Bophelo bo Nang le Tšireletseho e Tšoarellang
HAEBA u chesa u bile u fufuleloa, mohlomong u nka pilisi ho kokobetsa hlooho e opang ’me mohlomong le mokotlana oa metsi a leqhoa ho ipholisa. Le hoja pilisi le mokotlana oa metsi a leqhoa li kokobetsa matšoao, ha li phekole sesosa sa feberu e u tšoereng. ’Me haeba ho kula ha hao e le ho tebileng, u hloka ho phekoloa ke ngaka e nang le phihlelo.
Moloko oa batho o tšoeroe ke feberu e sa foleng ea ho se sireletsehe. Re etsa hantle ho nka mehato ea nakoana ho kokobetsa matšoao a bohloko, empa re ka phekoloa feela ke motho ea ka hlahlobisisang boemo ba rōna ka ho feletseng. ’Me ha ho motho e mong ea tsebang moloko oa batho hamolemonyana ho feta ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo. Oa tseba hore bophelo ha boa sireletseha ka lebaka la mathata ao re a tliselitsoeng.
Ho Fela ha Qaleho e Sireletsehileng
Lentsoe la Molimo le hlalosa hore Jehova o ile a bōpa banyalani ba pele ba phethahetse ’me a ba beha tikolohong e sireletsehileng. Ba ne ba lokolohile matšoenyehong. Morero oa Molimo e ne e le hore batho ba phele ka ho sa feleng paradeiseng, ba sireletsehile ka ho feletseng. Tikoloho eo batho ba pele ba neng ba phela ho eona e ne e akarelletsa “lifate tsohle tse khahlisang mahlo, tse monate ha li jeoa.” Hlokomela hore litlhoko tsa bona tsa ’mele li ne li hlokometsoe; ’me ho ne ho le joalo le ka litlhoko tsa bona tsa maikutlo, kaha tikoloho eo ho hlalosoa hore e ne e “khahlisa mahlo.” Ntle ho pelaelo sena se ne se bolela hore banyalani ba pele ba ne ba behiloe tikolohong e neng e ba tiisetsa bophelo bo nang le botsitso, le bo se nang likhathatso.—Genese 2:9.
Adama le Eva ba ile ba lahla bobusi bo lerato ba Molimo, kahoo ba kenyelletsa boikutlo ba ho hloka tšepo, tšabo, masoabi, boikutlo ba ho ba molato le ba ho se sireletsehe bophelong ba bona. Ka mor’a ho lahla Molimo, Adama o ile a lumela hore o “ile a tšaba.” Batho ba pele ba ile ba ikapesa ’me ba ipatela ’Mōpi oa bona ea lerato, eo ho fihlela nakong eo ba neng ba e-na le botsoalle bo haufi le bo ruisang molemo le eena.—Genese 3:1-5, 8-10, NW.
Morero oa Jehova oa mathomo ha oa fetoha. Bibele e re ’Mōpi oa rōna ke Molimo ea lerato, eo haufinyane a tlang ho nolofalletsa moloko oa batho o utloang ho khutlisetsa lefatše boemong ba paradeise le ho phela ka ho sa feleng o sireletsehile. Ka moprofeta Esaia, ho fanoa ka tšepiso e reng: ‘Ke ea bopa maholimo a macha le lefatše le lecha; thabang le nyakalle ka ho sa feleng.’ (Esaia 65:17, 18) Mabapi le maholimo ana a macha le lefatše le lecha, moapostola Petrose o re: “Ho tsena ho loka ho tla aha.”—2 Petrose 3:13.
See se tla finyelloa joang? Ka puso e hlomamisitsoeng ke Jehova. Ona ke ’Muso oo Jesu Kreste a ileng a bolella balateli ba hae hore ba o rapelle: “Ntate oa rōna ea maholimong, lebitso la hao a le halaletsoe. ’Muso oa hao a o tle. Thato ea hao a e etsahale, joaloka leholimong, hape le lefatšeng.”—Matheu 6:9, 10.
’Muso oa Molimo o tla nkela mebuso ea batho sebaka ’me ka lerato o phethahatse morero oa Molimo lefatšeng ka bophara. (Daniele 2:44) Boikutlo ba ho hloka tšepo, tšabo, masoabi, boikutlo ba ho ba molato le ba ho se sireletsehe bo ’nileng ba hlokofatsa moloko oa batho ho tloha mehleng ea Adama bo tla fela. Ho latela Bibele, ’Muso oo o atametse. Esita le hona joale, lefatšeng lena la rōna le sa tsitsang, ho na le tekanyo e itseng ea tšireletseho bakeng sa ba labalabelang ’Muso oa Molimo.
Etelletsa Lithahasello Tsa Moea Pele
Davida e ne e le mohlanka oa Molimo ea neng a tseba se boleloang ke ho ba tšabong le ho ba tsielehong. Leha ho le joalo, Davida o ile a ngola, joalokaha ho tlalehiloe ho Pesaleme ea 4:8: “Ke sekama ka khotso, ke be ke ithoballe ka khotso, hobane, Jehova, ke uena u ’notši ea nkahisang boiketlong.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Jehova o ile a fa Davida boikutlo ba tšireletseho, le hoja Davida ka linako tse ling a ne a likaliketsoa ke mathata. Na re ka ithuta thuto e itseng ho see? Re ka fumana joang tekanyo e itseng ea tšireletseho esita le lefatšeng lee le sa sireletsehang?
Nahana ka tlaleho ea Genese mabapi le Adama le Eva. Ba ile ba lahleheloa ke boikutlo ba tšireletseho neng? Nakong eo ba neng ba lahla kamano ea bona ea botho le ’Mōpi ’me ba hana ho phela tumellanong le morero oa hae bakeng sa moloko oa batho. Kahoo, haeba re fetola mokhoa ona ka ho boela re e-ba le kamano e haufi ea botho le Jehova ’me re leka ho phela tumellanong le thato ea hae, esita le hona joale re ka thabela ho phela bophelo bo sireletsehileng ho feta leha e le bofe bo ka fumanehang.
Ho tseba Jehova ka ho ithuta Bibele ho re thusa ho utloisisa morero oa bophelo. Ke ka ho etsa joalo feela re ka utloisisang hore na re bo-mang le lebaka leo re le teng ka lona. Bophelo bo sireletsehileng bo ka fumaneha ha re rata Molimo, re tseba morero oa hae bakeng sa moloko oa batho, ’me re utloisisa hore na re kenella hokae ho oona. Monna e mong ea bitsoang Paul o ile a hlokomela seo lilemong tse ’maloa tse fetileng.
Paul o ile a hlahela le ho hōlela sehlekehlekeng se seng se haufi le lebōpo la leoatle, Jeremane. Ka lebaka la seo batsoali ba hae ba ileng ba feta ho sona Ntoeng ea II ea Lefatše, lelapa labo le ne le sa thahaselle bolumeli. Paul o re ka eena ha esale mohlankana: “Ke ne ke sa lumele letho ’me ho se eo ke mo hlomphang. Ke ne ke atisa ho pata mesarelo ea ka ka joala, ke noella ho tahoa makhetlo a mabeli kapa a mararo ka beke. Ke ne ke sa sireletseha bophelong.”
Joale Paul o ile a buisana le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Paul o ile a etsa manganga, empa ntho eo Paki e ileng ea e bua e ile ea etsa hore a inahane. “Ha ho ntho e itlhahelang feela.” Ka mantsoe a mang, ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea tlhaho eo re e bonang e re pota-potile e tlameha ebe e na le ’Mōpi.
“Ke ile ka nahana ka seo ka makhetlo-khetlo, ’me ka tlameha ho se lumela.” Kahoo Paul o ile a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova ’me a qala ho tseba Jehova. Oa lumela: “Kantle ho batsoali ba ka, Jehova e bile eena motho oa pele bophelong ba ka oa hore a nketsetse ntho e itseng.” Paul o ile a kolobetsoa hore e be Paki ka 1977 ’me o re: “Joale ke hlile ke tseba morero oa bophelo. Ke thabela ho phela tumellanong le thato ea Jehova. Ke ikutloa ke sireletsehile, kaha ha ho ntho leha e efe e ka ntlhahelang kapa ea hlahela lelapa la ka eo Jehova a ke keng a e lokisa nakong e tlang.”
Re ka ithuta eng phihlelong ee? Paul o ile a hlōla boikutlo ba hae ba ho se sireletsehe—moroalo oa maikutlo—ka ho tsepamisa mohopolo eseng leruong la lintho tse bonahalang empa lithahasellong tsa moea. O ile a hlaolela kamano e matla le ’Mōpi. Lipaki tsa Jehova tse limilione li thabela kamano e joalo. Sena se li fa matla a ka hare a li thusang ho bontša boitelo ha li sebelisana le ba bang. Lipaki tsa Jehova ha li etela batho malapeng a bona, li sebelisa nako ea tsona ho thusa batho ba bang ho etsa hore bophelo ba bona e be bo sireletsehileng haholoanyane ka ho tsepamisa mohopolo linthong tsa moea. Empa Lipaki li etsa ho fetang feela ho bolela.
“Ipiletseng ho Molimo oa Lōna, Jehova”
Ka July 1997 ha Nōka ea Oder e ne e hohola karolo e khōlō ea Europe e ka leboea, Lipaki tsa Jehova tsa Jeremane li ile tsa utloa ka mahlomola ao a batho ba Poland ea boahisani. Ba ne ba ka etsa eng? Lipaki ka bonngoe tsa Berlin le mathōkong a eona li ile tsa bontša ho fana ka seatla se bulehileng ka tsela e babatsehang ka ho ithaopela ho nehelana ka R586 000 matsatsi a seng makae feela ka mor’a seo.
Lipaki tse nang le tsebo ea mosebetsi oa kaho li ile tsa tsamaea lihora tse tšeletseng tseleng—ka litšenyehelo tsa tsona—ho tloha Berlin ho ea tikolohong e haufi le Wrocław, Poland. Motseng o mong o monyenyane, matlo a mangata a ne a senyehile hampe. Ntlo ea lelapa le leng la Lipaki e ne e kene ka har’a metsi a botebo ba limithara tse tšeletseng. Morali oa teng o ne a lokisetsa ho chata khoeling e latelang le ho lula ntlong eo le monna oa hae. Ke’ng se neng se ka etsoa ho thusa ho lokisa ntlo eo le ho thusa lelapa leo, le neng le bonahala le lahlehetsoe ke hoo e ka bang ntho e ’ngoe le e ’ngoe?
Ha metsi a qala ho kokobela, moahisani e mong o ile a botsa ka ho phoqa: “Ke hobane’ng ha le sa ipiletse ho Molimo oa lōna, Jehova, ’me le bone haeba a ka le thusa?” Moahisani eo o ile a makala hakaakang ha letsatsing le hlahlamang ho fihla lelapeng leo la Lipaki likoloi tse ’maloa tse tsoang Jeremane! Sehlopha sa basele se ile sa theoha likoloing ’me sa qala ho lokisa ntlo eo. Moahisani o ile a botsa: “Ke bo-mang bao? Ke mang ea lefellang thepa?” Lelapa leo la Lipaki le ile la hlalosa hore bana ke barab’abo bona ba moea le hore baeti bana ke bona ba lefeletseng thepa. Baahi ba motse oo ba ile ba shebella ka ho makala ha ntlo eo e ntse e lokisoa. Ka ho sa lebelloang, lenyalo le ile la tsoela pele ka lona letsatsi le neng le reriloe.
Lelapa lena le ile la hlokomela hore ho ba karolo ea mokhatlo oa machaba oa bara ba motho oa Lipaki tsa Jehova ho tlisa eseng feela melemo ea moea empa hape le tekanyo e itseng ea tšireletseho lefatšeng lena le sa sireletsehang. Hase lelapa leo feela le bileng le phihlelo ena. Sebakeng sohle se oetsoeng ke koluoa, matlo le Liholo tsa ’Muso tsa Lipaki tsa Jehova li ile tsa lokisoa. Baahisani bao e seng Lipaki ha baa ka ba lebaloa. Le mahaeng a bona ho ile ha etsoa mosebetsi o mongata, e leng se ileng sa ananeloa haholo.
Ho Loka, Boiketlo le Tšireletseho
Ha feberu e qetella e folile ’me re khutletse bophelong bo botle ba ’mele, re ee re lebohe ngaka e re thusitseng hakaakang! Ha feberu ea ho se sireletsehe e hlasetseng moloko oa batho e felisoa ka ho sa feleng—ka ’Muso oa Molimo—re tla leboha ’Mōpi oa rōna hakaakang! E, ke eena ea re tšepisang bophelo ba ‘ho loka ha ’nete, boiketlo le tšireletseho ka ho sa eeng kae.’ Eo ke tebello e babatsehang hakaakang!—Esaia 32:17, NW.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 10]
Re ka ikimolla moroalo oa maikutlo ka ho tsepamisa mehopolo ea rōna eseng leruong la lintho tse bonahalang empa linthong tsa moea
[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]
Molimo o tšepisa lefatše le lecha leo ho lona bohle ba tla phela tšireletsehong e tšoarellang