SEHLOOHO SE KA NTLE | BIBELE E RUTA’NG?
“Re Fumane Mesia”!
Lilemo tse ka bang makholo a mane ka mor’a hore ho ngoloe buka ea ho qetela Mangolong a Seheberu a Bibele, boprofeta ba Mikea bo mabapi le Mesia bo ile ba phethahala: Jesu o ile a tsoalloa Bethlehema. Lilemo tse ka bang 30 hamorao, ka 29 C.E., karolo ea pele ea boprofeta ba Daniele bo mabapi le ho tla ha Mesia e ile ea phethahala. Jesu o ile a kolobetsoa ’me Molimo o ile a mo tlotsa ka moea o halalelang. Mesia, e leng Peō e neng e ntse e letetsoe ka nako e telele, o ile a fihla hantle ka nako!
Hang-hang Jesu o ile a thakhola tšebeletso ea hae, “a phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo.” (Luka 8:1) Joalokaha ho ne ho profetiloe, Jesu e ile ea e-ba motho ea mosa, ea bonolo, ea bileng a tsotellang batho e le kannete. Thuto ea hae e ne e bontša hore o rata batho ’me e ne e ba tsoela molemo, o ne a bile a phekola “lefu la mofuta o mong le o mong,” e leng se neng se bontša hore Molimo o ne a e-na le eena. (Matheu 4:23) Batho ba baholo le ba banyenyane ba ile ba phuthehela ho Jesu eaba ba re: “Re fumane Mesia”!—Johanne 1:41.
Jesu o ile a bolela esale pele hore pele ’Muso oa hae o busa ka ho feletseng lefatšeng, ho ne ho tla ba le lintoa, litšisinyeho tsa lefatše le mathata a mang a mangata. O ile a khothalletsa bohle hore ba ‘lule ba lebetse.’—Mareka 13:37.
Jesu e ne e le motho ea phethahetseng ea ileng a lula a mamela Molimo, empa o ne a e-na le lira tseo qetellong li ileng tsa mo bolaea. Lefu la hae e ile ea e-ba nyehelo e phethahetseng e ileng ea re rekela seo Adama le Eva ba ileng ba se lahla—tebello ea ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng.
Ho shoa ha Jesu le ho tsosoa ha hae ke Molimo ka mor’a matsatsi a mararo e le sebōpuoa se matla sa moea ho ile ha phethahatsa boprofeta. Ka mor’a moo, Jesu o ile a hlaha ho barutuoa ba hae ba fetang 500. Pele Jesu a nyolohela leholimong, o ile a laela balateli ba hae hore ba ise litaba tse molemo tse buang ka eena le ’Muso oa hae ho “batho ba lichaba tsohle.” (Matheu 28:19) Ba ile ba etsa mosebetsi oo ka botlalo hakae?
—Sena se thehiloe ho Matheu, Mareka, Luka, Johanne, 1 Bakorinthe.