Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rr leq. 10
  • Borapeli ke Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Borapeli ke Eng?
  • Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bakreste ba Thabisoa ke ho Sebeletsa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Borapeli ba ’Nete bo Tla Eketsa Thabo ea Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Etsisa Jesu—Rapela Molimo ka Tsela eo a Batlang ho Rapeloa ka Eona
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Molimo o Amohela Borapeli ba Bo-mang?
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
Bala Tse Ling
Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
rr leq. 10
Lelapa le etsa borapeli ba lelapa.

LEBOKOSE LA 1A

Borapeli ke Eng?

Borapeli bo ka bolela “eng kapa eng eo motho a e etsang ho bontša hore o rata le ho hlompha ntho eo a e nkang e le molimo oa hae.” Mantsoe a sebelisitsoeng ka Bibeleng ha ho buuoa ka “borapeli,” a ka bolela hore motho o hlompha ka tsela e tebileng kapa o ikokobeletsa ntho e ’ngoe e bopiloeng. (Mat. 28:9) A ka boela a bolela ntho eo motho a e etsang ha a rapela Molimo kapa molingoana. (Joh. 4:23, 24) Tsela eo mantsoe ao a sebelisitsoeng ka eona e re thusa ho bona hore na moo a sebelisitsoeng teng a bolela’ng.

Jehova ke eena feela ea tšoaneloang ke ho rapeloa hobane o bopile lintho tsohle ebile ke Morena ea Matla ka ho Fetisisa. (Tšen. 4:10, 11) Re rapela Jehova ka ho bontša hore re hlompha puso ea hae le lebitso la hae. (Pes. 86:9; Mat. 6:9, 10) Lintho tse peli tse kholo tseo ho buuoang ka tsona bukeng ea Ezekiele ke puso ea Jehova le lebitso la hae. Bukeng ea Ezekiele feela, poleloana e reng “Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle” e hlaha ka makhetlo a 210 ebe e reng “tseba hore ke ’na Jehova,” e hlaha ka makhetlo a 61.—Ezek. 2:4; 6:7.

Borapeli ba ’nete ha se feela taba ea hore na re ikutloa joang empa hape ke taba ea hore na re itšoara joang. (Jak. 2:26) Ha re inehela ho Jehova, re itlama hore re tla mo mamela likarolong tsohle tsa bophelo ba rona le hore re tla hlompha lebitso la hae haholo hobane ke Morena oa rona. U hopole hore ha Jesu a ne a araba Satane ka mor’a hore a mo leke ka lekhetlo la boraro, o ile a amahanya borapeli le ‘ho sebeletsa’ Molimo. (Mat. 4:10) Kaha re barapeli ba Jehova, re ikemiselitse ho mo sebeletsa.a (Deut. 10:12) Re sebeletsa Molimo ha re etsa lintho tse amanang le borapeli ba rona ’me lintho tseo li hloka boiteko. Ke lintho life tseo?

Litšoantšo tse bontšang mesebetsi eo re ka e etsetsang Jehova. 1. Morali oa bo rona oa araba libokeng. 2. Bara le barali ba bo rona ba hloekisa sebaka seo kopano e tl’o tšoareloa ho sona.

Re ka sebeletsa Jehova ka litsela tse ngata empa kaofela ha tsona li bohlokoa ho eena. Litsela tse ling tsa ho sebeletsa Jehova ke ho ruta batho ba bang Bibele, ho ba teng libokeng le ho nka karolo ho tsona, ho haha le ho hlokomela libaka tseo re rapellang ho tsona, ho ba le borapeli ba lelapa, ho kenella mosebetsing o etsoang ho thusa bana ba bo rona ba hlokang thuso, ho ithaopa likopanong kapa ho sebetsa Bethele. (Baheb. 13:16; Jak. 1:27) Re tla be re “sebeletsa [Molimo] bosiu le motšehare” haeba re nka borapeli ba ’nete e le ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ka likelellong le ka lipelong tsa rona. Ho sebeletsa Jehova ho re thabisa haholo.—Tšen. 7:15.

Khutlela khaolong ea 1, serapeng sa 9

a Ka Seheberu, borapeli bo ka boela ba bolela “ho sebeletsa.” E leng hore borapeli bo amana le ho sebeletsa.—Ex. 3:12, nal.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela