Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w13 10/1 leq. 5
  • Molimo o Etsa Litokisetso Tsa ho Pholosa Batho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo o Etsa Litokisetso Tsa ho Pholosa Batho
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo o Pholosa Batho ka Mesia
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • “Re Fumane Mesia”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Ba ne ba Lebeletse Mesia
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Mesia oa Fihla
    Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
w13 10/1 leq. 5

SEHLOOHO SE KA NTLE | BIBELE E RUTA’NG?

Molimo o Etsa Litokisetso Tsa ho Pholosa Batho

Molimo o ile a tšepisa Abrahama ea neng a tšepahala hore “peō” e tšepisitsoeng e ne e tla ba e mong oa litloholo tsa hae. Ka motho eo a le mong, batho ba “lichaba tsohle” ba ne ba tla fumana litlhohonolofatso. (Genese 22:18) Hamorao Jakobo, setloholo sa Abrahama, o ile a fallela Egepeta, moo lelapa la hae le ileng la ikatisa ’me ea e-ba sechaba sa Iseraele ea boholo-holo.

Hamorao, Faro oa mohatelli oa Egepeta, o ile a etsa Baiseraele makhoba ho fihlela ha Molimo a khetha moprofeta Moshe, ea ileng a etella sechaba pele ho se ntša naheng eo ka tsela e ileng ea buleha ka mohlolo Leoatleng le Lefubelu. Ka mor’a moo, Molimo o ile a fa Baiseraele melao e neng e tla ba tataisa le ho ba sireletsa, hammoho le Melao e Leshome. E ne e le melao e tobileng mabapi le nyehelo ea tšoarelo ea libe. Molimo o ile a bululela Moshe hore a bolelle Baiseraele hore o ne a tla ba romela moprofeta e mong. Moprofeta eo e ne e tla ba “peō” e tšepisitsoeng.

Lilemo tse fetang makholo a mane hamorao, Molimo o ile a tšepisa Morena Davida hore ea tlang, e leng “peō” e boletsoeng esale pele Edene, o tla busa pusong e tla ba teng ka ho sa feleng. Eo e ne e tla ba Mesia, Mopholosi ea khethiloeng ke Molimo hore a pholose batho le ho etsa hore lefatše e be Paradeise.

A sebelisa Davida le baprofeta ba bang, Molimo o ile a ’na a senola ho eketsehileng ka Mesia. Ba ile ba bolela hore o ne a tla ikokobetsa a be mosa ’me tlas’a puso ea hae tlala, ho hloka toka le lintoa li tla fela. Batho ba tla phelisana ka khotso ba be ba phelisane ka khotso le liphoofolo. Ho kula, bohloko le lefu—e leng lintho tseo ho tloha qalong e neng e sa ka ea e-ba morero oa Molimo—li tla fela ’me batho ba shoeleng ba tla phela hape lefatšeng.

Molimo o ile a bolela esale pele a sebelisa moprofeta Mikea hore Mesia o tla tsoalloa Bethlehema ’me a sebelisa moprofeta Daniele ho bolela hore hamorao o ne a tla bolaoa. Empa Molimo o ne a tla tsosa Mesia bafung ’me a mo khethe hore e be Morena leholimong. Daniele o ile a bona esale pele hore qetellong ’Muso oa Mesia o tla nkela mebuso e meng eohle sebaka. Na Mesia o ile a tla ho latela kamoo ho neng ho profetiloe kateng?

​—Sena se thehiloe ho Genese, khaolo ea 22-50, le ho Exoda, Deuteronoma, 2 Samuele, Lipesaleme, Esaia, Daniele, Mikea, Zakaria 9:9.

LEBITSO LE HALALELANG LA MOLIMO

Ho Genese 2:4 re fumana moo lebitso Jehova le hlahang teng ka lekhetlo la pele ka Bibeleng. Lebitso lena le ikhethang le hlaha ka makhetlo a 7 000 libukeng tsa pele tse ngotsoeng ka letsoho tsa Mangolo a Halalelang. Seo lebitso lena le se bolelang—e leng “O Etsa Hore ho be”—se re tiisetsa hore Molimo o na le bokhoni bo feletseng ba ho phethahatsa merero le litšepiso tsa hae.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela