Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w12 10/1 leq. 15
  • Re U Lome Tsebe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re U Lome Tsebe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Buka ea Bibele ea 12—2 Marena
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Ke Mang ea Tla Pholoha “Letsatsi la Jehova”?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lebotho le Matla la Jehova
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
w12 10/1 leq. 15

Re U Lome Tsebe?

Na Bakreste ba ile ba baleha Judea pele Jerusalema e timetsoa ka selemo sa 70?

Sesole sa Baroma se timetsa Jerusalema ea boholo-holo

“Ha le bona Jerusalema e lika-likelitsoe ke mabotho a liahelong, joale le tsebe hore ho etsoa lesupi ha eona ho atametse. Joale ba leng Judea ba ke ba qale ho balehela lithabeng, ’me ba ka hare ho eona ba tlohe.” (Luka 21:20, 21) Jesu o ile a fa barutuoa ba hae litaelo tseo mabapi le timetso e neng e tla tlela Jerusalema. Na ho na le bopaki ba hore barutuoa ba ile ba mamela temoso eo ea Jesu?

Lilemo tse mashome a seng makae ka mor’a lefu la Jesu, sesole sa Baroma seo molaoli oa sona e neng e le Cestius Gallus se ile sa kena Palestina ho ea loantša bofetoheli. Rahistori oa Mojuda Josephus, ea neng a phela ka nako eo o ile a tiisa hore sena se ile sa etsahala. Mabotho a sesole a Roma a ile a likaliketsa Jerusalema ’me a ne a bonahala a kholisehile hore a tla hapa motse oo. Ka tšohanyetso Gallus o ile a hula masole a hae. Ho latela rahistori oa kereke, e leng Eusebius, Bakreste ba Judea ba ile ba nka monyetla oo eaba ba balehela Pella, e leng motse o lithabeng sebakeng sa Dekapolise.

Lilemo tse ’maloa hamorao, ka selemo sa 70, lebotho le leng la Baroma le neng le laoloa ke Molaoli Titus le ile la khutla eaba le likaliketsa motse-moholo oo oa Bajuda. Lekhetlong lena lebotho leo le ile la qetella seo lebotho la Gallus le se qalileng ’me la timetsa motse. Batho ba likete tse makholo ba ile a qabelloa Jerusalema eaba baa shoa.

“Bara ba baprofeta” e ne e le bo-mang?

Litlaleho tsa Bibele tse buang ka moprofeta Samuele, Elia le Elisha li bua ka banna ba neng ba bitsoa, “bara ba baprofeta.” Ka mohlala, ha Elisha a ne a khetha Jehu hore e be morena oa Iseraele, o ile a roma “e mong oa bara ba baprofeta” hore a tlotse Jehu.—2 Marena 9:1-4.

Litsebi li lumela hore lentsoe lena le bolela sehlopha se itseng sa batho ba neng ba lula le ho sebetsa ’moho, eseng bana ba tsoetsoeng ke baprofeta. Ho latela Journal of Biblical Literature, e ka ’na eaba litho tsa lihlopha tsena e ne e le batho ba “neng ba inehetse tšebeletsong ea Yahweh [Jehova] ba sebetsa tlas’a moprofeta eo e neng e le . . . ntate oa bona oa moea.” (2 Marena 2:12) Ha e le hantle, tlaleho e buoang ka ho tlotsoa ha Jehu e bolela hore moemeli oa Elisha e ne e le “mohlanka oa moprofeta.”—2 Marena 9:4.

Ho bonahala “bara ba baprofeta” ba ne ba phela bophelo bo itekanetseng. Ho boleloa hore sehlopha se seng se joalo se neng se phela nakong ea Elisha se ile sa ikahela sebaka sa bolulo se sebelisa selepe se alimiloeng. (2 Marena 6:1-5) Se bontšang hore ba bang sehlopheng sena ba ne ba nyetse, ke tlaleho e buang ka mohlolohali oa “bara ba baprofeta.” (2 Marena 4:1) Ho bonahala Baiseraele ba tšepahalang ba ne ba ananela bara ba baprofeta ’me ho na le tlaleho e buang ka lekhetlo le leng moo ba neng ba ba fa limpho tsa lijo.—2 Marena 4:38, 42.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela