“Ke Kōpa le Amohele Mphonyana Ena”
Ana ke mantsoe a tsoang lengolong le neng le ngoletsoe ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Russia. Lengolo lena le ne le tsamaea le lebokose le leholo le tšetseng likausu tsa ulu.
Mpho ena e ne e tsoa ho Alla ea lilemo li 67, e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova phuthehong e ka Bochabela bo Hōle, Russia. Alla o ’nile a sebeletsa Jehova ka lilemo tse ka holimo ho leshome, a ntse a bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ka cheseho. Leha ho le joalo, stroke se ile sa mo holofatsa litho tse ling tsa ’mele. Empa lerato le ile la susumetsa Alla hore a etsise mosali oa Mokreste oa lekholong la pele la lilemo ea bitsoang Dorkase, ea neng a etsetsa balumeli-’moho le eena liaparo.—Liketso 9:36, 39.
Lengolong la hae Alla o re: “Maoto a ka ha a sebetse, empa matsoho a ka a sa ntse a sebetsa. Kahoo ke paka ka ho ngola mangolo.” O ile a phaella ka ho re: “Ke ile ka etsa qeto ea hore ha ke sa ntse ke khona ho sebelisa matsoho a ka, ke tla loha likausu tse seng kae tse mofuthu. Nka thabela hore likausu tsena li fuoe bara le barali babo rōna ba il’o haha Liholo Tsa ’Muso libakeng tse batang, tse kang Bochabela bo Hōle, le Siberia.”
Ha Jesu Kreste a bua ka balateli ba hae ba ’nete, o itse: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:35) Lerato le kang le bontšitsoeng ke Alla ke letšoao le khethollang barutuoa ba Jesu ba ’nete.