Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp16 no. 1 maq. 11-14
  • Tsela ea ho Hlōla ho se Itšepe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela ea ho Hlōla ho se Itšepe
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MATHATA A HO HŌLA U SE NA BOITŠEPO
  • MOLIMO O OA RE TSOTELLA
  • LITSELA TSE THARO TSE KA RE THUSANG HORE RE IKUTLOE RE SIRELETSEHILE
  • BATHO BOHLE BA TLA SIRELETSEHA
  • Ke Hobane’ng ha ke Ikutloa ke sa Itšepe Hakaale?
    Tsoha!—1990
  • Bophelo bo Nang le Tšireletseho e Tšoarellang
    Tsoha!—1998
  • Ho Thoe’ng Haeba Eena a sa Nthate?
    Tsoha!—1998
  • Ha U Mong Hobane Jehova o Lula a E-⁠na le Uena
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
wp16 no. 1 maq. 11-14
Ntate o nkile moralinyana oa hae

Tsela ea ho Hlōla ho se Itšepe

LESEA le hloka tšireletso kahohle-hohle. Ha motho a hlaha, o itšetlehile ka batsoali ba hae ka botlalo hore ba mo sireletse. Ha re ne re ithuta ho tsamaea, re ne re bona batho ba bang e le lifonthoane tse khōlō feela ha ba bapisoa le rōna. Ba ne ba re tšosa, ntle le ha batsoali ba rōna ba le teng. Empa re ne re ikutloa re sireletsehile ha ’mè oa rōna kapa ntate a re tšoara ka letsoho.

Ha re sa ntse re le bana, re ne re itšetlehile ka lerato le khothatso ea batsoali ba rōna hore re atlehe bophelong. Ha re hlokomela hore batsoali ba rōna baa re rata, seo se ile sa etsa hore re ikutloe re sireletsehile le ho feta. Ha ba ne ba re tiisetsa hore re entse lintho hantle, re ne re e-ba le boitšepo haholoanyane ebile re hatela pele.

Ha re ntse re hōla-hōla, metsoalle ea rōna le eona e ne e etsa hore re be le boitšepo. Re ne re ikutloa re phutholohile ha re e-na le eona ’me e etsa hore re se ke ra tšaba ho ea sekolong.

Lintlha tse boletsoeng ka holimo li etsahala ho ngoana ea hōlang ka tsela e tloaelehileng. Bacha ba bang ha ba na metsoalle, ebile bana ba bangata ha ba fumane tšehetso e loketseng ho batsoali ba bona. Melissaa o re: “Kamehla ha ke bona litšoantšo tsa malapa a nang le bonngoe, a etsang lintho hammoho, ke ee ke ikutloe ke se ke itse, ‘Ekare nka be ke hōtse joalo ha ke sa le ngoananyana.’” Mohlomong le uena u ikutloa joalo.

MATHATA A HO HŌLA U SE NA BOITŠEPO

Mohlomong u ne u se na boitšepo ha u ntse u hōla. Kapa ho ne ho se na batho ba u khothatsang le ba u bontšang lerato. Mohlomong u hopola lintoa tse sa feleng tse neng li le pakeng tsa batsoali ba hao, tsa ba tsa senya lenyalo la bona—e leng karohano eo mohlomong u itjarisitseng molato ka eona, empa e se molato oa hao. Kapa ho hobe le ho feta, ho ka etsahala hore e mong oa batsoali ba hao o ne a u hlekefetsa ka mantsoe kapa ’meleng.

Ngoana ea se nang boitšepo a ka etsa’ng? Ba bang ba inehella lithethefatsi kapa ba ipolaisa joala lilemong tseo tsa bocha. Athe ba bang ba kena lihlopheng tsa linokoane hore ba ikutloe ba amoheloa ke ba bang. Bacha ba se nang boitšepo ba ka ’na ba potlakela ho kena litabeng tsa marato, e le hore feela ba fumane mofuthu oa lerato. Empa hase hangata setsoalle sa mofuta oo se tšoarellang, ’me bacha ba ikutloa ba se na boitšepo le ho feta nakong eo se felang.

Le hoja bacha ba bang ba sa tobane le mathata a maholo joalo, ba ntse ba hōla ba sa inke e le batho ba bohlokoa. Ana o re: “Ke ne ke kholisehile hore ha ke na thuso, hobane ke sona seo ’mè oa ka a neng a mpolella sona nako le nako. Ha ke hopole letsatsi leo ka lona a kileng a mpabatsa kapa a mpontša lerato.”

Tsela eo re hōlisitsoeng ka eona hase eona feela e ka etsang hore re ikutloe re sa sireletseha. Re ka ’na ra ikutloa re sa sireletseha ka lebaka la tlhalo e sa lebelloang, mathata a botsofali, kapa le ho tšoenyeha ka chebahalo ea rōna. Ho sa tsotellehe hore na boikutlo boo bo bakoa ke eng, bo ka re amoha thabo ’me ba senya likamano tsa rōna le batho ba bang. Re ka etsa’ng hore re hlōle boikutlo boo?

MOLIMO O OA RE TSOTELLA

Re lokela ho tseba hore thuso e ea fumaneha. Kaofela ha rōna ho na le motho ea ka re thusang, motho ea batlang ho re thusa. Motho eo ke Molimo.

A sebelisa moprofeta oa hae ea bitsoang Esaia, Molimo o fane ka molaetsa ona: “U se ke ua tšoha, kaha ke na le uena. U se ke ua talima koana le koana, etsoe ke ’na Molimo oa hao. Ke tla u matlafatsa. Ka sebele ke tla u thusa. Ke tla u tšoara ka tieo ka letsoho la ka le letona la ho loka.” (Esaia 41:10, 13) Ruri rea khothala ha re nahana hore Molimo o batla ho re tšoara ka letsoho ka tsela ea tšoantšetso! Ha ho na lebaka la hore re tšoenyehe!

Bibele re bolella ka barapeli ba Molimo ba ileng ba e-ba le matšoenyeho empa ba ithuta ho tšoara Molimo ka letsoho. Anna, e leng ’mè oa Samuele, o ne a utloa eka ha a na thuso, hobane a se na ngoana. Hangata o ne a sonngoa ka hore ke nyopa. Ka lebaka leo, Anna o ne a se na takatso ea lijo ’me a lula a lla. (1 Samuele 1:6, 8) Empa ka mor’a hore a tšollele maikutlo a hae ho Molimo, o ile a khaotsa ho hlomoha.—1 Samuele 1:18.

Mopesaleme Davida le eena o ne a ikutloa a sa sireletseha ka linako tse ling. Morena Saule o ile a qeta lilemo tse ngata a leka ho mo tšoara. Davida o ile a pholoha makhetlong a ’maloa ha Saule a ne a leka ho mo bolaea ’me ka linako tse ling o ne a ikutloa eka o tetebetse mathateng. (Pesaleme ea 55:3-5; 69:1) Ho sa tsotellehe seo, o ile a ngola a re: “Ke tla sekama ’me ke robale ka khotso, etsoe, Jehova, ke uena feela ea etsang hore ke lule ke sireletsehile.”—Pesaleme ea 4:8.

Anna le Davida ba ile ba lahlela mathata a ba imelang maikutlong ho Jehova, ’me ba hlokomela hore o ba thusitse. (Pesaleme ea 55:22) Kajeno re ka ba etsisa ka litsela life?

LITSELA TSE THARO TSE KA RE THUSANG HORE RE IKUTLOE RE SIRELETSEHILE

1. Ithute ho tšepa Jehova joaloka Ntate.

Monna oa thuisa ha a ntse a bala Bibele

Jesu o ile a re khothalletsa hore re tsebe Ntate oa hae, “Molimo a le mong feela oa ’nete.” (Johanne 17:3) Moapostola Pauluse o re tiisetsa hore Molimo ha a “hōle le e mong le e mong oa rōna.” (Liketso 17:27) Jakobo eena o re: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.”—Jakobo 4:8.

Bohato ba bohlokoa ba hore re hlōle maikutlo a ho tšoenyeha ke ho tseba hore Ntate oa rōna ea leholimong o oa re rata ebile o oa re tsotella. Ke ’nete hore ho tla nka nako ho ba le tšepo e joalo, empa ba bangata ba hlokometse hore ehlile hoa thusa ho etsa joalo. Caroline o re: “Eitse ha Jehova e e-ba Ntate oa ka, qetellong ke ile ka fumana motho eo nka ntšetsang maikutlo a ka ho eena. Seo se ile sa etsa hore ke ikutloe ke imolohile haholo!”

Rachel o re: “Ha ke ne ke sala ke se na batsoali, Jehova ke eena ea ileng a nthusa hore ke ikutloe ke sireletsehile. Ke ne ke buisana le eena, ke mo kōpa hore a nthuse mathateng a ka. O ile a fela a nthusa.”b

2. Fumana lelapa le ka u thusang ho rapela Molimo.

Batho baa qoqa Holong ea ’Muso

Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae hore ba tšoarane joaloka bana ba motho. O ile a re ho bona: “Lōna bohle le bara ba motho.” (Matheu 23:8) O ne a batla hore barutuoa ba hae ba ’nete ba ratane ’me ba fetohe seo re ka reng ke lelapa le leholo le rapelang Molimo hammoho.—Matheu 12:48-50; Johanne 13:35.

Liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova li leka ho etsa lelapa le joalo la moea, le mofuthu le le fanang ka matšeliso. (Baheberu 10:24, 25) Batho ba bangata ba hlokometse hore liboka tsa phutheho li tšoana le setlhare se tlotsang, se ba thobang maqeba a maikutlo.

Eva o oa hopola: “Phuthehong ea heso ke ne ke e-na le motsoalle oa bohlokoa, ea neng a utloisisa bohloko boo ke bo utloang. O ne a ’mamela, a mpalla ebile a rapela le ’na. O ne a etsa ke ikutloe hore ha ke mong. O ne a nthusa hore ke khone ho bua ka se ntšoenyang ’me ke imolohe. Ka lebaka la thuso ea hae, ke ile ka qala ho ikutloa ke sireletsehile.” Rachel o phaella ka ho re: “Ke ile ka fumana ‘’mè le ntate’ ka phuthehong. Ba ile ba etsa hore ke ikutloe ke ratoa ebile ke sireletsehile.”

3. Bontša mosa le lerato ho ba bang.

Ha re bontša mosa le lerato ho batho ba bang, re ba le setsoalle sa nako e telele le bona. Jesu o ile a re: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Ebile re tla hlokomela hore ha re bontša ba bang lerato haholo, le rōna batho ba tla re rata le ho feta. Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Itloaetseng ho fana, ’me batho ba tla le fa.”—Luka 6:38.

Ha batho ba bang ba re rata ’me le rōna re ba bontša lerato, re tla ikutloa re sireletsehile le ho feta. Joalokaha Bibele e bolela, “lerato ha le fele le ka mohla.” (1 Bakorinthe 13:8) María o re: “Kea tseba hore maikutlo a fosahetseng ao ke nang le ’ona ka ’na hase ’nete. Ke hlōla maikutlo ao a fosahetseng ka hore ke thuse batho ba bang, ke lebale hanyenyane ka ’na. Kamehla kea khotsofala ha ke etsetsa batho ba bang lintho.”

Monna-moholo o tsamaea ka lere, mohlankana oa mo thusa

BATHO BOHLE BA TLA SIRELETSEHA

Litsela tse hlalositsoeng ka holimo hase ‘phekolo ea mohlolo’ e etsahalang ka ho panya ha leihlo. Empa li ka ntlafatsa boemo ba rōna haholo. Caroline o re: “Ka linako tse ling ke ntse ke ikutloa ke sa sireletseha, empa hona joale ke ikutloa ke le motho oa bohlokoa. Kea tseba hore Molimo oa ntsotella ebile ke na le metsoalle e mengata, eo le eona e etsang hore ke ikutloe ke sireletsehile.” Rachel le eena o ikutloa joalo. O re: “Nako le nako ke ikutloa ke sithabetse. Empa ke na le banab’eso bao ke rapelang le bona, ba mphang likeletso, ba nthusang hore ke shebe lintho ka tsela e molemo. Ka holim’a tsohle, ke na le Ntate ea leholimong eo ke buang le eena letsatsi le leng le le leng. Seo se etsa hore ke ikutloe ke sireletsehile haholo.”

Bibele e bua ka lefatše le lecha le tlang, leo ho lona batho bohle ba tla ikutloa ba sireletsehile

Ho boetse ho na le tharollo ea ka ho sa feleng. Bibele e bua ka lefatše le lecha le tlang, leo ho lona batho bohle ba tla ikutloa ba sireletsehile. Lentsoe la Molimo le re tšepisa sena: “E mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele.” (Mikea 4:4) Ka nako eo ha ho motho ea tla etsa hore re ikutloe re sa sireletseha, ebile ha ho ea tla re ntša kotsi. Esita le lintho tse ileng tsa re utloisa bohloko bo tebileng nakong e fetileng “li ke ke tsa hopoloa.” (Esaia 65:17, 25) Molimo le Mora oa hae, Kreste Jesu ba tla tlisa “ho loka ha ’nete.” Joale ho tla ba le “khutso le tšireletseho ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Esaia 32:17.

a Mabitso ’ohle a fetotsoe.

b Lipaki Tsa Jehova li fana ka thuto ea Bibele mahala ho batho ba ka ratang ho atamela ho Molimo.

Kamoo Batho ba Angoang ke ho se Itšepe

“Ha Ntate a ne a tahiloe, o ne a halefa ’me sefahleho sa hae se fetoha. O ne a tšoana le phiri e senneng meno, pele e robokella phofu ea eona ka sehlōhō. Ke ne ke utloa eka ke konyana e tšohileng, ebe kea ipata, ke nahana hore a ke ke a mpona. Ke ne ke phela habohloko joalo tsatsi le chabang le le likelang.”—Seo Caroline a se hopolang ha e sa le ngoana.

“Ke ne ke utloa eka ha ho na motho eo nka mo tšepang. E ne eka ke lahlehile ka holim’a thaba, ke ntse ke hoeletsa ho kōpa thuso, empa ha ho motho ea nkutloang, ea ka nkisang moo ho sireletsehileng.”—Eva, mosali ea qetang ho hlalana le monna oa hae.

“Hangata Ntate o ne a nkomanya a re, ‘U ntho esele. Ha ho na motho ea ka u ratang!’ Ka lilemo tse ngata ke ’nile ka leka ho ikholisa hore ha ke ntho esele ebile batho ba bang baa nthata. Ke ne ke tšoana le lelinyane la ntja le katileng mohatla, kamehla ke lebeletse hore batho ba mpabatse, empa ho se motho ea reng letho.”—Mark, eo ntate oa hae a neng a mo hobosa.

“Ka linako tse ling ha ke bona mosali e motle, ke mo bapisa le palesa e ntle eo batho ba ka ratang ho ikhella eona, ba e ise lapeng. Empa ’na ke tšoana le setlama-tlama feela tjee, seo ho seng motho ea ka se ratang.”—María, moroetsana ea loantšanang le maikutlo a ho se itšepe.

“Ha ke le lilemo li 12, batsoali ba ka ba ile ba fallela naheng e ’ngoe ’me ba ntšiea le banab’eso ba babeli hore ke ba hlokomele. Ke ne ke jeoa ke bolutu haholo. Ke ne ke utloa eka ho ka ba le motho ea ntlhokomelang, ea mpolellang hore ke etsa lintho hantle. Empa ke ne ke utloa eka ke lahlehile ka morung o moholo, o lefifi. Le hoja letsatsi le letsatsi ke ne ke ntse ke tsoella, empa ke ne ke batla tsela ea ho tsoa boemong boo. Ke ne ke batla ho ikutloa ke sireletsehile ebile ke thabile.”—Rachel, ngoana eo batsoali ba hae ba ileng ba fallela naheng e ’ngoe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela