ATAMELA HO MOLIMO
‘Jehova o Ile a le Tšoarela ka Bolokolohi’
“Ea sa tšoareleng ba bang o tšoana le motho ea heletsang borokho boo a tlamehang ho feta ho bona.” Mantsoe ao a rahistori oa lilemong tsa bo-1600 oa Lebrithani Edward Herbert, a totobatsa lebaka leo ho hlokahalang hore re tšoarele ba bang ka lona: Ho e-s’o ee kae, le rōna re ka ’na ra hloka hore ba bang ba re tšoarele. (Matheu 7:12) Leha ho le joalo, ho na le lebaka la bohlokoa le ho feta leo re lokelang ho tšoarela ba bang ka lona. Hlokomela mantsoe a moapostola Pauluse a hlahang ho Bakolose 3:13.—E bale.
Kaha kaofela ha rea phethahala, ka linako tse ling re ka ’na ra halefisa ba bang kapa ra ba khopisa ’me le bona ba ka ’na ba etsa se tšoanang ho rōna. (Baroma 3:23) Re ka boloka khotso joang le batho ba bang? A susumelitsoe ke Molimo, Pauluse o re eletsa hore re mamellane re be re tšoarelane. Keletso eo e ne e tsoela batho molemo ha e ne e ngoloa lilemong tse ka bang likete tse peli tse fetileng ’me le kajeno e ntse e ka re tsoela molemo. A re ke re hlahlobe mantsoe ana a Pauluse ka hloko.
“Tsoelang pele le mamellana.” Poleloana ea Segerike e fetoletsoeng e le “tsoelang pele le mamellana” e ka bolela ho mamella kapa ho ithiba. Buka e ’ngoe e re Bakreste ba bontša tšobotsi ena ka ho “ikemisetsa ho mamella ha batho ba bang ba etsa liphoso tse tenang kapa ba e-na le botho bo sa thabiseng.” Lentsoe “mamellana” le bontša hore taba e ama mahlakore ka bobeli. Seo se bolela hore ha re hopola hore le rōna re na le botho bo ka ’nang ba tena batho ba bang, re ke ke ra lumella lintho tseo re sa li rateng ka batho ba bang ho senya khotso pakeng tsa rōna le bona. Empa re ka etsa’ng haeba ba bang ba re siteloa?
“Tsoelang pele . . . ho tšoarelana ka bolokolohi.” Ho latela setsebi se seng, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le ‘tšoarela ka bolokolohi,’ “hase lentsoe le tloaelehileng le bolelang ho leballa motho kapa ho mo tšoarela . . . empa le jere moelelo oa bohlokoa o totobatsang hore tšoarelo e etsoa ka mosa.” Buka e ’ngoe e re lentsoe lena le ka bolela “ho fa motho ntho e mo thabisang, ho mo hauhela, ho mo thusa.” Re bontša hore re mosa ha re ikemisetsa ho tšoarela esita leha re “e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong.” Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha re lokela ho ikemisetsa ho hauhela ka tsela eo? Lebaka le leng ke hobane ho e-s’o ee kae le rōna re ka ’na ra hloka hore motho eo ea re sitetsoeng a re tšoarele.
“Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna.” Lena ke lebaka le ka sehloohong leo ka lona re lokelang ho tšoarela ba bang ka bolokolohi: Jehova Molimo o re tšoarela ka bolokolohi. (Mikea 7:18) Ak’u nahane ka motsotsoana ka mohau o moholo oo Jehova a o bontšitseng baetsalibe ba bakileng. Ho fapana le rōna, Jehova ha a etse sebe. Empa o ikemiselitse ho tšoarela ka ho feletseng baetsalibe ba bakileng le hoja a tseba hore ha ho mohla a tla hloka hore le bona ba mo tšoarele. Ruri Jehova ke mohlala o ka sehloohong oa motho ea tšoarelang ka bolokolohi baetsalibe ba bakileng!
Jehova ke mohlala o ka sehloohong oa motho ea tšoarelang ka bolokolohi baetsalibe ba bakileng!
Mohau oa Jehova o etsa hore re batle ho ba le kamano e haufi le eena ’me o re susumelletsa hore re batle ho mo etsisa. (Baefese 4:32–5:1) E ka ba hantle hore re ipotse, ‘Kaha Jehova o mpontšitse mohau ka hore a ntšoarele, ke joang nka hanang ho tšoarela motho ea ntšitetsoeng ea bakileng e le kannete?’—Luka 17:3, 4.
Litemana tsa Bibele tseo u ka li balang ka October
Bagalata 1-6; Baefese 1-6; Bafilipi 1-4; Bakolose 1-4; 1 Bathesalonika 1-5; 2 Bathesalonika 1-3; 1 Timothea 1-6–2 Timothea 1-4