Babali ba Batla ho Tseba
Ntoa ea Armagedone e Tla Loanela Hokae?
Ntoa ea Armagedone e ke ke ea loanela sebakeng se itseng. Ho e-na le hoo, lefatše lohle e tla ba lebala la ntoa. Hobane’ng? Hobane mahlakore a loantšanang a maholo hoo a ke keng a fella sebakeng se le seng.
Armagedone, kapa Har–Magedone, e boetse e tsejoa e le ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.’ Jehova Molimo o tla sebelisa Mora oa hae, Kreste Jesu, ho bokella mabotho a mangeloi ho ea loantša mabotho a ikopantseng a babusi bohle ba khopo ba lefatše.—Tšenolo 16:14; 19:11-16.
Lichaba li hoheloa ke makhotla a Satane hore li kene ntoeng ena. Bibele e re “lipolelo tse bululetsoeng ke bademona” li ea “ho marena [babusi] a lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona, ho a bokellela . . . sebakeng seo ka Seheberu se bitsoang Har–Magedone.”—Tšenolo 16:14-16.
Buka ea Tšenolo e sebelisa likelello tsa babali ba bangata ba Bibele ho feta buka efe kapa efe e ka Bibeleng. Babali ba bangata ba lumelang hore se ngotsoeng ho eona se lokela ho nkoa joalokaha se le joalo ba boletse sebaka seo ba lumelang hore ntoa ena e tla qala ho sona, ’me ba shebeletse ka thahasello maemo a etsahalang sebakeng seo. Ke khale ho lumeloa hore Armagedone ke sebaka se tobileng ho latela buka ea Segerike e hlalosang Tšenolo, e ngotsoeng ke Oecumenius lekholong la botšelela la lilemo C.E.
John F. Walvoord, eo e kileng ea e-ba mopresidente oa Dallas Theological Seminary, o lumellana le maikutlo a atileng har’a baruti ba reng Bibele ha e hlalosoe, ha a re Armagedone ke “ntoa ea ho qetela ea ho timetsa lefatše e tla loanela Bochabela bo Hare.” Walvoord o re ntoa ena e khōlō e tlang, e tla loanela “‘Thabeng ea Megido,’ e leng thabana e Palestina-leboea qetellong ea phula e sabaletseng.”
Leha ho le joalo, buka ea Tšenolo ha ea ngolloa ho re tsebisa hore na sebaka sa sebele se bitsoang Armagedone se hokae. Mantsoe a eona a qalang a bolela hore litaba tse ho eona ke “lipontšo.” (Tšenolo 1:1) Khale koana Lipaki Tsa Jehova li boletse sena bukeng ea tsona ea Studies in the Scriptures, Volume IV: “Re ke ke ra lebella hore batho ba tla hle ba bokelloe Leralleng la Megido.”
Lintho tse etsahetseng nakong e fetileng Megido li bontša hore lira tsa Molimo li ke ke tsa pholoha. Kahoo, ka Armagedone, Molimo o tla etsa bonnete ba hore bobe bohle le bokhopo, ho sa tsotellehe hore na bo etsoa hokae lefatšeng, bo felisetsoa ruri.—Tšenolo 21:8.
Ha ho hlokahale hore ba ratang Jehova Molimo le Mora oa hae, Jesu Kreste ba tšabe Armagedone. Ntoa ea Molimo e reretsoe batho bao Molimo ha a ba ahlola a fumaneng ba le khopo hoo ba ke keng ba fetoha. Ntoeng ea hae o tla timetsa feela ba lokelang ho timetsoa. Bibele e re: “Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo.” (2 Petrose 2:9) Tšepiso e thobang pelo e ho Pesaleme ea 37:34 e re: “Tšepa Jehova ’me u boloke tsela ea hae, o tla u phahamisa hore u rue lefatše. Ha ba khopo ba felisoa, u tla ho bona.”