Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Nka Etsa’ng Hore ke Khaotse ho Hlonama Hakaale?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
    • Khaolong ea 13

      Nka Etsa’ng Hore ke Khaotse ho Hlonama Hakaale?

      “Ha metsoalle ea ka e imetsoe ke mathata, ke e thusa ho a rarolla le ho etsa hore e ikutloe e hlasimolohile. Empa ka mor’a moo, ke ea hae, ke kene ka kamoreng ebe kea lla—e leng seo ba bangata ba sa se hlokomeleng.”—Kellie.

      “Ha ke hloname ke itšehla thajana. Ha ke memeloa ho ea sebakeng se itseng, ke beha lebaka la hore ke se ke ka ea. Ke khona ho patela ba lelapa leso hore ke hloname. Ba nahana hore lintho li ntsamaela hantle.”—Rick.

      NA U kile ua ikutloa joaloka Kellie kapa Rick? Haeba ho joalo, u se ke ua potlakela ho etsa qeto ea hore ho na le se phoso ka uena. Taba ke hore motho e mong le e mong oa hlonama ka linako tse ling. Esita le banna le basali ba tšepahalang ba mehleng ea Bibele ba ne ba ikutloa ka tsela eo.—1 Samuele 1:6-8; Pesaleme ea 35:14.

      Ka linako tse ling, u ka ’na ua tseba hore na ke hobane’ng ha u hloname; empa ka linako tse ling u ka ’na ua se ke ua tseba. Anna ea lilemo li 19 o re: “Hase hore u lokela ho etsahalloa ke ntho e tšosang e le hore u hloname. Ho ka itlela ka nako leha e le efe le ha u se na mathata. Hoa makatsa empa hoa etsahala!”

      Ho sa tsotellehe hore na sesosa ke’ng—esita le haeba ho bonahala eka ha se eo—u ka etsa’ng ha u sithabetsoa ke ho hlonama? Leka ho etsa lintho tse latelang:

      1. Bua ka taba ena. Ha Jobo a ne a le mahlomoleng, o ile a re: “Ke tla bua ka moea o utloileng bohloko!”—Jobo 10:1.

      Kellie o re: “Ke ikutloa ke imolohile haholo ha ke qeta ho bua le motho e mong. Qetellong ho na le motho ea tsebang hore na ke ikutloa joang. A ka nkakhella thapo ’me a ’ntša ka mokoting—a mpholosa!”

      Tlhahiso: Ka tlaase mona, ngola lebitso la motsoalle eo u ka mo phetlelang sefuba ha u sithabelitsoe ke ho hlonama.

      ․․․․․

      2. Ngola ka taba ena. Ha ho hlonama ho ama tsela eo u talimang lintho ka eona bophelong, u ka ’na ua ngola maikutlo a hao. Lipesalemeng tsa hae tse bululetsoeng, ka linako tse ling Davida o ne a bontša hore o hloname haholo. (Pesaleme ea 6:6) Ho ngola maikutlo a hao ho ka u thusa ho “sireletsa bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana.”—Liproverbia 3:21.

      Heather o re: “Ho ngola ho nthusa hore ke hlophise lintho tse ngata tse ka kelellong ea ka tse bakoang ke ho hlonama. Ha u hlalosa maikutlo a hao le ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha u ikutloa ka tsela eo, ho hlonama ho tla kokobela.”

      Tlhahiso: Sebelisa chate e leqepheng la 93 ho u thusa hore u fumane litsela tse molemo tseo ka tsona u ka sebetsanang le maemo a thata. Sena se tla u thusa hore u imolohe.

      3. Rapella taba ena. Bibele e re ha u rapella lintho tse u tšoenyang, ‘khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela pelo ea hao le matla a hao a kelello.’—Bafilipi 4:6, 7.

      Esther o re: “Ke ile ka leka ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ke hloname, empa ka hlōleha. Ke ile ka kōpa Jehova hore a nthuse ke thabe. Ke ne ke khathetse ke ho hlonama empa ho se na lebaka. Qetellong ke ile ka khaotsa ho hlonama. Le ka mohla, u se ke ua halala matla a thapelo!”

      Tlhahiso: Nka mantsoe a ho Pesaleme ea 139:23, 24 e le mohlala oa thapelo eo u ka e etsang ho Jehova. Mo tšollele pelo ea hao, ’me u mo kōpe hore a u thuse ho fumana lebaka le etsang hore u hloname.

      Ho phaella litlhahisong tse boletsoeng ka holimo, u na le boitsebiso ba bohlokoa bo Lentsoeng la Molimo, e leng Bibele. Ha u tlatsa kelello ea hao ka lintho tse hahang tse fumanoang litlalehong tsa Bibele, seo se ka ba le tšusumetso e ntle maikutlong a hao. (Pesaleme ea 1:1-3) U ka fumana litlhahiso tsa kamoo u ka ruang molemo kateng ’malong oa Bibele ka ho hlahloba maqephe a nang le sehlooho se reng “Mohlala o Motle oa” bukeng ena le bukeng ea bobeli. Leqepheng la 227 la Buka ea 2, u tla ithuta kamoo moapostola Pauluse a ileng a atleha ho sebetsana le maikutlo a fosahetseng ao a neng a e-ba le ’ona ka linako tse ling ka lebaka la ho se phethahale.

      Haeba U sa Khaotse ho Hlonama

      Ryan o re: “Ka matsatsi a mang hoseng, ke utloa ke sa batle ho tsoha e le hore ke tobane le letsatsi le leng le se nang morero.” Ryan o na le bothata ba ho tepella maikutlo, ’me hase eena feela. Liphuputso li bontša hore mocha a le mong ho ba bane o ba le bothata bo itseng ba ho tepella maikutlo pele e e-ba motho e moholo.

      U ka tseba joang haeba u e-na le bothata ba ho tepella maikutlo? Matšoao a mang a akarelletsa phetoho e khōlō maikutlong le boitšoarong, ho itšehla thajana, ho felloa ke thahasello hoo e batlang e le linthong tsohle, ho ja le ho robala ka tsela e sa tloaelehang, ho ikutloa u hlile u se na thuso kapa ho ikutloa u le molato ntle ho lebaka.

      Ke ’nete hore hoo e batlang e le batho bohle ba ba le letšoao kapa matšoao ana neng-neng bophelong. Empa haeba ho feta libeke tse ’maloa matšoao ana a sa khaotse, ke hobane’ng ha u sa kōpe batsoali ba hao hore ba u ise ngakeng? Ngaka e ka ’na ea u bolella hore u na le bothata bo itseng ’meleng bo u bakelang ho hlonama.a

      Haeba u e-na le bothata ba ho tepella maikutlo, ha ho hlokahale hore u hlajoe ke lihlong. Batho ba bangata ba nang le bothata boo ba qalile ho hlasimoloha ha ba sebelisa meriana—mohlomong ba ikutloa ba phetse hantle ka tsela eo e leng khale ba qetetse ho ikutloa ka eona! Ka hona, ebang ho hlonama ha hao ho bakoa ke ho tepella maikutlo kapa che, hopola mantsoe a tšelisang a Pesaleme ea 34:18 a reng: “Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng; o pholosa ba sithabetseng moeeng.”

      KHAOLONG E LATELANG

      U ka etsa’ng haeba ho hlonama ho u sithabetsa hoo u bileng u nahanang ho ipolaea?

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a Bacha ba bang ba nahana ho ipolaea ha ba sa khaotse ho hlonama. Haeba le uena u kile ua nahana ka tsela eo, bua hang-hang le motho e moholo eo u mo tšepang.—Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba Khaolo ea 14, bukeng ena.

      LENGOLO LA SEHLOOHO

      “Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng; o pholosa ba sithabetseng moeeng.”—Pesaleme ea 34:18.

      KELETSO

      Hlalosa hore na u ikutloa joang ha u hloname le hore na u nahana hore ke’ng e etsang hore u hloname. Ka mor’a khoeli, bala seo u se ngotseng. Na tsela eo u ikutloang ka eona ka seo u se ngotseng e fetohile? Haeba e fetohile, ngola se u thusitseng.

      NA U NE U TSEBA . . . ?

      Ho loketse hore u lle, esita le haeba u moshemane. Ka nako e ’ngoe bophelong ba hae, Morena Davida o ile a re: “Ke kolobisa liphate tsa ka ka meokho, ke tšèla mosamo oa ka ka likhapha.”—Pesaleme ea 6:6, Bibele—Phetolelo e Ncha.

      SEO KE RERANG HO SE ETSA!

      E le hore ke ikutloe ke hlasimolohile, ke tla etsa lintho tse latelang: ․․․․․

      Ho qeta nako ke e-na le metsoalle e latelang ho tla nthusa ho kokobetsa ho hlonama: ․․․․․

      Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

      U NAHANA’NG KA SEE?

      ● Na ho lla hoa thusa?

      ● Ho qeta nako u e-na le batho ba bang ho ka u thusa joang hore u khaotse ho hlonama?

      [Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 96]

      “Ha ke hloname, ho hlokahala hore ke qobe ho itšehla thajana. Ke ’nete hore ho ka ’na ha hlokahala hore ke be boinotšing e le hore ke inahane hantle ’me mohlomong ke be ke lle. Empa ka mor’a moo, kea tseba hore ke lokela ho ba le batho ba bang e le hore ke tlose mohopolo nthong leha e le efe e neng e etsa hore ke hloname.”—Christine

      [Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 93]

      Lintlha Tseo U li Ngotseng

      Hore u Kokobetse ho Hlonama Tlatsa chate ena

      Ketsahalo Tsela e Fosahetseng Tsela e Molemo

      Tichere e etsa hore ke → Ha ke sa sebetsa ka thata → Ntlha e thusang: Sheba Khaolo ea 20

      ikutloe ke se na thuso thata tlelaseng eo bukeng ena

      Motsoalle oa ka oa → Ke mo bua hampe ho ba → Ntlha e thusang: Sheba Khaolo ea 10 Bukeng ea 2

      ntlhokomoloha bang

      Batsoali ba ka baa → Ke jara motsoali e mong ka → Ntlha e thusang: Sheba Khaolo ea 4

      hlalana pelo kapa bobeli ba bona bukeng ena

      ․․․․․ → ․․․․․ → ․․․․․

      ․․․․․ → ․․․․․ → ․․․․․

      [Setšoantšo se leqepheng la 95]

      U ka khona ho tsoa ka mokoting o tebileng oa ho hlonama, ka thuso ea ba bang le boiteko boo u bo etsang

  • Na ha ho Molemo Hore ke Mpe ke Ipolaee?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
    • Khaolong ea 14

      Na ha ho Molemo Hore ke Mpe ke Ipolaee?

      “HO MOLEMO ha nka ichoella ho feta ha ke phela.” Mantsoe ao a builoe ke mang? Na a builoe ke motho ea neng a sa lumele ho Molimo? Na a builoe ke motho ea neng a furaletse Molimo? Kapa na a builoe ke motho eo Molimo a neng a mo furaletse? Che, ha ho joalo. A builoe ke Jonase ea neng a inehetse ka ho teba empa a tsielehile.—Jonase 4:3, Today’s English Version.

      Bibele ha e re Jonase o ne a le mothating oa ho ipolaea. Leha ho le joalo, boipiletso ba hae bo bontšang tsieleho bo senola taba ea bohlokoa ea hore ka linako tse ling, esita le mohlanka oa Molimo a ka ikutloa a sithabetse.—Pesaleme ea 34:19.

      Bacha ba bang ba ikutloa ba nyahame hoo ba sa boneng lebaka la hore ba ’ne ba phele. Ba ka ’na ba ikutloa ka tsela e tšoanang le ea Laura ea lilemo li 16, ea reng: “Ho se ho fetile lilemo, ke e-na le bothata ba ho tepella maikutlo. Hangata ke nahana ho ipolaea.” U ka etsa’ng haeba u tseba motho ea buileng ka hore o batla ho ipolaea, kapa haeba uena u nahana ka hona? A re hlahlobe hore na ke hobane’ng ha batho ba ka ’na ba ikutloa ka tsela eo.

      Se Bakang ho Nyahama

      Ke hobane’ng ha motho a ka nahana ho ipolaea? Ho na le mabaka a mangata a amehang. Lebaka le leng ke hore re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,’ ’me bacha ba bangata ba tobana le mathata a tebileng bophelong. (2 Timothea 3:1) Athe lebaka le leng ke hore kaha batho ha baa phethahala, ba bang ba lula ba nahana ka lintho tse ba nyahamisang le ka maemo a bophelo a sa thabiseng. (Baroma 7:22-24) Ka linako tse ling sena se bakoa ke hore ba tšoeroe hampe. Maemong a mang, e ka ’na eaba motho oa kula. Ho hlokomelehang ke hore naheng e ’ngoe batho ba fetang 90 ho ba lekholo ba ileng ba ipolaea, ba ne ba tšoeroe ke lefu le itseng la kelello.a

      Ke ’nete hore ha ho motho ea sa hlaheloeng ke mathata. Ha e le hantle, Bibele e re “pōpo eohle e ntse e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho.” (Baroma 8:22) Sena se akarelletsa bacha. Bonneteng, bacha ba ka angoa ka ho teba ke lintho tse bohloko tse etsahalang, tse kang tse latelang:

      ● Ho shoeloa ke mong ka bona, motsoalle kapa phoofolo ea lapeng

      ● Liqhoebeshano ka lapeng

      ● Ho feila sekolong

      ● Ho hlaloa ke mohlankana kapa kharebe

      ● Ho tšoaroa hampe (ho akarelletsang ho hlekefetsoa ’meleng kapa ka thobalano)

      Ke ’nete hore ka nako e ’ngoe bacha ba ka ’na ba hlaheloa ke e ’ngoe ea lintho tsena tse boletsoeng ka holimo. Ke hobane’ng ha ba bang ba khona ho sebetsana le maemo aa ka katleho ho feta ba bang? Litsebi li re bacha ba batlang ho tela ba nka hore ha ho motho ea ka ba thusang le hore mathata a bona a ke ke a rarolloa. Ka mantsoe a mang, bacha bao ha ba bone eka lintho li tla ke li loke. Hase hore ba hlile ba batla ho shoa; ba mpa feela ba batla hore ba se ke ba hlola ba utloa bohloko.

      Na ha ho Seo ba ka se Etsang?

      E ka ’na eaba u tseba motho e mong ea batlang ho khaotsa ho utloa bohloko—hoo a buileng ka hore o batla ho ipolaea. Haeba ho joalo, u ka etsa’ng?

      Haeba motsoalle oa hao o tsielehile hoo a batlang ho ipolaea, mo khothalletse hore a kōpe thuso. Esita le haeba a sa batle hore u bolelle ba bang, bolella motho e moholo ea nang le boikarabelo. U se ke ua tšoenyeha ka hore u tla qhala setsoalle sa lōna. Ha u etsa joalo, u ka ’na ua pholosa motsoalle oa hao!

      Empa u ka etsa’ng haeba e le uena ea nahanang ho ipolaea? Kōpa thuso. Bolella motho e mong hore na u ikutloa joang—motsoali, motsoalle, kapa motho leha e le ofe ea tsotellang ea tla u mamela a be a nke taba ea hao ka ho teba. Ha u bolella ba bang mathata a hao, u ke ke ua hlaheloa ke letho le lebe, ho e-na le hoo u tla thuseha.b

      Ke ’nete hore ho bua ka mathata a hao ho ke ke ha etsa hore a nyamele. Empa ho ka ’na ha u thusa hore u a shebe ka tsela e loketseng, ’me e ka ’na eaba ntho feela eo u e hlokang hore u a rarolle ke ho fumana tšehetso ea motho eo u mo tšepang. Ho ka ba ha u thusa hore u fumane tharollo.

      Lintho Lia Fetoha

      Ha u tsielehile hopola ntlha ena: Ho sa tsotellehe hore na boemo bo ka ’na ba bonahala bo le bobe hakae, ha nako e ntse e ea lintho li tla fetoha. Mopesaleme Davida ea neng a kopane le mathata a mangata bophelong, o ile a rapela Molimo a re: “U fetotse ho siama ha ka hore e be motjeko bakeng sa ka.”—Pesaleme ea 30:11.

      Ka sebele, Davida o ne a sa lebella hore o tla lula a tjeka ka ho sa feleng. O ne a tseba hore bophelong, mathata aa tla a be a fete. Na u hlokometse hore see ke se etsahalang ha u e-na le mathata? A mang a ka ’na a bonahala a sithabetsa—mohlomong hajoale. Empa e-ba le mamello. Maemo aa fetoha, ’me hangata aa ntlafala. Maemong a mang, mathata a ka ’na a fokotseha ka litsela tseo u neng u sa li lebella. Athe maemong a mang teng, u ka ’na ua fumana tsela ea ho sebetsana le boemo boo, eo u neng u sa e nahana. Taba ke hore mathata a u nyahamisang ha a na ho lula a le teng ka ho sa feleng.—2 Bakorinthe 4:17.

      Bohlokoa ba Thapelo

      Thapelo ke ea bohlokoa ebile ke tsela e ka sehloohong ea ho buisana le Molimo. U ka rapela joaloka Davida ea ileng a re: “Mpatlisise ka hohle, Molimo, ’me u tsebe pelo ea ka. Ntlhahlobe, ’me u tsebe menahano ea ka e ntlhokisang botsitso, u bone hore na ho na le tsela leha e le efe e bohloko ka ho ’na, u ntsamaise tseleng ea nako e sa lekanyetsoang.”—Pesaleme ea 139:23, 24.

      Thapelo hase seikokotlelo sa ha ho le thata feela. Ke puisano ea sebele le Ntate oa hao oa leholimo, ea batlang hore ‘u tšollele pelo ea hao’ ho eena. (Pesaleme ea 62:8) Nahana ka lintlha tse latelang tseo e leng linnete tsa motheo ka Molimo:

      ● O tseba hantle maemo a u nyahamisang.—Pesaleme ea 103:14.

      ● O u tseba ho feta kamoo uena u itsebang kateng.—1 Johanne 3:20.

      ● ‘Oa u tsotella.’—1 Petrose 5:7.

      ● Lefatšeng la hae le lecha, Molimo o tla “hlakola meokho eohle” mahlong a hao.—Tšenolo 21:4.

      Haeba Bothata bo Bakoa ke Bokuli bo Itseng

      Joalokaha ho boletsoe pejana, hangata maikutlo a ho batla ho ipolaea a bakoa ke bokuli bo itseng. Haeba ho joalo le ka uena, u se ke ua ba lihlong ho kōpa thuso. Jesu o ile a lumela hore batho ba kulang ba hloka ngaka. (Matheu 9:12) Ho thabisang ke hore maloetse a mangata a ka phekoloa. ’Me phekolo e ka ’na ea u thusa hore u ikutloe u hlaphohetsoe!c

      Bibele e fana ka tšepiso e khothatsang e le kannete—ea hore lefatšeng le lecha la Molimo, “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24) Molimo o re ka nako eo, “lintho tsa pele li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong.” (Esaia 65:17) Hajoale, etsa sohle se matleng a hao ho sebetsana le maemo a thata bophelong, u kholisehile hore ka nako e loketseng ea Molimo, ho tepella maikutlo ho ke ke ha hlola ho e-ba teng.—Tšenolo 21:1-4.

      BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 2, KHAOLONG EA 9

      KHAOLONG E LATELANG

      Batsoali ba hao ba batla ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka bophelo ba hao—esita le lintho tseo u sa batleng hore ba li tsebe. Na u ka hlōla ntoeng ee ea ho batla ho ba boinotšing?

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a Empa ke habohlokoa ho hlokomela hore bacha ba bangata ba tšoeroeng ke lefu la kelello ha ba ipolaee.

      b Bakreste ba tsielehileng ba ka boetse ba thusoa ke baholo ba phutheho.—Jakobo 5:14, 15.

      c Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba Khaolo ea 13 bukeng ena.

      LENGOLO LA SEHLOOHO

      “Likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello.”—Bafilipi 4:6, 7.

      KELETSO

      Ha u ikutloa u hloname, ikoetlise ka ho tsamaea ka potlako. Ho tsoela ka ntle le ho ikoetlisa ho ka etsa hore u khobe matšoafo ’me u ikutloe u phetse hantle.

      NA U NE U TSEBA . . . ?

      Ha motho a ipolaea seo ha se ame eena feela, empa se boetse se ama le batho ba mo ratang ba setseng.

      SEO KE RERANG HO SE ETSA!

      Haeba ke ikutloa ke se na thuso ebile ke sa ratoe, ke tla bolella (ngola lebitso la motho eo u ka mo phetlelang sefuba) ․․․․․

      Tlhohonolofatso eo ke e fumaneng bophelong, eo nka nahanang ka eona ka kananelo ke ․․․․․

      Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

      U NAHANA’NG KA SEE?

      ● Esita le mathata a tebileng ke a nakoana feela. Ho nahana ka ntlha eo ho ka u thusa joang?

      ● Ke ka tsela efe ho ipolaea ho fetisetsang mathata a motho ho batho ba bang?

      [Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 104]

      “Ka linako tse ling, ke ne ke tepella maikutlo hoo ke neng ke batla ho shoa, empa hona joale ke ikutloa ke phetse, ’me ke thusitsoe ke ho phehella thapelong le ho ea ngakeng.”—Heidi

      [Lebokose le leqepheng la 100]

      Haeba U Ikutloa U Sithabetse

      Esita le banna le basali ba tšepahalang ba mehleng ea Bibele, ba ne ba sithabela ka linako tse ling ka lebaka la matšoenyeho a bophelo. Nahana ka mehlala e meng.

      Rebeka: “Haeba ho ka tsela ena, hantle-ntle ke phelela’ng?”—Genese 25:22.

      Moshe: “Ka kōpo mpolaee, . . . ’me ke se ke ka talima tlokotsi ea ka.”—Numere 11:15.

      Elia: “Jehova, tlosa moea oa ka, etsoe ha ke molemo ho feta baholo-holo ba ka.”—1 Marena 19:4.

      Jobo: “Hoja u ka mpata Sheole, . . . ua ntekanyetsa nako ’me ua nkhopola!”—Jobo 14:13.

      Maemong ana a boletsoeng ka holimo, qetellong lintho li ile tsa ntlafala—ka tsela eo motho ea nyahameng a neng a sa e lebella. Kholiseha hore ho ka etsahala se tšoanang le ho uena!

      [Setšoantšo se leqepheng la 102]

      Ho nyahama ho tšoana le ha maru a koahetse—ho tla feta ha nako e ntse e ea

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela