Bophelo ba Mehleng ea Bibele—Libini le Liletsa Tsa Tsona
“[Rorisang Molimo] ka ho letsa lenaka. Mo roriseng ka seletsa se likhoele le harepa. Mo roriseng ka moropa o monyenyane le motjeko oa ho potoloha. Mo roriseng ka liletsa tse likhoele le phala. Mo roriseng ka licymbala tsa molumo oa lipina tsa thoriso. Mo roriseng ka licymbala tse otlanngoang.”—PESALEME EA 150:3-5.
’MINO le libini haesale li phetha karolo e khōlō borapeling ba Jehova Molimo. Ka mohlala, ha Jehova a ne a pholosa Baiseraele ka mohlolo Leoatleng le Lefubelu, khaitseli ea Moshe, Miriame, o ile a etella basali pele ka ’mino le ka tantši. Basali ba ne ba tantša ba ntse ba tilinya meropa e menyenyane. Ketsahalo ena e bontša kamoo ’mino e neng e le oa bohlokoa kateng ho Baiseraele—ba ne ba sa tsoa baleha lebotho la Baegepeta, ho ntse ho le joalo, basali ba bangata ba ne ba ntse ba e-na le liletsa tsa bona haufi ebile ba se ba le malala-a-laotsoe ho li letsa. (Exoda 15:20) Hamorao, Morena Davida o ile a lokisetsa hore libini tse likete li bapale ’mino oa liletsa e le karolo ea borapeli tabernakeleng. Ho ile ha etsoa se tšoanang tempeleng e neng e hahiloe ke mora oa hae, Solomone.—1 Likronike 23:5.
Liletsa tsee li ne li entsoe ka eng? Li ne li shebahala joang? Li ne li ntša melumo ea mofuta ofe? Hona li ne li letsoa ha ho le joang?
Liletsa Tsa ’Mino ka Mefuta ea Tsona
Liletsa tse boletsoeng ka Bibeleng li ne li entsoe ka lehong la boleng bo phahameng, matlalo a liphoofolo, litšepe le masapo. Tse ling li ne li khabisitsoe ka lenaka la tlou. Ho ne ho etsoa maseka ka semela se itseng kapa ka mala a liphoofolo. Le hoja boholo ba liletsa tsa khale li se li le sieo kajeno, litšoantšo tsa tsona li sa le teng.
Liletsa tse neng li sebelisoa mehleng ea Bibele li ka aroloa ka lihlopha tse tharo tse ka sehloohong: liletsa tse likhoele, tse kang harepa e khōlō, le e nyenyane e bitsoang lyre (1), le lute (2); liletsa tse butsoeloang, tse kang lenaka (3), terompeta (4), lekolilo le neng le ratoa haholo, kapa phala (5); liletsa tse tilinngoang, moropa o monyenyane (6), li-sistrum (7), licymbala (8), le litloloko (9). Liletsa tsena li ne li bapaloa ha ho ithokoa, ha ho tantšoa le ha ho binoa. (1 Samuele 18:6, 7) Ntho ea bohlokoa le ho feta, ba ne ba li letsa ha ba rorisa Molimo ea ba hlohonolofalitseng ka mpho ea ’mino. (1 Likronike 15:16) Ak’u hlahlobisise sehlopha ka seng sa liletsa tsena.
Liletsa Tse Likhoele Harepa le lyre, e ne e le liletsa tse bobebe tse nkehang habonolo tse nang le maseka a faselelitsoeng foreiming ea lehong. Davida o ne a bapala seletsa se likhoele ho thoba pelo ea Morena Saule ea neng a utloile bohloko haholo. (1 Samuele 16:23) Liletsa tsena li ne li letsoa ke sehlopha sa libini ha ho ne ho khakoloa tempele ea Solomone le liketsahalong tsa boithabiso tse kang ha ho e-ba le mekete.—2 Likronike 5:12; 9:11.
Lute e ne e tšoana le harepa le hoja eona e ne e le mefuta e mengata. Tse ngata li ne li e-na le maseka a ’maloa a faselelitsoeng foreiming e nang le lebokose le ntšang molumo. Ha maseka a sisinngoa a ne a hlahisa melumo e sa tšoaneng e mathe-maloli ho fapana le likatara tsa kajeno tsa boleng bo holimo. Maseka a ne a etsoa ka likhoele tsa limela tse itseng tse ohliloeng kapa ka mala a liphoofolo.
Liletsa Tse Butsoeloang Liletsa tsena ho buuoa ka tsona hangata ka Bibeleng. Se seng sa khale ka ho fetisisa, ke lenaka la Sejuda le bitsoang shofar. Lenaka lena la pheleu le ntša molumo o moholo o hlabang. Baiseraele ba ne ba tloaetse ho letsa shofar ha ba bokella mabotho a ntoa kapa ha ba lemosa sechaba hore se nke bohato bo itseng.—Baahloli 3:27; 7:22.
Mofuta o mong oa seletsa se butsoeloang e ne e le terompeta ea tšepe. Tokomane e fumanoeng har’a Meqolo ea Leoatle le Shoeleng e bontša hore libini li ne li ka ntša merethetho e mengata ka tsela e makatsang ka liletsa tsena. Jehova o ile a laela Moshe hore a etse literompeta tse peli tsa silevera e le hore li sebelisoe tabernakeleng. (Numere 10:2-7) Hamorao, ha ho ne ho khakoloa tempele ea Solomone, har’a liletsa tse neng li bapaloa moketeng oo, ho ne ho e-na le molumo o matla oa literompeta tse 120. (2 Likronike 5:12, 13) Litsebi li ne li etsa literompeta tsa boholo bo sa tšoaneng. Tse ling li ne li ka ba bolelele ba lisenthimithara tse 91 ho tloha molomong ho ea fihla moo e qalang ho buleha.
Seletsa se butsoeloang se neng se ratoa haholo ke Baiseraele e ne e le lekolilo. Molumo oa lona o mathe-maloli o ne o thabisa malapa a bokaneng le batho ha ba le meketeng le manyalong. (1 Marena 1:40; Esaia 30:29) Makolilo a ne a letsoa le mafung, moo libini li neng li letsa ’mino e le karolo ea tšebeletso ea lepato (sheba leqephe la 14).—Matheu 9:23.
Liletsa Tse Tilinngoang Ha Baiseraele ba ne ba keteka, ba ne ba letsa liletsa tse tilinngoang tsa mefuta-futa. Morethetho oa tsona o ne o etsa hore maikutlo a batho a phahame. Moropa o monyenyane o neng o etsoa ka letlalo la phoofolo le sarolotsoeng le manehiloeng foreiming e chitja ea lehong, o ne o ntša molumo o kang oa sekupu ha sebini kapa motho ea tantšang a ntse a o otlanya ka letsoho. Ha sebini se o sisinya, litloloko tse leketlileng ho oona li ne li etsa morethetho oa mangenengene.
Seletsa se seng se tilinngoang se ne se bitsoa sistrum. Se ne se entsoe ka foreimi e motopo e nang le moo e tšoaroang, hammoho le tšepe e parolang e leketlisitseng mangenengene a tšepe. Ha sistrum e hlokohloa, mangenengene a ne a etsa molumo o hlakileng.
Licymbala tsa boronse tsona li ne li etsa molumo o bohale le ho feta. Licymbala e ne e le li-disc tsa mefuta e ’meli tse fapanang ka boholo. Tse khōlō e ne e le tse otlanngoang ka matla. Tse nyenyane li ne li bapaloa ka menoana e ’meli. Ka bobeli ba tsona ha li otlanngoa li ne li ntša molumo o sa tšoaneng ka matla.—Pesaleme ea 150:5.
Ho Latela Mohlala
Kajeno, Lipaki Tsa Jehova li qalisa le ho phetha liboka tsa tsona tsa borapeli ka ho bina. Libokeng tsa tsona tse khōloanyane, ho bapaloa ’mino o rekotiloeng ke sehlopha se letsang liletsa tsa morao-rao tse akaretsang liletsa tse likhoele, tse butsoeloang le tse tilinngoang.
Ka ho kenyelletsa ’mino borapeling ba tsona, Lipaki li latela mohlala oa Baiseraele ba boholo-holo le Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. (Baefese 5:19) Ho tšoana le bahlanka ba Molimo mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, Lipaki Tsa Jehova kajeno li kopanya lithoko le ’mino oa liletsa ho rorisa Jehova.
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
(Liletsa, hase boholo ba tsona hantle)
(Sheba sengoliloeng)