Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w13 10/1 leq. 3
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Bala Bibele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Bala Bibele?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta Bibele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Buka e ka Utloisisoang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lithuto Tsa ’Nete Tse Khahlisang Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Mohloli o Ikhethang oa Bohlale bo Phahameng
    Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
w13 10/1 leq. 3

SEHLOOHO SE KA NTLE | BIBELE E RUTA’NG?

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Bala Bibele?

Ha ho na buka e tsebahalang ka ho fetisisa lefatšeng joaloka Bibele. Hobane’ng? Hobane ho bonolo ho e utloisisa. E na le lipale tsa ’nete tsa kamoo batho ba ileng ba sebelisana kateng le kamoo ba ileng ba sebelisana le Molimo kateng. Lipale tsena li re ruta lithuto tseo re ka li sebelisang bophelong ba rōna kaha li na le mantsoe a bonolo le a tobileng a ka fetoleloang ka lipuo tse makholo ebile li utloisisoa ke batho ba lulang libakeng tse fapa-fapaneng kapa ba phetseng mehleng e sa tšoaneng. Hape, melao-motheo ea Bibele e re tsoela molemo kamehla.

Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore Bibele hase feela buka e buang ka Molimo empa hape e bolela hore e tsoa ho Molimo. E re tsebisa lebitso la Molimo, botho ba hae le hore morero oa hae ha a ne a bōpa lefatše le batho ha o e-s’o fetohe. Bibele e boetse e bua ka ntoa e ’nileng ea e-ba teng pakeng tsa bobe le botle: pale ea bokahohle e babatsehang e tla ba le phello e monate. Ha motho a bala Bibele ho se na lintho tseo a li belaelang ka eona, seo se tla mo thusa hore a be le tumelo le tšepo.

Ka Bibeleng re fumana boitsebiso boo re ke keng ra bo fumana bukeng leha e le efe. Ka mohlala, Bibele e re bolella seo e leng ’nete ka lihlooho tse kang tsena:

  • Moo re tsoang teng le hore na ke hobane’ng ha re sotleha

  • Seo Molimo a se entseng ho pholosa batho

  • Seo Jesu a re etselitseng sona

  • Bokamoso ba lefatše le ba batho

Ak’u ipalle ho ea pele ’me u hlahlobe hore na Bibele e bua ka’ng.

LINTLHA TSE IKHETHANG KA BIBELE

  • Sehlooho: Kamoo ’Muso oa Molimo o tla tlisa ho loka le khotso lefatšeng

  • Tse ka Hare: E na le libuka tse 39 tse ileng tsa ngoloa ka Seheberu (le likarolo tse seng kae ka Searame) hammoho le tse 27 tse ileng tsa ngoloa ka Segerike

  • E Ngotsoe: Ke bangoli ba ka bang 40 ka lilemo tse ka bang tse ka holimo ho 1 600, ho tloha ka 1513 B.C.E. ho ea ho hoo e ka bang ka 98 C.E.

  • Lipuo: Hona joale e fetoletsoe ka lipuo tse fetang tse 2 500, e feletse kapa e sa fella

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela