Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Intša ka Sekhukhu—Ho Kotsi Hakae?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
    • Khaolong ea 2

      Ho Intša ka Sekhukhu—Ho Kotsi Hakae?

      Jessica o ne a tobane le bothata. Litaba li qalile ha moshanyana e mong ka tlelaseng ea bitsoang Jeremy a qala ho bontša hore oa mo thahasella. Jessica o re: “O ne a le motle, ’me metsoalle ea ka e ne e re nke ke ka hlola ke fumana moshanyana ea itlhomphang joalo. Banana ba bangata ba ne ba lekile ho mo fereha empa o ne a sa ba rate. O ne a rata ’na feela.”

      Ho e-s’o ee kae, Jeremy o ile a fereha Jessica. Jessica o ile a mo hlalosetsa hore kaha ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, a ke ke a lumelloa hore a intše le motho ea sa kopaneleng le eena tumelong. O re: “Empa Jeremy o ne a e-na le leqheka. O ile a mpotsa a re, ‘Ke hobane’ng ha re sa patele batsoali ba hao?’”

      U NE u ka re’ng haeba motho e mong ea u hapileng pelo a u khothalletsa ho etsa seo? U ka ’na ua makatsoa ke hore Jessica o ile a lumellana le leqheka leo la Jeremy. O re: “Ke ne ke kholisehile hore haeba ke intša le eena, ke tla etsa hore a ithute ho rata Jehova.” Ho ile ha etsahala’ng? Re tla fumana hamorao. A re qaleng ka ho tšohla kamoo ba bang ba oelang lerabeng la ho intša ka sekhukhu kateng.

      Ke Hobane’ng ha ba ho Etsa ka Sekhukhu?

      Ke hobane’ng ha ba bang ba intša ka sekhukhu? Mohlankana e mong ea bitsoang David o re: “Baa tseba hore batsoali ba bona ha ba na ho lumellana le seo, kahoo baa ba patela.” Jane o hlalosa lebaka le leng leo e ka ’nang eaba ba bang ba etsa sena ka lona. O re: “Ho intša ka sekhukhu ke borabele. Haeba u nka hore ha u tšoaroe joaloka motho e moholo le hoja uena u nka hore u se u hōlile, u etsa qeto ea hore u tla iketsetsa seo u se ratang ebe ha u bolelle batsoali ba hao.”

      Na ho na le mabaka a mang ao u nahanang hore a ka hohela ba bang hore ba batle ho intša ka sekhukhu? Haeba a teng, a thathamise mona ka tlaase.

      ․․․․․

      Ho hlakile hore ua tseba hore Bibele e u laela hore u mamele batsoali ba hao. (Baefese 6:1) Haeba batsoali ba hao ba u hanela ho intša, e tlameha ebe ba na le lebaka le utloahalang. Leha ho le joalo, u se ke ua makala ha u ka iphumana u nahana ka tsela ena:

      ● Ke ikutloa ke le mokhelo hobane bacha bohle baa intša haese ’na feela.

      ● Ke khahluoe ke motho ea sa kopaneleng le ’na tumelong.

      ● Nka rata ho intša le Mokreste-’moho le ’na le hoja ke sa le monyenyane haholo hore nka kena lenyalong.

      Mohlomong ua tseba hore na batsoali ba hao ba ka re’ng mabapi le lipolelo tsena tse ka holimo. Tlaase botebong ba pelo ua tseba hore ba nepile. Empa ka nako e tšoanang, u ka ’na ua ikutloa joaloka ngoanana e mong ea bitsoang Manami, ea reng: “Khatello ea hore ke intše e matla hoo ka linako tse ling ke sa tsebeng hore na ke eme hokae. Kajeno bacha ba ho nka e le mohlolo hore ebe motho ha a intše. Ntle ho moo, ha ho monate ho ba mong!” Bacha ba bang ba boemong boo ba qalile ho intša, ’me ba patela batsoali ba bona seo. Ba etsa seo joang?

      “Re Ile ra Bolelloa Hore Taba eo e be Lekunutu”

      Poleloana “ho intša ka sekhukhu” e fana ka maikutlo a hore mano a teng tabeng ena, e leng sona se etsang hore ho atlehe. Ba bang ba pata taba ea hore baa intša ka hore ba buisane ka fono kapa ka Inthanete feela. Mahlong a batho ke metsoalle feela, empa melaetsa eo ba e romellanang ka e-mail le ka cell phone le ha ba buisana ka fono e bontša hore hase metsoalle feela.

      Leqheka le leng ke la ho hlophisa ho etsa ntho e itseng le le sehlopha, ebe hamorao hoa ikajoa. James o re: “Ka le leng re ile ra kōpuoa ho kopana sebakeng se itseng re le sehlopha, empa hamorao ra fumana hore leo e ne e le leqheka feela la hore ba babeli ho rōna sehlopheng moo ba tsebe ho kopana. Re ile ra bolelloa hore taba eo e be lekunutu.”

      Joalokaha James a boletse, metsoalle e atisa ho thusa ba intšang ka sekhukhu. Carol o re: “U tla fumana hore bonyane motsoalle e mong oa tseba ka taba eo empa o khethile ho le nyaea le kolobe ka lebaka la maikutlo a atileng a hore ‘u se ke ua bolela.’” Ka linako tse ling, ho etsoa bolotsana bo pepenene. Beth ea lilemo li 17, o re: “Ba bangata ba patela batsoali ba bona hore baa intša ka ho ba thetsa mabapi le hore na ba ea hokae.” Ke seo Misaki ea lilemo li 19, a ileng a se etsa. O re: “Ke ne ke e-ba hlokolosi ha ke iqapela taba. Ke ne ke qoba ho thetsa batsoali ba ka litabeng tse ling haese feela tabeng ea hore kea intša e le hore ba ’ne ba ntšepe.”

      Likotsi Tsa ho Intša ka Sekhukhu

      Haeba u utloa u rata ho intša ka sekhukhu—kapa haeba u se u ntse u intša ka sekhukhu—u lokela ho ipotsa lipotso tsena tse peli tse latelang:

      Tsela eo ke etsang lintho ka eona e tla fella hokae? Na u ikemiselitse ho nyalana le motho eo haufinyane? Evan ea lilemo li 20 o re: “Ho intša u e-s’o ikemisetse ho kena lenyalong ho ka tšoana le ho phatlalatsa hore u rekisa ntho e itseng empa u sa e rekise.” Phello e ka ba efe? Liproverbia 13:12 e re: “Tebello e chechisetsoang morao e kulisa pelo.” Na ka sebele u rata ho bolaisa motho eo u mo ratang pelo? Temoso e ’ngoe ke ena: Ho intša ka sekhukhu ho tla etsa hore u se ke ua fumana thuso e lerato eo batsoali ba hao le batho ba bang ba baholo ba amehileng ka uena ba ka u fang eona. Kahoo u kotsing e khōlō ea ho oela lerabeng la boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate.—Bagalata 6:7.

      Jehova Molimo o ikutloa joang ka seo ke se etsang? Bibele e re: “Lintho tsohle li hlobotse ’me li pepesitsoe phatlalatsa mahlong a eo re nang le boikarabello ho eena.” (Baheberu 4:13) Ka hona, haeba u pata hore ua intša—kapa u pata hore motsoalle oa hao oa intša—Jehova o se a ntse a tseba ka taba eo. ’Me haeba ho ameha mano tabeng ena, u na le lebaka le utloahalang la ho khathatseha. Jehova Molimo o hloile leshano. Ha e le hantle, Bibele e qolla “leleme la bohata” e le e ’ngoe ea lintho tse ka sehloohong tseo a li hloileng!—Liproverbia 6:16-19.

      Tsoa ka Taba

      Ka sebele, e ka ba hantle hore u buisane le batsoali ba hao kapa Mokreste ea hōlileng moeeng haeba u intša ka sekhukhu. ’Me haeba motsoalle oa hao a intša ka sekhukhu, u se ke ua mo thusa ho pata taba eo. (1 Timothea 5:22) Etsoe u ne u tla ikutloa joang haeba ho intša hoo ha bona ho ne ho ka hlahisa mathata a tebileng? Na u ne u ke ke ua jara molato ka tsela e itseng?

      Ka mohlala: A re nke hore motsoalle e mong oa hao o na le lefu la tsoekere ’me o ipolaisa lintho tse tsoekere ka sekhukhu. U ne u ka etsa’ng haeba u tseba ka taba eo empa motsoalle oa hao a u kōpa hore u se ke ua bolella motho? U ne u tla khathatseha ka eng haholo—ka ho pata seo motsoalle oa hao a se etsang kapa ka ho nka khato e ka ’nang ea mo pholosa?

      U boemong bo tšoanang haeba ua tseba hore motsoalle oa hao o intša ka sekhukhu. U se ke ua khathatseha ka hore setsoalle sa lōna se tla qhalanela ruri. Ha nako e ntse e ea, motsoalle oa sebele o tla hlokomela hore u entse seo hobane u mo tsotella e le kannete.—Pesaleme ea 141:5.

      Na ke Taba ea Sekhukhu Kapa ke Feela Hore Batho ba se ke ba Tseba?

      Ke ’nete hore hase ka linako tsohle ho etsa lintho ka sekhukhu ha le intša e leng mano. Ka mohlala, a re nke hore mohlankana le moroetsana ba batla ho tsebana hamolemonyana, empa ha ba e-s’o batle hore taba ea bona e tsebahale hohle. Mohlomong joalokaha mohlankana e mong ea bitsoang Thomas a bolela, “ha ba batle ho ’na ba tšoenngoa ka lipotso tse kang, ‘Joale le nyalana neng?’”

      Ho hatelloa ke batho ho sa hlokahale ho ka ba kotsi. (Sefela sa Lifela 2:7) Ke kahoo qalong ba bang ba khethang ho etsa lintho ka masene. (Liproverbia 10:19) Anna ea lilemo li 20, o re: “Sena se fa batho bao ba babeli nako ea hore ba bone hore na ba hlile ba ikemiselitse ho tsoela pele ka morero oa ho nyalana kapa che. Haeba ba hlile ba ikemiselitse, joale ba ka tsebisa ba bang.”

      Ka nako e tšoanang, e ka ba phoso ho patela batho ba nang le tokelo ea ho tseba hore ua intša, ba kang batsoali ba hao kapa ba motho eo u intšang le eena. Haeba u sa batle hore batho ba tsebe hore ua intša, u lokela ho ipotsa hore na ke hobane’ng. Na ke hobane u tseba hore batsoali ba hao ba tla hanyetsa taba eo ka mabaka a utloahalang?

      “Ke Ile ka Tseba Seo ke Lokelang ho se Etsa”

      Jessica, eo ho builoeng ka eena qalong, o ile a fetola maikutlo ka taba ea ho intša le Jeremy ka sekhukhu ha a utloa se ileng sa etsahalla Mokreste e mong ea neng a le boemong bo tšoanang le ba hae. Jessica o re: “Ka mor’a hore ke utloe hore na o ile a khaohana joang le motho eo, ke ile ka tseba seo ke lokelang ho se etsa.” Na ho bile bonolo ho khaohana le motho eo? Che! Jessica o re: “E ne e le eena feela mohlankana eo ke neng ke hlile ke mo rata. Ke ile ka qeta libeke ke lla letsatsi le chabang le le likelang.”

      Empa Jessica o ne a rata Jehova. Le hoja a ne a khelohile ka nakoana tseleng o ne a hlile a batla ho etsa se nepahetseng. Ha nako e ntse e ea, bohloko ba ho khaohana le motho eo bo ile ba kokobela. Jessica o re: “Hona joale kamano ea ka le Jehova e ntlafetse ho feta leha e le neng pele. Ke leboha haholo hore ebe o re tataisa ka tsela eo re e hlokang le hona ka nako e loketseng!”

      KHAOLONG E LATELANG

      A re re u se u loketse ho intša, ’me u fumane motho eo u mo ratang. Empa u ka tseba joang hore motho eo o u loketse?

      LENGOLO LA SEHLOOHO

      “Re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.”—Baheberu 13:18.

      KELETSO

      Ha ho hlokahale hore u hlome kamano ea lōna ea lerato thupeng. Empa bolella batho ba lokelang ho tseba ka eona. Hangata e lokela ho ba batsoali ba hao le ba motho eo u intšang le eena.

      NA U NE U TSEBA . . .  ?

      E le hore batho ba be le kamano e tšoarellang ba lokela ho tšepana. Ho intša ka sekhukhu ho ka etsa hore batsoali ba hao ba se ke ba u tšepa ’me ha senya motheo oa kamano ea hao le motho eo u intšang le eena.

      SEO KE RERANG HO SE ETSA!

      Haeba ke intša le Mokreste-’moho le ’na ka sekhukhu, ke tla ․․․․․

      Haeba motsoalle oa ka a intša ka sekhukhu, ke tla ․․․․․

      Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

      U NAHANA’NG KA SEE?

      ● Ak’u nahane ka lintlha tse tharo tse ngotsoeng ka mongolo o motenya leqepheng la 22. Ke boemo bofe, haeba bo teng, bo hlalosang tsela eo u ikutloang ka eona ka linako tse ling?

      ● U ka sebetsana joang le boemo boo empa u sa intše ka sekhukhu?

      ● Haeba u tseba hore motsoalle oa hao o intša ka sekhukhu, u ka etsa’ng, hona ke hobane’ng ha u ka khetha ho etsa joalo?

      [Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 27]

      “Ke ile ka khaotsa ho intša ka sekhukhu. Ha e le hantle, ke ne ke utloa bohloko letsatsi le leng le le leng ha ke bona moshanyana eo sekolong. Empa Jehova Molimo o tseba tsohle, athe rōna ha re tsebe tsohle. Re lokela ho tšepa Jehova feela.’’—Jessica

      [Setšoantšo se leqepheng la 25]

      Ho pata hore motsoalle oa hao o intša ka sekhukhu ho tšoana le ho pata hore motsoalle oa hao ea nang le lefu la tsoekere o ipolaisa lintho tse tsoekere ka sekhukhu

  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Emela Lenyalo?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
    • Khaolong ea 5

      Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Emela Lenyalo?

      “Ke tlas’a khatello e khōlō ea hore ke kopanele liphate.”—Kelly.

      “Ke ikutloa ke le mokhelo hore ebe ke ntse ke e-s’o kopanele liphate.”—Jordon.

      “NA U ntse u e-s’o kopanele liphate?” Potso eo ka boeona e ka ’na ea u kenya botlolong! Etsoe libakeng tse ngata mocha ea e-song ho kopanele liphate o nkoa e le ea makatsang, mokhelo. Hase feela bacha ba bangata hakana ba kopanelang liphate le pele ba e-ba lilemo li 20!

      Ho Huloa ke Takatso le ho Susumetsoa ke Lithaka

      Haeba u Mokreste, ua tseba hore Bibele e re u “ile bohlola.” (1 Bathesalonika 4:3) Leha ho le joalo, u ka ’na ua thatafalloa ke ho laola takatso ea ho kopanela liphate. Mohlankana e mong ea bitsoang Paul o re: “Ka linako tse ling ke tleloa ke mohopolo oa ho kopanela liphate ntle ho lebaka.” U se ke ua khathatseha, ho ea bohōleng bo itseng, maikutlo a joalo ke a tlhaho.

      Empa hase ntho e monate ho lula u tlokoa le ho hobosoa ka hore ha u e-s’o kopanele liphate! Ka mohlala, ho thoe’ng haeba lithaka tsa hao li u bolella hore ha u monna kapa mosali oa sebele haeba ha u e-s’o kopanele liphate? Ellen o re: “Lithaka tsa hao li etsa hore eke ho kopanela liphate ke ntho e thabisang, e tloaelehileng. Haeba u sa kopanele liphate, u nkoa u le mohlolo.”

      Empa ho na le taba eo lithaka tsa hao li ka ’nang tsa se ke tsa u bolella eona mabapi le ho kopanela liphate pele ho lenyalo. Ka mohlala, Maria ea ileng a kopanela liphate le mohlankana oa hae oa hopola: “Ka mor’a moo, ke ile ka sala ke soabile ke bile ke le lihlong. Ke ile ka itlhoea ka ba ka hloea le mohlankana oa ka.” Bacha ba bangata ha ba elelloe hore eo ke eona phello e atisang ho ba teng. Bonneteng, ho kopanela liphate pele ho lenyalo hangata ho utloisa motho bohloko maikutlong—’me ho tlisa litholoana tse babang!

      Leha ho le joalo, mocha ea bitsoang Shanda oa botsa, “Ke hobane’ng ha Molimo a entse hore bacha ba be le takatso ea ho kopanela liphate empa a tseba hore ba lokela ho emela lenyalo?” Eo ke potso e utloahalang. Empa nahana ka se latelang:

      Na takatso ea ho kopanela liphate ke eona feela takatso e matla eo u bang le eona? Che. Jehova Molimo o u bōpelletse le matla a ho ba le litakatso tse sa tšoaneng le maikutlo a sa tšoaneng.

      Na u lokela ho ea le takatso e ’ngoe le e ’ngoe hang feela ha e hlaha? Che, Molimo o boetse o u file matla a ho laola liketso tsa hao.

      Joale re ithuta eng? U ka ’na ua se ke ua khona ho thibela litakatso tse itseng hore li be teng, empa u ka khona ho laola tsela eo u itšoarang ka eona ha li le teng. Ruri ho ea le takatso ea ho kopanela liphate neng le neng ha e fihla e ne e tla ba ntho e fosahetseng le e booatla joalokaha nako le nako u ne u ka otla motho e mong ha u ikutloa u halefile.

      ’Nete ke hore ha ho mohla Molimo a ileng a rera hore re sebelise hampe matla ao a re fileng ’ona a ho kopanela liphate. Bibele e re: “E mong le e mong oa lōna a tsebe ho ruela sejana sa hae khalaletsong le tlhomphong.” (1 Bathesalonika 4:4) Feela joalokaha ho e-na le “nako ea ho rata le nako ea ho hloea,” ho boetse ho na le nako ea ho ea le takatso ea ho kopanela liphate le nako ea ho ithiba. (Moeklesia 3:1-8) Ha e le hantle, ke uena ea laolang litakatso tsa hao!

      Empa u ka etsa’ng haeba e mong a u soma, ka ho se kholoe hohle a re, “Na u tiile u ntse u e-s’o kopanele liphate?” U se ke ua tšoha. Ho motho eo sepheo sa hae e leng feela ho u kenyetsa mahlo, u ka ’na ua re: “Ehlile ke ntse ke e-s’o kopanele liphate, ebile ua tseba ke’ng? Ke motlotlo hore ebe ho joalo!” Kapa u ka ’na ua re: “Eo ke taba ea botho eo ke sa tsamaeeng ke bua le batho ka eona.”a (Liproverbia 26:4; Bakolose 4:6) Ka lehlakoreng le leng, u ka ’na ua hlokomela hore motho ea u botsang o tšoanetse ho tseba ho eketsehileng. Boemong boo, u ka ’na ua khetha ho mo hlalosetsa boemo ba hao bo thehiloeng Bibeleng.

      Na u ka nahana litsela tse ling tseo u ka arabelang motho ea lekang ho u soma ka hore “Na u tiile u ntse u e-s’o kopanele liphate?” Haeba li teng, li ngole ka tlaase mona.

      ․․․․․

      Mpho ea Bohlokoahali

      Molimo o ikutloa joang ha batho ba etsa qeto ea ho kopanela liphate pele ba kena lenyalong? Ak’u nahane u reketse motsoalle oa hao mpho e itseng. Empa le pele u mo fa eona, ka bohelehele o bula mpho eo! Na u ne u ke ke ua utloa bohloko? Joale nahana hore na Molimo o tla ikutloa joang ha u ne u ka kopanela liphate pele u kena lenyalong. O batla hore u emele lenyalo e le hore u thabele mpho ea ho kopanela liphate.—Genese 1:28.

      U lokela ho etsa’ng ha u ba le takatso ea ho kopanela liphate? Ithute ho e laola. U na le matla a ho etsa joalo! Rapela Jehova hore a u thuse. Moea oa hae o ka u matlafatsa hore u be le boitšoaro. (Bagalata 5:22, 23) Hopola hore Jehova “a ke ke a hanela ba tsamaeang ka ho hloka molato ka ntho leha e le efe e ntle.” (Pesaleme ea 84:11) Mocha ea bitsoang Gordon o re: “Ha ke fihleloa ke monahano oa hore ho kopanela liphate pele ho lenyalo hase ntho e mpe hakaalo, ke nahana ka liphello tse mpe tsa ho senyeheloa ke kamano eo ke nang le eona le Jehova ’me kea lemoha hore ha ho na sebe se monate hoo nka telang kamano ea ka le eena.”

      ’Nete ke hore hase mohlolo ha motho a e-s’o kopanele liphate, ebile hase ntho e makatsang. Boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate ke bona bo theolang motho seriti, bo tlotlollang le bo kotsi. Ka hona, u se ke ua lumella mashano a lefatše lena hore a u susumetse ho nahana hore ho na le phoso e itseng ka uena ha u latela melao-motheo ea Bibele. Ho lula u sa kopanele liphate ho u sireletsa ’meleng, maikutlong ebile ho etsa hore u lule u thabile, ’me habohlokoa le ho feta, ho sireletsa kamano ea hao le Molimo.

      BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 1, KHAOLONG EA 24

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a Hoa thahasellisa hore ebe Jesu o ile a khetha ho thola ha Heroda a ne a mo botsa lipotso. (Luka 23:8, 9) Hangata tsela e molemo ea ho sebetsana le lipotso tse sa hlokahaleng ke ho se li arabe.

      LENGOLO LA SEHLOOHO

      “Haeba leha e le mang . . . a entse qeto ena ka pelong ea hae, hore a boloke bosoha ba hae, o tla etsa hantle.”—1 Bakorinthe 7:37.

      KELETSO

      U se ke ua tloaelana le batho ba sa hlompheng melao ea boitšoaro bo botle, esita le haeba e le bao u leng bolumeling bo le bong le bona.

      NA U NE U TSEBA . . .  ?

      Batho ba sa khoneng ho itšoara tabeng ea ho kopanela liphate ba ka ’na ba sitoa ho fetola mekhoa ea bona leha ba se ba le lenyalong. Ka lehlakoreng le leng, ho ka etsahala hore ba tšepahallang melao ea boitšoaro ea Molimo pele ba kena lenyalong ba tšepahalle balekane ba bona ha ba se ba le lenyalong.

      SEO KE RERANG HO SE ETSA!

      Haeba ke batla ho emela lenyalo pele ke kopanela liphate, ke tla lokela ho ․․․․․

      Haeba bao ke tloaelaneng le bona ba etsa hore ho be thata ho ema qetong eo ke e entseng, ke tla ․․․․․

      Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

      U NAHANA’NG KA SEE?

      ● U nahana hore ke hobane’ng ha bacha ba bang ba soma ba e-song ho kopanele liphate?

      ● Ke hobane’ng ha ho le boima hore mocha a lule a sa kopanele liphate?

      ● Melemo ea ho emela lenyalo pele u kopanela liphate ke efe?

      ● U ka hlalosetsa ngoan’eno e monyenyane joang ka melemo ea hore a lule a sa kopanele liphate?

      [Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 51]

      “Ho lula ke hopola hore ‘ha ho sehlola kapa motho ea sa hloekang ea nang le lefa leha e le lefe ’musong oa Molimo’ ho nthusa hore ke hanele teko ea ho kopanela liphate.’’ (Baefese 5:5)—Lydia

      [Lebokose se leqepheng la 49]

      Lintlha Tseo U li Ngotseng

      Ke Eng e Hlileng e Etsahalang ka Mor’a Moo?

      Lithaka tsa hao hammoho le ba mecha ea boithabiso bo tloaelehileng, hangata ka masene ba pata liphello tse bohloko tsa ho kopanela liphate pele u kena lenyalong. Hlahloba liketsahalo tse tharo tse latelang. U nahana hore ke eng e tla hle e etsahale ho bacha baa?

      ● Moshanyana eo u kenang sekolo le eena o ithorisa ka hore eena o robetse le banana ba bangata. O re ke ntho e monate—ha ho na motho ea utloang bohloko. Ke eng e hlileng e etsahalang ka mor’a moo—ho eena le ho banana bao? ․․․․․

      ● Ha filimi e fela, e bontša bacha ba babeli ba sa nyalanang ba bontšana lerato ka ho kopanela liphate. Ka mor’a moo ho tla etsahala eng—bophelong ba sebele? ․․․․․

      ● U kopana le moshanyana e motle ea u kōpang hore u robale le eena. O re ha ho na motho ea tla tseba ka taba ena. Ha u lumela ’me u leka ho pata taba ena, ke eng e tla hle e etsahale ka mor’a moo? ․․․․․

      [Setšoantšo se leqepheng la 54]

      Ho kopanela liphate pele u kena lenyalong ho tšoana le ho bula mpho pele u e fuoa

  • Nka Loantša Khatello ea Lithaka Joang?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
    • Khaolong ea 15

      Nka Loantša Khatello ea Lithaka Joang?

      “Sekolong u kopana le liteko tse ngata—tse akarelletsang ho tsuba, lithethefatsi le boitšoaro ba ho kopanela liphate. Ua tseba hore seo bana ba bang ba batlang hore u se etse ke booatla. Empa ho fihla moo u utloang hore u khathetse ke ho ba lekoala.”—Eve.

      KE TLHAHO ho batla ho amoheloa ke ba bang. Ke ka lebaka leo khatello ea lithaka e atlehang hakana. Ka mohlala, haeba u hōlisitsoe ke batsoali ba Bakreste, ua tseba hore lintho tse kang ho kopanela liphate pele u kena lenyalong le ho noa haholo li fosahetse. (Bagalata 5:19-21) Empa ba bangata ho lithaka tsa hao, ba u khothalletsa hore u etse lintho tsena le bona. Na ba nahanne ka taba ee le ho iketsetsa qeto ea hore na ba batla ho etsa lintho tsee kapa che? Mohlomong ha baa etsa seo. Hangata ba latetse feela tšusumetso ea ba bang. Ba batla ho amoheloa, kahoo ba lumella ba bang hore ba ba khethele seo ba se lumelang. Na u tšoana le bona? Kapa u iteta sefuba ho emela seo u se lumelang?

      Moholoane oa Moshe, e leng Arone, o ile a inehela ha a hatelloa ke ba bang—bonyane ketsahalong e le ’ngoe. Ha Baiseraele ba mo bokanela ’me ba mo phehella hore a ba etsetse molimo, o ile a ba etsetsa oona! (Exoda 32:1-4) Ak’u nahane feela—motho enoa o ne a ile a tobana le Faro, a mo bolella ka sebete molaetsa oa Molimo. (Exoda 7:1, 2, 16) Empa ha Baiseraele ba habo ba mo hatella ka matla, Arone o ile a inehela. Kamoo ho bonahalang kateng, o ile a nolofalloa ho hanyetsa morena oa Egepeta ho fapana le batho ba habo!

      Ho thoe’ng ka uena? Na u thatafalloa ho emela seo u tsebang hore se nepahetse? Na u ka rata ho loantša khatello ea lithaka empa u sa bonahale u tsitsipane u bile u tšohile? U ka khona! Habohlokoa ke hore u bone boemo esale pele u be u etse qeto ea seo u tlang ho se etsa. Mehato e mene e thathamisitsoeng ka tlaase mona e tla u thusa ho etsa sena.

      1. Nahana esale pele. (Liproverbia 22:3) Hangata u ka bona esale pele ha khathatso e tla ba teng. Ka mohlala, ha u tla le mane u bona bana ba bang ba sekolo ba entse seqhoqho ba bile ba ntse ba tsuba. Na ba ka ’na ba re le uena u tsube? Ha u nahanne ka bothata esale pele, u tla itokisetsa ho bo qoba kapa ho sebetsana le bona.

      2. Nahana. (Baheberu 5:14) U ka ’na ua ipotsa, ‘Qetellong ke tla ikutloa joang haeba ke latela bongata?’ Ke ’nete hore lithaka tsa hao li ka ’na tsa u amohela ka nakoana. Empa u tla ikutloa joang hamorao, ha u e-na le batsoali ba hao kapa Bakreste-’moho le uena? Na u ikemiselitse ho tela kamano e ntle le Molimo molemong feela oa ho khahlisa bana bao u kenang sekolo le bona?

      3. Etsa qeto. (Deuteronoma 30:19) Ha nako e ntse e ea, bahlanka bohle ba Molimo ba tlameha ho khetha hore na ba tla tšepahala ’me ba hlohonolofale kapa ha ba na ho tšepahala ’me ba kotule litholoana tse babang. Batho ba kang Josefa, Jobo le Jesu ba ile ba khetha ho etsa se nepahetseng, ha Kaine, Esau le Judase bona ba ile ba khetha ho etsa se fosahetseng. Joale le uena u lokela ho khetha. U tla etsa’ng?

      4. Nka khato. U ka ’na ua nahana hore ena ke ntho e thata ka ho fetisisa. Empa ha e thata! Haeba u se u nahanne ka liphello tse ka ’nang tsa latela ebile u entse qeto, u ka ’na ua makatsoa ke kamoo ho ka ’nang ha e-ba bonolo kateng ho hlalosa boemo ba hao—’me ha hlahisa liphello tse molemo. (Liproverbia 15:23) U se ke ua tšoenyeha—ha ho hlokahale hore u hlalosetse lithaka tsa hao Bibele eohle. Sohle seo u ka ’nang ua lokela ho se etsa feela ke ho hana ka tieo. Kapa haeba u batla ho hlakisa hore ha u cheche tabeng eo, u ka ’na ua re:

      “Le se ke la mpalella!”

      “Ha ke etse lintho tseo!”

      “Helang, le tseba hantle hore ha ke li kene tseo!”

      Habohlokoa ke hore u arabe ka potlako le ka tsela e bontšang kholiseho. Ha u etsa joalo, u ka ’na ua makatsoa ke kamoo lithaka tsa hao li ka khaotsang ka potlako ho u tšoenya! Empa u ka etsa’ng haeba li u soma? U ka re’ng haeba li re “Ho etsahala’ng ka uena—kapa u lekoala?” Hlokomela hore morero oa seo ba se etsang empa e le ho u hatella feela. U ka re’ng? Ho na le lintho tse tharo tseo bonyane u ka li etsang.

      ● U ka lumellana le seo ba u somang ka sona. (“Ehlile le bua ’nete, kea tšaba!” Ebe u hlalosa lebaka ka bokhutšoanyane.)

      ● U ka faposa taba ka ho hlakisa boemo ba hao, empa le teng u sa ba phehise khang.

      ● U ka ba beha tlas’a khatello le uena. Ba bolelle hore na ke hobane’ng ha u hana ’me u ba thuse ho nahana. (“Na le tiile lea tsuba? Ke ne ke nahana hore le bohlale!”)

      Haeba lithaka tsa hao li tsoela pele ho u soma, tloha moo! Ha u hanella moo, li tla u hatella le ho feta. Esita le haeba u tloha sebakeng seo, hopola hore: Ke uena ea iketselitseng qeto eo. Ha ua lumella lithaka tsa hao ho u etsa hore u tšoane le tsona!

      Lithaka tsa hao tse ling li ka ’na tsa u soma tsa re ha u tsebe ho inahanela. Empa ua tseba! Ha e le hantle, Jehova o batla hore u ipakele hore ho etsa thato ea hae ke tsela e molemo ka ho fetisisa. (Baroma 12:2) Joale ke hobane’ng ha u lumella lithaka tsa hao hore li u etse popoiki? (Baroma 6:16) Emela seo u tsebang hore se nepahetse!

      Ke ’nete hore u ke ke ua qoba khatello ea lithaka. Empa u ka tseba seo u batlang ho se etsa, ua hlalosa boemo ba hao le ho laola lintho. Qetellong, ke uena ea ikhethelang!—Joshua 24:15.

      BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 1, KHAOLONG EA 9

      KHAOLONG E LATELANG

      Na u phela bophelo bo habeli? Ke melemo efe e ka ’nang ea e-ba teng haeba batsoali ba hao ba tseba ka taba ee?

      LENGOLO LA SEHLOOHO

      “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.”—Liproverbia 13:20.

      KELETSO

      E le ho etsa hore u be sebete haholoanyane, bala liphihlelo tsa bahlanka ba Jehova ba mehleng ea kajeno ba ileng ba atleha ho emela se nepahetseng.

      NA U NE U TSEBA . . .  ?

      Ka mor’a selemo u qetile sekolong, u tla kopana le bana ba ’maloa feela bao u kenang sekolo le bona. Ba bangata ba ka ’na ba se ke ba hopola esita le lebitso la hao feela. Empa ba lelapa leno—’me ka holimo ho tsohle, Jehova Molimo—ba tla lula ba u thahasella.—Pesaleme ea 37:23-25.

      SEO KE RERANG HO SE ETSA!

      Nka itokisetsa ho loantša khatello ea lithaka ka ho ․․․․․

      Haeba lithaka tsa ka li leka ho nkhatella hore ke etse ntho e fosahetseng, ke tla ․․․․․

      Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

      U NAHANA’NG KA SEE?

      ● Mehato e mene e boletsoeng khaolong ena e ka u thusa maemong afe?

      ● Ho ka etsahala’ng haeba u inehela khatellong ea lithaka?

      ● Har’a tse ling u ka etsa’ng ho hanela khatello ea lithaka?

      [Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 131]

      “Bashanyana ba bangata baa tseba hore ke Paki, ’me baa ntlhompha. Ha ba tl’o bua ntho e tsoileng tseleng, u tla utloa ba re, ‘Mike, re batla ho bua, kahoo haeba u batla ho tsamaea, u ka ikela.’’’—Mike

      [Chate leqepheng la 132, 133]

      Lintlha Tseo U li Ngotseng

      Seo u ka se Etsang ha u Hatelloa ke Lithaka Mohlala

      1. Nahana esale pele

      Teko ke efe? Li batla hore ke tsube.

      Nka ’na ka tobana le teko ee ha ke le hokae? Sebakeng sa lilok’hara.

      ↓ ↓

      Ho tla etsahala’ng haeba 2. Nahana Ho tla etsahala’ng haeba

      ke inehela? ke hana?

      Ke tla khopisa Jehova le batsoali Lithaka tsa ka li ka ’na tsa ntšoma

      ba ka. Ke tla ba le letsoalo le kapa tsa ntheha mabitso.

      molato. Ke tla thatafalloa ho hana Bana ba bang bao ke kenang sekolo

      nakong e tlang. le bona ba ka ’na ba nkoekoetla.

      Empa ke tla thabisa Jehova,

      ’me ke tla khona ho ikemela

      haholoanyane.

      ↓ ↓

      Haeba ke inehela, e tla be 3. Etsa qeto Ke tla hana ho tsuba hobane

      e le hobane

      ke sa itokisetsa hantle hore ke kea tseba hore ho khopisa

      tobane le khatello ea lithaka. Jehova le hore ho ka nkulisa.

      Ke nka ho amoheloa ke lithaka

      e le habohlokoa ho feta ho

      amoheloa ke Jehova.

      ↓ ↓

      4. Nka khato

      Ke tla

      hana ke ntan’o itsamaela.

      Ha Lithaka li Ntšoma

      Haeba lithaka tsa ka li re: “Nka sakerete ke ena u tsube. Kapa ua tšaba?”

      Nka li araba ka . . . 

      Ho lumellana le tsona Ho faposa taba Ho li beha tlas’a khatello

      “Ehlile le bua ’nete. Ke “Le se ke la itšenyetsa “Kea leboha. Na le tiile

      tšaba ho tsuba. Ha ke sakerete ea lōna.” lea tsuba? Ke ne ke nahana

      batle ho tšoaroa ke hore le bohlale!”

      kankere ea matšoafo.”

      TLHOKOMELISO: Tloha moo hang-hang haeba lithaka tsa hao li ntse li tsoela pele ho u hatella. Ha u hanella moo, u etsa hore ho be bonolo hore li u etse popoiki ea tsona. Joale itlatsetse leqephe le latelang.

      Seo u ka se Etsang ha u Hatelloa ke Lithaka Kopitsa leqephe lena!

      1. Nahana esale pele

      Teko ke efe? ․․․․․

      Nka ’na ka tobana le teko ee ha ke le hokae? ․․․․․

      ↓ ↓

      Ho tla etsahala’ng haeba 2. Nahana Ho tla etsahala’ng haeba

      ke inehela? ke hana?

      ․․․․․ ․․․․․

      ↓ ↓

      Haeba ke inehela, e tla be 3. Etsa qeto Ke tla hana ho tsuba hobane . . .

      e le hobane . . .

      ․․․․․ ․․․․․

      ↓ ↓

      4. Nka khato

      Ke tla . . .

      ․․․․․ ․․․․․

      Ha Lithaka li Ntšoma

      Haeba lithaka tsa ka li re: ․․․․․

      Nka li araba ka . . . 

      Ho lumellana le tsona Ho faposa taba Ho li beha tlas’a khatello

      ․․․․․ ․․․․․ ․․․․․

      Kōpa motsoali kapa motsoalle ea hōlileng tsebong hore a u thuse ho itlhakisa ka seo u tla se bua ha u araba lithaka tsa hao.

      [Setšoantšo se leqepheng la 135]

      Haeba u lumela ho etsa seo lithaka tsa hao li u hatellang hore u se etse, u iketsa popoiki ea tsona

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela