako oa hao, u rapele Ntat’ao.” (Matheu 6:6; Mareka 1:35) Bothata ke hore ha u koala monyako oa kamore ea hao (haeba u na le eona), batsoali ba hao ba ka ’na ba se ke ba nahana hore ua rapela! Le banab’eno ba ka ’na ba se ke ba utloisisa hore u batla ho ba boinotšing.
Seo u ka se etsang. Ho e-na le ho loanela taba ea ho batla ho ba boinotšing, etsa lintho tse latelang:
● Leka ho behela banab’eno melao e seng mekae e utloahalang e le hore ba u fe nako ea ho ba boinotšing. Haeba ho hlokahala, kōpa batsoali hore ba u thuse tabeng ena.a
● Leka ho utloisisa tsela eo batsoali ba hao ba talimang lintho ka eona. Rebekah ea lilemo li 16 o re: “Ka linako tse ling batsoali ba ka ba batla ho tseba hore na ke ntse ke etsa’ng. Empa ho bua ’nete, le ’na haeba ke ne ke le motsoali ke ne ke tla batla ho tseba hore na ngoana oa ka o ntse a etsa’ng—kaha ke tseba liteko tsohle tseo bacha ba tobanang le tsona kajeno!” Na le uena joaloka Rebekah u utloisisa lebaka leo batsoali ba hao ba tšoenyehileng ka lona?—Liproverbia 19:11.
● Ipotse ka botšepehi: ‘Na ho na le seo nkileng ka se etsa se fang batsoali ba ka lebaka la ho belaella hore ha ke le mong ke etsa lintho tse tsoileng tseleng? Na ke ’nile ka ba patela lintho tseo ke li etsang hoo ba nkang hore ba tlameha ho loha maano a hore ba tsebe se etsahalang bophelong ba ka?’ Haeba u araba lipotso tsena ka che, empa ho ntse ho bonahala eka batsoali ba hao ha ba u tšepe, ba bolelle u khobile matšoafo le ka tlhompho hore na u ikutloa joang. Mamela ka hloko lintho tseo ba tšoenyehileng ka tsona ’me u tiise hore ha ho letho leo u le etsang le tlatsetsang bothateng boo.—Jakobo 1:19.
Ha U Theha Setsoalle
Ho tloaelehile hore nakong ea bocha u etse botsoalle le batho ba bang bao e seng ba lelapa. Ebile ho tloaelehile hore batsoali ba hao ba ipotse hore na metsoalle ea hao ke bo-mang le hore na u etsa’ng ha u e-na le eona. Empa ka linako tse ling u ka ’na ua nka hore batsoali ba hao ba mpa ba tšoenyeha feela ho sa hlokahale. Amy ea lilemo li 16 o re: “Ke mpa feela ke batla ho sebelisa selefouno ea ka le ho ngola melaetsa ea e-mail ntle le hore nako le nako batsoali ba ka ba batle ho tseba hore na ke ntse ke bua le mang.”
Seo u ka se etsang. Ho e-na le ho lumella metsoalle ea hao hore e bake lekhalo pakeng tsa hao le batsoali ba hao, leka ho sebelisa litlhahiso tsena tse latelang:
● Bolella batsoali ba hao hore na metsoalle ea hao ke bo-mang. Etsoe u ka ’na ua se ke ua rata hore batsoali ba hao ba iketse mafokisi, empa ba tla etsa’ng haeba metsoalle ea hao e le ea sekhukhu? Batsoali ba hao ba ka ’na ba phutholoha haholoanyane ka metsoalle eo u e khethang, haeba ba tseba hantle hore na u qeta nako u e-na le bo-mang.
● Bua ’nete: Na bothata ke ho ba boinotšing kapa ke ho pata ho itseng? Brittany ea lilemo li 22, o re: “Haeba u ntse u lula lapeng ’me batsoali ba hao ba tšoenyehile ka taba e itseng, u lokela ho ipolella hore, ‘Seo ke se etsang hase phoso, kahoo ke hobane’ng ha ke lokela ho se pata?’ Ka lehlakoreng le leng, haeba u lokela ho se pata, joale ho na le ho hong ho phoso.”
Seo U ka se Nahanang ka ho ba Boinotšing
Joale u tla ba le monyetla oa ho nahana ka litsela tse ling tseo ka tsona u ka rarollang bothata boo ka ho khetheha bo u tšoenyang mabapi le ho ba boinotšing. Meleng e ka tlaase mona, ngola likarabo tsa lipotso tse botsitsoeng mehatong e latelang:
Mohato oa Pele: Qolla bothata. Ke boemong bofe boo ho bona u ka ratang ho ba le nako e eketsehileng ea ho ba boinotšing?
․․․․․
Mohato oa Bobeli: Nahana ka maikutlo a batsoali ba hao. U nahana hore ke hobane’ng ha ba tšoenyehile?
․․․․․
Mohato oa Boraro: Batla tharollo. Ke ka tsela efe e ka ’nang eaba u tlatsetsa bothateng boo empa u sa hlokomele? U ka etsa liphetoho life mabapi le karabo ea hao potsong ee? U ka rata hore batsoali ba hao ba etse’ng ka lintho tseo u tšoenyehileng ka tsona?
․․․․․
Mohato oa Bone: Bua le bona. Hlalosa kamoo u ka ’nang ua qala ho buisana le batsoali ba hao ka taba ea ho batla ho ba boinotšing.
․․․․․
Na u hlokahaletsoe ke motsoali e mong? Haeba ho joalo, u ka fumana matšeliso hokae?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba Khaolo ea 6 bukeng ena.
LENGOLO LA SEHLOOHO
“Etsa sohle se matleng a hao ho itlhahisa u amoheleha ho Molimo, mosebetsi eo ho seng letho leo a ka hlajoang ke lihlong ka lona.”—2 Timothea 2:15.
KELETSO
Ha u bua le batsoali ba hao ka taba ea hore u hloka nako ea ho ba boinotšing, u se ke ua tletleba. Bua ka lintho tse u tšoenyang. Phapang ke efe? Ha u tletleba u tsepamisa maikutlo linthong tseo u nahanang hore batsoali ba hao ba fositse ho tsona. Ha u bua ka lintho tse u tšoenyang, seo se le thusa hore kaofela ha lōna le tsepamise maikutlo tabeng ea ho fumana tharollo.
NA U NE U TSEBA . . . ?
Ha u bua le batsoali ba hao ka bolokolohi, ba ke ke ba u belaella hakaalo.
SEO KE RERANG HO SE ETSA!
E le hore batsoali ba ka ba ntšepe (kapa ba boele ba ntšepe), ke tla
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke
U NAHANA’NG KA SEE?
● Ke hobane’ng ha batsoali ba hao ba lokela ho tseba lintho tse etsahalang bophelong ba hao?
● Ho leka ho ntlafatsa tsela eo u buisanang le batsoali ba hao ka eona ho ka ’na ha u thusa joang hore u buisane le batho ba bang ba baholo nakong e tlang?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 108]
“Kaha batsoali ha ba batle hore u hlaheloe ke lintho tse mpe, ka linako tse ling ho ka ’na ha bonahala eka ba kena-kenana le ho ba boinotšing ha hao. Hoo ho bonahala eka hase toka. Empa ho bua ’nete, haeba ke ne ke le motsoali mohlomong ke ne ke tla etsa se tšoanang.”—Alana
[Setšoantšo se leqepheng la 109]
Ho tšeptjoa ho tšoana le ho fumana moputso—motho o tlameha ho ho sebeletsa