Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 9/1 maq. 4-7
  • Ha e le Hantle Ntat’a Rōna ea Leholimong o Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha e le Hantle Ntat’a Rōna ea Leholimong o Joang?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Jehova ke Lebitso la Hae”
  • “Molimo oa Lerato le oa Khotso”
  • “Molimo oa Tsebo”
  • ‘Molimo oa Poloko’
  • Ho ba “Bana ba Molimo”
  • Seo Thapelo ea Morena e se Bolelang ho Uena
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Tlotlisa Jehova e le Eena Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • “O Tla Atamela ho Lōna”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Hlompha Lebitso la Jehova le Leholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 9/1 maq. 4-7

Ha e le Hantle Ntat’a Rōna ea Leholimong o Joang?

BATHO ba bangata ba ka pheta Thapelo ea Morena ka hlooho, e leng thapelo eo Jesu a ileng a e ruta barutuoa ba hae. (Matheu 6:9-13) Nako le nako ha ba etsa thapelo eo, ba re Molimo ke “Ntat’a rōna.” Leha ho le joalo, ke ba bakae ba ka reng ba mo tseba hantle?

Uena? U tseba Molimo hantle hakae? Na u ikutloa u le haufi le eena, u buisana le eena, u mo bolella lintho tse u thabisitseng le tse u utloisitseng bohloko? Ha e le hantle, ho mo tseba ho bolela eng?

“Jehova ke Lebitso la Hae”

Ntho eo ngoana e monyenyane a ka e tsebang ka ntate oa hae ke hore feela o bitsoa Ntate. Leha ho le joalo, ha a ntse a hōla, o ithuta lebitso la ntate oa hae le lintho tseo a tummeng ka tsona ’me ho ka etsahala hore a be motlotlo ka eena. Na u ikutloa joalo ka ’Mōpi oa rōna ea leholimong? Na u tseba lebitso la hae le hore na le bolela eng?

Le hoja ba bang ba pheta mantsoe a reng “Lebitso la hao a le ke le khethehe” ha ba etsa Thapelo ea Morena, ho ka etsahala hore ba ke ke ba khona ho araba potso e reng, “Lebitso leo ke mang?” (Bibele ea Sesotho) Linaleli, thaba e telele, totoma e ka leoatleng ea likhetla tse mebala-bala e tletseng lintho tse phelang—li fana ka bopaki ba hore Molimo o teng. Leha ho le joalo, ha li re bolelle lebitso la hae. Ho hlokahala hore re ee Bibeleng hore re tsebe lebitso leo. Ka ho toba e re: “Jehova ke lebitso la hae.”—Exoda 15:3.

Molimo o batla hore re mo tsebe ka lebitso la Jehova. Hobane’ng? Hobane lebitso la hae le bolela seo a leng sona. Ka ho toba lebitso leo le bolela “O Etsa Hore ho be.” Ka mantsoe a mang, o fetoha eng kapa eng eo ho hlokahalang hore a be eona e le hore a phethahatse morero oa hae. Ka mohlala: E le hore ntate a hlokomele lelapa la hae, oa le fepa, oa le eletsa, e ba moahloli, mokena-lipakeng, mosireletsi, tichere, e ba eng kapa eng eo lelapa le e hlokang ho ea ka maemo a lona. Ka tsela e tšoanang, lebitso la Jehova le re kholisa hore Molimo o na le matla ’ohle a ho phethahatsa thato ea hae e fellang ka tlhohonolofatso ho bohle ba mo sebeletsang, ho sa tsotellehe se ka hlahang nakong e tlang.

A re ke re tšohleng mesebetsi e sa tšoaneng eo Molimo oa rōna ea lerato a e phethang, tumellanong le se boleloang ke lebitso la hae. Sena se tla u thusa hore u utloisise hore na Jehova ke Molimo oa mofuta ofe, u be u ithute hore na u lokela ho etsa eng hore u atamele ho eena.

“Molimo oa Lerato le oa Khotso”

Moapostola Pauluse o ile a re ’Mōpi oa rōna ke “Molimo oa lerato le oa khotso.” (2 Bakorinthe 13:11) Hobane’ng? Pejana Jesu Kreste o ile a re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Ka lebaka la ho rata batho haholo, Molimo o ile a fana ka Mora oa hae ea ratoang e le thekollo, a etsa hore ba bontšang tumelo ho eena ba fumane bophelo bo sa feleng bo se nang bohloko le mahlomola a bakiloeng ke sebe. Ke ka lebaka leo Pauluse le eena a ileng a re: “Moputso oo sebe se o lefang ke lefu, empa mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena oa rōna.” (Baroma 6:23) Sena se lokela ho re susumelletsa ho rata Molimo le ho atamela ho eena.

Molimo ha a bontše lerato ho batho ka kakaretso feela empa o le bontša le ho batho ka bomong ba tšepahalang. Ha Moshe a bua le Baiseraele ba boholo-holo, bao hangata ba neng ba sa mamele, o ile a re: “Na le ntse le etsa ka tsela ee ho Jehova, lōna batho ba hlokang kelello le ba seng bohlale? Na hase Ntat’a lōna ea le hlahisitseng, ea le entseng ’me a le tsitsisa?” (Deuteronoma 32:6) Na u utloisisa seo a neng a se bolela? Joaloka Ntate ea lerato, Jehova o ne a tsotella batho ba hae, le hoja a ne a tseba mefokolo ea bona. O ile a ba fa sohle seo ba se hlokang e le kannete​—nameng, maikutlong esita le seo ba neng ba se hloka hore ba lule ba e-na le kamano e ntle le eena.

Bophelo boa feto-fetoha, kajeno bo tjena hosane bo tjena, ’me sena se etsa hore ka linako tse ling re ikutloe re nyahame kapa re bile re tetebetse maikutlo. Re hloka motho ea ka re thusang hore re utloisise boemo boo re leng ho bona le mathata a rōna. Re ka thusoa ke mang? Ka Lentsoe la hae Bibele, Jehova e ba Moeletsi le Mohlokomeli ea lerato. Buka ena e Halalelang e re hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha re utloa bohloko hakana le hore na re ka bo mamella joang. Joalokaha ka lerato ntate a thusa mora oa hae ha a oele ’me a utloile bohloko, ka tsela ea tšoantšetso Jehova ka lerato la hae le leholo oa inama, e le hore a ka re thusa. Ruri letsoho la Jehova ha le lekhutšoanyane hoo le hlōlehang ho thusa ba nang le tumelo ho eena.​—Esaia 59:1.

Lerato leo Molimo a re ratang ka lona le boetse le bonahala ka hore ebe ke “Ea Utloang thapelo.” (Pesaleme ea 65:2) Joang? Moapostola Pauluse o re: “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.” (Bafilipi 4:6, 7) Haeba u rapela Molimo ka tieo ’me u latela tataiso eo a faneng ka eona Lentsoeng la hae, le uena u ka ba le “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle.”

“Molimo oa Tsebo”

Bibele e re Jehova Molimo ‘o phethahetse tsebong.’ Kaha ke “Molimo oa tsebo,” o utloisisa batho ebile o tseba seo ba se hlokang ho feta mang kapa mang. (Jobo 36:4; 1 Samuele 2:3) Ka mohlanka oa hae Moshe o ile a bolela hore “motho ha a phele ka bohobe feela empa motho o phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe ea molomo oa Jehova.” (Deuteronoma 8:3; Matheu 4:4) Sena se bolela hore ha re hloke lintho tsa nama feela hore re tle re thabe e le kannete.

’Mōpi oa rōna o re fa tataiso le keletso ea bohlokoa ka Lentsoe la hae, Bibele. Ha re ithuta Bibele re bile re sebelisa keletso ea eona, re rua molemo ‘polelong e ’ngoe le e ’ngoe ea molomo oa Jehova.’ Ka mohlala, ha mosali e mong oa Mokreste ea bitsoang Zuzanna a hlalosa kamoo ba phelang kateng lapeng la hae, o ile a re: “Lenyalo la rōna le tiisitsoe ke hore ebe re bala Bibele hammoho, re ea libokeng tsa phutheho hammoho, ’me re bolella ba bang seo re ithutileng sona. Ka lebaka la ho rutoa ke Molimo, re na le boikemisetso bo tšoanang bophelong ’me lenyalo la rōna le tiile.”

Na u ka rata ho rua molemo keletsong le tataisong e fanoang ke Molimo? Molimo o tla u hlohonolofatsa haholo haeba u ithuta Bibele kamehla u bile u sebelisa keletso ea eona.—Baheberu 12:9.

‘Molimo oa Poloko’

Ho na le lintoa tse ngata lefatšeng kajeno. Ha re tsebe hore na ho tla etsahala eng hosasa. Haeba u lula naheng e ruthuthiloeng ke ntoa, mohlomong u labalabela ho phela ka khotso. Likarolong tse ling tse ngata tsa lefatše, batho ba tšohile bokebekoa le pefo, ho se tsitse ha moruo le bokhukhuni. Re tla pholosoa ke mang linthong tsee? Ho feta leha e le neng pele, ho hlokahala hore batho ba sireletsoe ba be ba lopolloe.

Bibele e re: “Lebitso la Jehova ke tora e matla. Ea lokileng o balehela ho lona ’me o fuoa tšireletso.” (Liproverbia 18:10) Ho tseba lebitso la Molimo le ho itšetleha ka lona ho ka etsa hore re nahane ka seo a re etselitseng sona le seo a tla se etsa ho lopolla ba bontšang tumelo ho eena. Jehova Molimo o fane ka bopaki bo hlakileng ba hore o khona ho lopolla batho ba hae. Ka mohlala, o ile a pholosa Baiseraele ka ho felisa makoloi a ntoa a Faro le mabotho a hae. Jehova o ile a paka hore ke Molimo ea tšepahalang, Molimo ea sa lebaleng ba mahlomoleng le ea lakatsang ho ba thusa.​—Exoda 15:1-4.

Hape re tla phela ka ho sa feleng hafeela re lumela hore Jehova Molimo ke Mopholosi oa rōna. Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo, ea ileng a lokela ho mamella mathata a mangata, o ile a bontša tumelo ena nakong ea ha a re ho Jehova: “U Molimo oa ka oa poloko.” (Pesaleme ea 25:5) Moapostola Petrose o ile a bua a kholisehile, a re: “Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong.”​—2 Petrose 2:9.

Ha Molimo a bua ka motho ea tšepileng thuso ea Hae, o re: “Ke tla mo sireletsa hobane o tsebile lebitso la ka.” (Pesaleme ea 91:14) Bahlanka ba Molimo kajeno ba bone ha tšepiso eo e phethahala. Henryk oa Poland o sebelelitse Jehova ka botšepehi ka lilemo tse 70 har’a mathata le mahloriso. Ha Henryk a sa le lilemo li 16 feela, ntate oa hae o ile a isoa kampong eo batšoaruoa ba hlorisetsoang ho eona Auschwitz. Henryk le abuti oa hae ba ile ba isoa moo Manazi a thusang bana ba litlokotsebe hore ba tlohele mekhoa e mebe. Ka mor’a moo, o ile a isoa likampong tse fapaneng tseo batšoaruoa ba hlorisetsoang ho tsona. Ha a pheta se neng se etsahala ka nako eo, Henryk o re: “Mathateng ’ohle a ka, Jehova ha aa ka a ntahla. Kamehla o ne a nthusa hore ke lule ke tšepahala, le hoja hangata ke ne ke tjametsoe ke lefu.” Ruri Jehova o fa bahlanka ba hae tumelo le matla a hore ba mamelle.

Haufinyane Molimo o tla pholosa bohle ba bontšang tumelo ho eena le ba nang le tšepo ea hore o tla ba lopolla. O re: “Ke ’na Jehova, ’me ha ho na mopholosi ntle ho ’na.” (Esaia 43:11) “Ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle,” o tla ripitla ba khopo lefatšeng ’me a lopolle ba lokileng. (Tšenolo 16:14, 16; Liproverbia 2:21, 22) Jehova oa re tiisetsa, o re: “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—Pesaleme ea 37:11.

Ho ba “Bana ba Molimo”

Mehleng ea moprofeta Malakia, Baiseraele ba ne ba re Jehova ke Ntate oa bona. Leha ho le joalo, ha ba lokela ho mo bontša tlhompho le boinehelo, ba ne ba nyehela mahlabelo ka bohobe bo silafetseng le liphoofolo tse foufetseng le tse holofetseng. Ke ka lebaka leo Jehova a ileng a re ho bona: “Haeba ke le ntate, ha le ntlhomphe ke’ng?”​—Malakia 1:6.

U se ke ua etsa phoso e tšoanang le ea Baiseraele bao ba sa tšepahaleng. Ho e-na le hoo, re u khothalletsa hore u ithute ka Jehova Molimo ’me u atamele ho eena. Morutuoa Jakobo o ile a re: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.”​—Jakobo 4:8.

Ha Jehova e e-ba Ntate oa rōna, sena se re jarisa boikarabelo bo itseng. Haeba u leka ka matla ho hlompha Molimo ka hore u tšehetse melao ea hae ka botšepehi linthong tsohle, le ka mohla a ke ke a lebala boiteko boo. O tla u thusa hore u tsamaee tseleng e lokileng e isang lefatšeng le lecha le tšepisitsoeng, leo ho lona ‘lefu le ke keng la hlola le e-ba teng leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko.’ (Tšenolo 21:4) Ka nako eo, batho bohle ba mamelang ba tla “lokolloa bokhobeng ba ho bola ’me [ba] be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.”​—Baroma 8:21.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

Molimo o batla hore re mo tsebe ka lebitso la hae la Jehova, leo ka ho toba le bolelang “O Etsa Hore ho be”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

“Mathateng ’ohle a ka, Jehova ha aa ka a ntahla.”​—HENRYK

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]

“Lenyalo la rōna le tiisitsoe ke hore ebe re bala Bibele hammoho, re ea libokeng tsa phutheho hammoho, ’me re bolella ba bang seo re ithutileng sona.”​—ZUZANNA

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela