Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w12 3/1 leq. 5
  • “Hase Karolo ea Lefatše”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Hase Karolo ea Lefatše”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bakreste le Mokhatlo oa Batho Kajeno
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lipaki Tsa Jehova le Bajuda ba Ileng ba Bolaoa ka Sehloho Ntoeng ea II ea Lefatše—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?
    Lihlooho Tse Ling
  • Ke Hobane’ng ha Bajuda ba Ile ba Bolaoa ka Sehlōhō Ntoeng ea II ea Lefatše? Ke Hobane’ng ha Molimo a sa ka a Thibela Seo?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • “Hase Karolo ea Lefatše”
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
w12 3/1 leq. 5

“Hase Karolo ea Lefatše”

“Lefatše le ba hloile, hobane hase karolo ea lefatše.”—JOHANNE 17:14.

See se Bolela’ng? Kaha Jesu e ne e se karolo ea lefatše, o ne a sa nke lehlakore likhohlanong tsa sechaba le tsa lipolotiki tsa mehleng eo. O ile a re: “Hoja ’muso oa ka e ne e le karolo ea lefatše lena, bahlanka ba ka ba ka be ba loanne hore ho se ke ha nehelanoa ka ’na ho Bajuda. Empa, joale, ’muso oa ka ha o tsoe mohloling ona.” (Johanne 18:36) O ile a boela a khothalletsa balateli ba hae hore ba qobe liketso, lipuo le boitšoaro bo haneloang ka Lentsoeng la Molimo.—Matheu 20:25-27.

Kamoo Bakreste ba Pele ba Neng ba Latela Seo: Ho latela mongoli oa tsa bolumeli, Jonathan Dymond, Bakreste ba pele “ba ne ba hana ho kenella [lintoeng], ho sa tsotellehe hore na phello ea seo e ne e le efe, ebang ba ne ba tla rohakoa, kapa ba kenngoe chankaneng, kapa ba bolaoe.” Ba ile ba khetha hore ba utloe bohloko ho e-na le hore ba nke lehlakore. Boitšoaro ba bona bo ne bo boetse bo ba khetholla. Bakreste ba ile ba bolelloa: “Kahobane ha le tsoele pele ho matha le bona tseleng ena ho ea sekoting sa litšila se tlaase se tšoanang sa ho inehella litakatso tsa nama, baa makala ’me ba tsoela pele ho le nyefola.” (1 Petrose 4:4) Rahistori ea bitsoang Will Durant o ile a ngola hore Bakreste ba ne ba “tšoenya bahetene ba hlanyetsang menyaka ka borapeli ba bona le bohloeki ba bona.”

Ke Bo-mang Kajeno ba Latelang Mohlala Oo? New Catholic Encyclopedia ha e bua ka taba ea Bakreste ea ho se nke lehlakore, e re: “Ho hana tšebeletso ea bosole ka lebaka la bolumeli ho fosahetse.” Sehlooho se seng sa Reformierte Presse, se bolela hore tlaleho e entsoeng ke ba Litokelo Tsa Afrika, e leng mokhatlo oa litokelo tsa botho, e bontša hore tlhaselong ea merabe e neng e le Rwanda ka 1994, likereke tsohle li ile tsa kenya letsoho, “ntle le Lipaki Tsa Jehova feela.”

Ha tichere ea sekolo se phahameng e bua ka Polao e Sehlōhō e entsoeng ke Manazi, e ile ea bua ka pelo e bohloko ea re “ha ho na sehlopha kapa mokhatlo oa baahi ba tloaelehileng o ileng oa bontša hore o khahlanong le mashano a mangata, bokhopo hammoho le liketso tse sehlōhō.” Ka mor’a hore a etele Holocaust Memorial Museum e United States, o ile a re: “Ke se ke e-na le karabo.” O ile a hlokomela hore Lipaki Tsa Jehova li ile tsa lula li tiile ho seo li se lumelang ho sa tsotellehe hore ebe li ne li tšoaroa hampe.

Ho thoe’ng ka boitšoaro ba tsona? Makasine ea U.S. Catholic, e re: “Bacha ba bangata ba Mak’hatholike ba mehleng ena ba hanyetsana le lithuto tsa kereke litabeng tse kang ho lula ’moho ba sa nyalana [le] batho ba kopanelang liphate ba sa nyalana.” Makasine eo e bua ka modiakone oa kereke ea ileng a re: “Ke bona hore ba bangata—ke nahana hore ke ba fetang liphesente tse 50—ba nyalana ba se ba ntse ba lula ’moho.” The New Encyclopædia Britannica e hlokometse hore Lipaki Tsa Jehova “li tšoareletse ka matla melaong ea tsona e phahameng ea boitšoaro.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela