Motho ea Neng a Rata Bophelo le Batho
DANIEL SYDLIK, ea sebelelitseng nako e telele e le setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova, o ile a phetha tšebeletso ea hae lefatšeng ka Labobeli la la 18, April, 2006. O ne a le lilemo li 87, ’me o ne a sebelelitse e le setho sa lelapa la Bethele ea Brooklyn, New York, ka lilemo tse ka bang 60.
Mor’abo rōna Dan, e leng kamoo metsoalle ea hae e haufi e neng e mo reneketsa kateng, o ile a tla Bethele ka 1946. Pele ho moo, o ne a sebeletsa e le pula-maliboho ea khethehileng California, a boela a qeta nako e itseng a le teronkong nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše ka lebaka la ho se nke lehlakore joaloka Mokreste. Liphihlelo tsa hae tsa nakong eo li hlalositsoe ka ho hlaka paleng ea bophelo ba hae, e hlahang Molula-Qhooeng oa June 1, 1985, sehloohong se reng “Molimo, Setsoalle sa Hao Ke sa Bohlokoa Hakaakang!”
Mor’abo rōna Sydlik o ne a tsebahala ka ho se inke e le motho oa bohlokoa, a le botsoalle. Ha a ne a tšoara temana ea letsatsi hoseng lelapeng la Bethele, ho tlala tšepo ha hae le ho rata bophelo ho ne ho atisa ho bonahala mantsoeng ao a neng a qala ka ’ona ha a re: “Ho phela ke ntho e monate e le hore re sebeletse Molimo oa ’nete le ea phelang.” Ha a ne a fana ka lipuo tsa phatlalatsa, o ne a khothalletsa ba bang ho ba le maikutlo ao, ’me lihlooho tseo a neng a li buella ha a fana ka lipuo e ne e le tse kang,“Ho Thaba Batho Bao Molimo oa Bona e Leng Jehova,” “Ho Bonahatsa Thabo ea Jehova,” “Ho sa Tla Tse Molemohali.”
Ka 1970, Mor’abo rōna Sydlik o ile a nyala Marina Hodson, oa Engelane, eo ha a mo hlalosa a neng a re ke “tšiea e rometsoeng ke Molimo.” Ba sebelelitse Jehova hammoho ka lilemo tse fetang 35.
Lilemong tseo a bileng Bethele ka tsona, Mor’abo rōna Sydlik, o ile a sebeletsa mafapheng a sa tšoaneng, ho akarelletsa le la khatiso le Lefapha le Ngolang. Hape o ile a sebetsa seteisheneng sa seea-le-moea sa WBBR. Eaba ka November 1974 o khetheloa ho ba setho sa Sehlopha se Busang ’me qetellong a sebetsa komiting ea Basebetsi le e Ngolang.
Mor’abo rōna Sydlik o ne a tsebahala ka ho rata batho haholo ha a ntse a sebetsa Komiting ea Basebetsi ka lilemo tse fetang 30. O ne a khothatsa ba bangata ka lentsoe la hae le matla, ka linako tsohle a totobatsa tokelo ea bohlokoa eo re nang le eona ea ho sebeletsa Jehova. O ne a lula a hatisa hore thabo ea ’nete, e itšetlehile ka kamano ea rōna le Jehova le tsela eo re talimang bophelo ka eona, eseng ka seo re nang le sona.
Le hoja lelapa la Bethele le hloloheloa Mor’abo rōna Sydlik haholo, mohlala oa hae e le motho ea neng a rata bophelo le batho e le kannete o tla tsoela pele ho le ruisa molemo. Re kholisehile hore o har’a bao Tšenolo 14:13 e reng ka bona: “Ho thaba bafu ba shoang ba le bonngoeng le Morena ho tloha nakong ena ho ea pele. E, ho bolela moea, ba ke ba phomole mesebetsing ea bona, etsoe lintho tseo ba ileng ba li etsa li tsamaea hammoho le bona.”