Ho Batla Bophelo bo Sireletse- Hileng
HO SIRELETSEHA ho bolela lintho tse fapaneng ho batho ba fapaneng. Ho motho e mong, ho sireletseha ho bolela ho ba le mosebetsi; ho e mong, leruo; ’me ho motho oa boraro, ho sireletseha ho bolela ho ba tikolohong e se nang tlōlo ea molao. Na ho uena ho bolela ntho e ’ngoe e fapaneng?
Ho sa tsotellehe hore na maikutlo a hao ke afe, ntle ho pelaelo u nka mehato e itseng ho leka ho etsa hore bophelo ba hao e be bo sireletsehileng kamoo u ka batlang kateng. Hlokomela seo batho ba Europe ba se etsang e le hore ba finyelle tekanyo e itseng ea tšireletseho ea batho.
Thuto e Phahameng
Ho ea ka Jacques Santer, mopresidente oa European Commission, karolo ea 20 lekholong ea bacha ba Linaheng tse Ipōpileng tsa Europe e hloka mosebetsi. Kahoo, ho sehlopha seo sa bacha, ho hongata ho itšetlehile ka potso e le ’ngoe, Ke tla fumana mosebetsi o tla sireletsa bophelo ba ka joang? Ba bangata ba lumela hore pakane ena e ka finyelloa hamolemonyana ka ho fumana thuto e phahameng, eo The Sunday Times ea London e hlalosang hore e fa liithuti “monyetla o eketsehileng oa ho fumana mosebetsi.”
Ka mohlala, Nassauische Neue Presse e tlaleha hore, “takatso ea thuto le ea ho ba le maemo a itseng a thuto e matla ho feta leha e le neng pele,” Jeremane. Sena se etsahala ho sa tsotellehe ’nete ea hore litšenyehelo tsa hore seithuti se ithute ho fihlela se qeta univesithing naheng eo, ka karolelano e ka ba R278 000.
Bacha ba nkang thuto ka ho teba le ba lakatsang ho fumana mesebetsi e sireletsehileng ba lokela ho babatsoa. ’Me motho ea nang le tsebo le mangolo a thuto hangata o ba le monyetla o motle oa ho atleha ha a batla mosebetsi. Empa na ke kamehla thuto e phahameng e fanang ka mosebetsi o sireletsehileng? Seithuti se seng se itse: “Ke hlile ka tseba ho tloha qalong hore ho ithuta ha ka ho ne ho ke ke ha mpha mosebetsi o qaqileng oa maemo le hore o ne o ke ke oa mpha tšireletseho.” Boemo ba hae ke bo tloaelehileng. Selemong se seng haufinyane tjena, lenane la liithuti tse qetileng univesithi tse hlokang mosebetsi Jeremane, le ile la fihla boemong bo phahameng ka ho fetisisa.
Ho ea ka koranta e ’ngoe, Fora, bacha ba ea liunivesithing hobane lengolo la sekolo se phahameng ha le thuse hakaalo ka lebaka la lenane le phahameng la bacha ba hlokang mosebetsi. Leha ho le joalo, liithuti tse ngata tsa univesithi li hlokomela ’nete ea hore qetellong ea lithuto tsa tsona, li “tla be li se na molemo oa letho leha li e-na le degree.” The Independent e tlaleha hore Brithani “khatello ea maikutlo e bakoang ke bophelo ba thuto e phahameng e ama liithuti habohloko.” Ho tlalehoa hore ho fapana le ho thusa liithuti ho sebetsana ka katleho le ho se sireletsehe bophelong, ka linako tse ling bophelo ba univesithi bo tlisa mathata a kang a ho tepella maikutlo, ho tšoenyeha le ho ikhalala.
Hangata, ho ithutela mosebetsi o itseng kapa ho fumana koetliso mosebetsing o itseng oa matsoho oa tlhahiso ho nolofalletsa motho ho fumana mosebetsi o sireletsehileng kapele ho feta ho ba le degree ea univesithi.
Na ho ba le Lintho Tse 10 000 ho Lekane?
Ba bangata ba lumela hore lekunutu la bophelo bo sireletsehileng ke leruo. Ho talima lintho ka tsela ena ho ka ’na ha bonahala ho le bohlale, kaha ho ba le chelete e ngata bankeng e ka ba mohloli oa thuso linakong tse thata. Bibele e hlalosa hore ‘chelete ke tširelo.’ (Moeklesia 7:12) Leha ho le joalo, na ke kamehla ho ateloa ke leruo ho ntlafatsang ho sireletseha ha motho?
Hase kamehla. Nahana kamoo leruo le ileng la ata kateng lilemong tse 50 tse fetileng. Qetellong ea Ntoa ea II ea Lefatše, karolo e khōlō ea baahi ba Jeremane e ne e se na letho. Kajeno, ho ea ka koranta e ’ngoe ea Jeremane, Mojeremane ea itekanetseng o na le lintho tse ka bang 10 000. Haeba liponelo-pele tsa moruo li nepahetse, meloko e latelang e tla ba le lintho tse ngata ho feta. Empa na ho bokelloa hona ha leruo ho etsa hore bophelo e be bo sireletsehileng haholoanyane? Che. Phuputso e ’ngoe e entsoeng Jeremane e bontša hore batho ba babeli ho ba bararo ba nka hore bophelo bo batla bo sa sireletseha hona joale ho feta lilemong tse 20 kapa 30 tse fetileng. Kahoo keketseho e khōlō ea leruo ha ea etsa hore batho ba ikutloe ba sireletsehile haholoanyane.
Sena sea utloahala kaha, joalokaha ho boletsoe sehloohong se ka pele, boikutlo ba ho se sireletsehe ke moroalo oa maikutlo. ’Me moroalo oa maikutlo o ke ke oa bebofatsoa ke leruo la lintho tse bonahalang. Ke ’nete hore leruo lea sireletsa bofutsaneng ’me lea thusa linakong tsa mathata. Empa maemong a mang, ho ba le chelete e ngata ho fetoha moroalo o boima joaloka ho ba le e nyenyane.
Kahoo, ho ba le boikutlo bo leka-lekaneng ka lintho tse bonahalang ho tla re thusa ho hopola hore le hoja leruo e ka ba tlhohonolofatso, hase lona la bohlokoa tabeng ea ho sireletseha bophelong. Ha a ne a le lefatšeng, Jesu Kreste o ile a khothatsa balateli ba hae ka hore: “Esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.” (Luka 12:15) Hore motho a ikutloe a sireletsehile ka ho feletseng bophelong, o hloka ho fetang ho ba le leruo la lintho tse bonahalang.
Ho batho ba hōlileng, matlotlo ke a bohlokoa, eseng hakaalo ka lebaka la boleng ba ’ona empa ka lebaka la melemo e amehang. Ntho e tšoenyang batho ba hōlileng ke kotsi ea ho ba phofu ea tlōlo ea molao ho feta ho ba le leruo.
Lebela!
Bukana e bitsoang Practical Ways to Crack Crime, e hatisitsoeng Brithani e re: “Tlōlo ea molao . . . e ’nile ea e-ba bothata bo ntseng bo ja setsi lefatšeng lohle lilemong tse 30 tse fetileng.” Mapolesa a leka ka hohle-hohle. Batho ba bang ba tobana le maemo aa joang?
Polokeho ea motho e qala lapeng. Ka mohlala, setsebi se seng sa mehaho, Switzerland, se ipabola ka ho rala meralo ea matlo a nang le lintho tsohle tse thibelang masholu a notleloang ka linotlolo tse khōlō, a nang le menyako e thata le lifensetere tse sirelelitsoeng ka tšepe. Beng ba matlo ana ba bonahala ba nka ka ho toba maele a tloaelehileng a reng: “Ntlo ea ka ke qhobosheane ea ka.” Ho ea ka koranta e bitsoang Focus, matlo ana a bitsa chelete e ngata, empa ke ’ona a batloang haholo.
E le ho ntlafatsa polokeho ea batho ka malapeng le ka ntle, baahi ba metse e meng ba ile ba hlophisa merero ea ho lebela motse. Baahi ba metse e meng ea litoropo ba bile ba nka bohato bo fetang boo, ba lefa feme ea tšireletso hore e lebele sebaka sa bona ka lihora tse itseng. Batho ba bangata ba utloisisa hore ke bohlale ho se be mong bosiu literateng tsa motse o moholo tse se nang batho. ’Me batsoali, bao ka tloaelo ba amehileng ka boiketlo ba bana ba bona, ba ka ’na ba nka mehato e eketsehileng ea ho ba sireletsa. Nahana ka litlhahiso tse fumanehang lebokoseng le leqepheng lona lena.
Empa hase motho e mong le e mong ea ka khonang ho reka ntlo e nang le lintho tsohle tse thibelang masholu. Ho feta moo, merero ea ho lebela motse le ho paterola ha mabotho a tšireletso ho ka ’na ha se ke ha fokotsa tlōlo ea molao ka kakaretso; ho ka ’na ha e lebisa libakeng tse sa sireletsehang. Ka hona tlōlo ea molao e sala e ntse e le tšokelo e khōlō tšireletsehong ea batho. E le hore bophelo ba rōna bo sireletsehe, ho hlokahala ho eketsehileng ho feta feela boiteko bo matla ba ho hlōla tlōlo ea molao.
Phekola Boloetse—Eseng Matšoao Feela
E mong le e mong oa rōna o na le takatso ea tlhaho ea ho phela a sireletsehile, ’me re etsa hantle ho nka mehato e loketseng, e sebetsang e le hore re finyelle pakane ena. Empa tlōlo ea molao, ho hloka mosebetsi le lintho tsena tse ling tse etsang hore bophelo ba rōna bo se sireletsehe empa e le matšoao feela a boemo bo amang moloko oohle oa batho. E le hore re lokise boemo bona, ho hlokahala hore re loantše, eseng matšoao feela, empa sesosa sa bona.
Lebaka le ka sehloohong le etsang hore re se sireletsehe bophelong ke lefe? Re ka le felisa joang e le hore re tlose ho se sireletsehe bophelong ka ho sa feleng? Sena se tla tšohloa sehloohong se latelang.
[Lebokose le leqepheng la 6]
Litsela Tsa ho Sireletsa Bana ba Banyenyane
Ka lebaka la ho ata ha litlhaselo tsa bana, ho koeteloa le ho bolaoa ha bana, batsoali ba bangata ba ile ba fumana ho le molemo ho ruta bana ba bona ho etsa lintho tse latelang:
1. Hore che—ka tsela e tiileng—ho motho leha e le ofe ea lekang ho etsa hore ba etse ntho e ’ngoe eo ba nahanang hore e fosahetse.
2. Ho se lumelle motho leha e le ofe ho tšoara litho tsa bona tsa ka sephiring ntle le haeba—e le ngaka kapa mooki—motsoali a le teng.
3. Ho baleha, ho hoeletsa, ho bokolla, kapa ho kōpa thuso ho motho e mong e moholo ea haufi ha ba le kotsing.
4. Ho bolella batsoali ka ketsahalo kapa moqoqo leha e le ofe o etsang hore ngoana a ikutloe a sa phutholoha ka oona.
5. Ho hana ho patela batsoali taba leha e le efe.
E le ntlha ea ho qetela, batsoali ba etsa hantle ho ba hlokolosi ha ba khetha motho ea tla sala a hlokometse ngoana oa bona.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
E le hore bophelo ba rōna bo sireletsehe, re hloka ho fetang feela thuto, leruo, kapa boiteko bo matla ba ho hlōla tlōlo ea molao