Ka ho le letšehali: Mor’abo rōna o tšoareloa ho bolela motseng oa Eindhoven, Netherlands, ka 1945
Ka ho le letona: Na mosebetsi oa boboleli o lumeletsoe ka molao moo u lulang teng?
KAROLO EA BONE
’Muso oa Hlōla—Ho Theha ka Molao Litaba Tse Molemo
HA U ntse u bolela ka ntlo le ntlo, u utloa molumo oa siren. Molumo ona o ntse o utloahala le ho feta. Ha u qala ho bua le mong’a ntlo, motho eo u tsamaeang le eena o sitisoa ke koloi ea mapolesa ha e ema pel’a lōna. Lepolesa le tsoa ka koloing ’me lea botsa: “Na ke lōna batho ba ntseng ba tsamaea ka ntlo le ntlo ba bua ka Bibele? Batho ba ntse ba tletleba ka lōna!” Le araba ka tlhompho ’me le bolela hore le Lipaki Tsa Jehova. Ho tla etsahala’ng?
Se tla etsahala, se itšetlehile ka se ileng sa etsahala nakong e fetileng. Lilemong tse fetileng, ’muso oa naha ea heno o ’nile oa tšoara Lipaki Tsa Jehova joang? Na le na le bolokolohi ba ho rapela Jehova? Haeba ho joalo, e ka ’na eaba bolokolohi boo bo bile teng ka lebaka la hore ka lilemo tse mashome, bara le barali babo rōna ba ile ba sebetsa ka thata ho “theheng ka molao litaba tse molemo.” (Bafil. 1:7) Ho sa tsotellehe hore u lula naheng efe, ho nahana ka tsela eo Lipaki Tsa Jehova li ileng tsa hlōla linyeoe ka eona ho ka u matlafatsa tumelo. Karolong ena re tla hlahloba tse ling tsa litlaleho tseo tse hlollang. Ho hlōla ha rōna linyeoe tseo ke bopaki bo hlollang ba hore ’Muso ke oa sebele, hobane re ne re ke ke ra finyella sena ka matla a rōna!