Ho Ikutloa U Sireletsehile Hona Joale—Ho Sireletseha ka ho sa Feleng
KE HOBANE’NG ha ho atisa ho ba thata ho fumana tšireletseho, ’me le haeba e fumanoa, e ba ka nakoana feela? Na ke hobane boikutlo ba rōna ba tšireletseho bo thehiloe monahanong—oa seo re tšepang ho se finyella ho e-na le seo re ka se finyellang? Ho ka ’na ha thoe seo ke ho phela lefatšeng la litoro.
Monahano o lumella kelello ho tsoa bophelong ba sebele bo se nang tšireletseho ebe e kena boemong bo botle, bo sireletsehileng, e hlokomoloha ntho leha e le efe e ka ’nang ea senya toro eo. Leha ho le joalo, mathata a lefatše la sebele a atisa ho itšohlometsa lefatšeng lena la litoro le ho harasoanya boikutlo ba boiketlo, a siee molori a talimane le linnete tsa bophelo.
A re hlahlobeng karolo e ’ngoe eo batho ba batlang tšireletseho ho eona—ho ba sebakeng se itseng. Ka mohlala, motse o moholo oa toropo o ka ’na oa bonahala o rateha, o tšepisa linako tsa monyaka, mesebetsi e lefang hantle le matlo a majabajaba. E, seo se ka ’na sa bonahala eka se fana ka tšireletseho eo e leng khale e letetsoe. Empa na pono eo e loketse?
Sebaka—Motse o Moholo oa Toropo Kapa Litoro Tsa Lefeela?
Linaheng tse tsoelang pele, ho ipiletsa ha motse o moholo oa toropo ho hlohlelletsoa ke phatlalatso e ka ’nang ea hohela mehopolo e nang le tabatabelo. Mekhatlo e tšehetsang liphatlalatso hase hakaalo hore e thahasella tšireletseho ea hao empa, ho e-na le hoo, e thahasella ho rekisa thepa ea eona. E okola mathata a lefatše la sebele ka holimo ka ho bontša litšoantšo tsa katleho tse bontšang tšireletseho. Ka hona, tšireletseho e amahanngoa le sehlahisoa seo e se phatlalatsang le motse o moholo oa toropo.
Nka mohlala o latelang. Ba boholong motseng o mong oa Afrika Bophirimela ba ile ba beha liboto tse khōlō tse bontšang hore ha e le hantle ho tsuba ho tšoana le ho chesa chelete eo motho a e sebelelitseng ka thata. Eo e ne e le karolo ea letšolo le lemosang baahi ka ho tsuba. Bahlahisi le barekisi ba lisakerete ba ile ba arabela ka ho hloma liboto tse khōlō tse entsoeng ka bohlale tse bontšang batho ba tsubang ba nyakaletse, ba thabile ba bile ba atlehile. Ho feta moo, k’hamphani e ’ngoe ea lisakerete e ile ea apesa basebetsi ba eona junifomo e mahalihali le likepisi tsa feshene hore ba abele bacha lisakerete seterateng, ba khothalletsa e mong le e mong hore a “e leke.” Ba bangata ba bacha bana ba neng ba e-tsoa metsaneng ba bile ba sa tsebe maqiti ana a phatlalatso, ba ile ba ea le khongoana holimo ke memo ena. Ba ile ba lemalla ho tsuba. Baahi ba bacha ba motsana ba ne ba tlile motseng o moholo oa toropo ho tla batla tšireletseho e le hore ba thuse malapa abo bona kapa ba ithuise ka chelete. Ho fapana le seo, ba ile ba ruma chelete eo ba ka beng ba e sebeliselitse merero e molemonyana.
Hase kamehla liphatlalatso tse bontšang bophelo bo atlehileng metseng e meholo ea litoropo li hlahisoang ke barekisi. Li ka ’na tsa hlahisoa ke batho ba falletseng motseng o moholo oa toropo bao joale ba seng ba le lihlong ho khutlela metsaneng ea habo bona. Hobane ba sa batle ho hlaha eka ba hlōlehile, ba ithorisa ka leruo le katleho tse sieo tseo ba reng ba li fumane motseng oa toropo. Leha ho le joalo, ha ho hlile ho hlahlobisisoa maemo ao ba ipolelang hore ba na le ’ona, ho senoleha hore tsela eo ba phelang ka eona hona joale ha ea ntlafala ho feta eo ba neng ba phela ka eona pele motsaneng; ba hula ka thata licheleteng feela joaloka ba bang ba bangata ba phelang motseng oa litoropo.
Ke metseng e meholo ea litoropo moo ka ho khetheha ba sa tsoa fihla ho eona ho tla batla maemo a sireletsehileng e bang liphofu tsa batho ba sa tšepahaleng. Hobane’ng? Hangata ke hobane ha ba e-s’o be le nako ea ho ba le metsoalle e haufi ebile ba hōle le litho tsa malapa abo bona. Kahoo ha ba na baeletsi ba ba thusang ho qoba maraba a bophelo ba litoropong ba ho rata lintho tse bonahalang.
Josué ha aa ka a oela lerabeng la ho tsuba. Ho feta moo, o ile a hlokomela hore bophelo motseng oa toropo bo hloka ho hongata ho feta hoo a ka ho jarang. Boemong ba hae, sohle seo motse oa toropo o khonneng ho mo etsetsa sona e bile ho mo tšepisa maholimo le lefatše tse sieo. O ile a hlokomela hore o ne a hlile a sa sireletseha motseng oo oa toropo; o ne a sa lokela ho phela ho oona. O ile a apareloa ke boikutlo ba ho hloka thabo, ba ho ikhalala le ba ho hlōleha, ’me qetellong o ile a ikokobetsa ’me a khutlela motsaneng oa habo.
O ne a tšohile hore o tla songoa. Ho e-na le hoo, lelapa labo le metsoalle ea sebele ba ile ba mo amohela ka liatla tse mofuthu. Ka lebaka la mofuthu oa lelapa labo, tikoloho ea motsana oo a o tloaetseng le lerato la metsoalle ea hae ka phuthehong ea Bokreste, ka mor’a nako e khutšoanyane o ile a ikutloa a sireletsehile ho feta ha a le motseng o moholo oa toropo, moo litoro tsa ba bangata li fetohang meutloa e hlabang. O ile a makatsoa ke hore ho sebetsa ka thata le ntat’ae masimong ha e le hantle ho kenyetsa eena le ba lelapa labo chelete e ngata ho feta e neng e mo salla ha a ne a sebetsa motseng oa toropo.
Chelete—Ha e le Hantle Bothata ke Eng?
Na chelete e tla u fa boikutlo ba tšireletseho? Liz ea tsoang Canada o re: “Ha ke sa le mocha, ke ne ke lumela hore chelete e felisa ho tšoenyeha.” O ile a ratana le mohlankana ea emeng hantle licheleteng. Ka mor’a nakoana ba ile ba nyalana. Na o ile a ikutloa a sireletsehile? Liz o tsoela pele: “Ha re nyalana, re ile ra ba le ntlo e ntle le likoloi tse peli, ’me boemo ba rōna ba lichelete bo ne bo re lumella ho ba le hoo e batlang e le thepa leha e le efe, ho hahlaula le ho ikhatholla. Empa ho makatsang ke hore ke ne ke ntse ke tšoenyeha ka chelete.” O hlalosa lebaka: “Re ne re e-na le ho hongata ho ka re lahlehelang. Ho bonahala eka ha u e-na le ho hongata, u ikutloa u sa sireletseha le ho feta. Chelete ha ea ka ea felisa ho tšoenyeha le ho ngongoreha ha ka.”
Haeba u nahana hore ha u na chelete e lekaneng hore u sireletsehe, ipotse, ‘Ha e le hantle bothata ke eng? Na ha e le hantle ke ho hloka chelete, kapa ke ho sebelisa chelete habohlasoa?’ Ha a nahana ka nako e fetileng, Liz o re: “Joale kea hlokomela hore mohloli oa mathata a lelapa leso ha ke ne ke sa le monyenyane e ne e le tšebeliso e bohlasoa ea chelete. Re ne re reka lintho ka mokitlane, ka hona re ne re lula re khelelletse ka har’a likoloto. Sena se ne se re bakela ho tšoenyeha.”
Leha ho le joalo, kajeno Liz le monna oa hae ba ikutloa ba sireletsehile haholoanyane, le hoja ba e-na le chelete e fokolang. Hoba ba ithute ’nete ea Lentsoe la Molimo, ba ile ba khaotsa ho mamela lipuo tse hohelang tsa chelete ’me ba qala ho mamela bohlale ba Molimo, ho akarelletsa mantsoe a reng: “Ha e le ea ’mamelang, o tla lula a sireletsehile ’me a ke ke a khathatsoa ke ho tšaba tlokotsi.” (Liproverbia 1:33) Ba ne ba batla hore bophelo ba bona bo be le moelelo o fetang oo ho ba le chelete e ngata bankeng ho ka fanang ka oona. Hona joale, kaha ke baromuoa naheng e hōle, Liz le monna oa hae ba ruta barui le mafutsana ka ho tšoanang hore haufinyane Jehova Molimo o tla tlisa tšireletseho ea sebele lefatšeng ka bophara. Mosebetsi ona o tlisa khotsofalo e tebileng le botsitso tse hlahisoang ke ho ba le morero le litekanyetso tse phahameng, eseng ke leruo la lichelete.
Hopola ’nete ena ea motheo: Ho rua ho Molimo ke habohlokoa haholo ho feta maruo a lintho tse bonahalang. Hohle ka Mangolong a Halalelang, ho hatisoa bohlokoa ba ho ba le kamano e ntle le Jehova, eo re ka e bolokang ka ho tsoela pele re etsa thato ea Molimo ka tumelo, ho fapana le ho ba le maruo a lintho tse bonahalang. Kreste Jesu o ile a re khothalletsa ho “ruela ho Molimo” le ho bokella ‘letlotlo maholimong.’—Luka 12:21, 33.
Maemo a Phahameng—A U Isa Hokae?
Haeba u hoheleha ho nahana hore ho hlahella ka mahetla ho isa tšireletsehong, ipotse: ‘Ke mang ea hlaheletseng ka mahetla ea hlileng a sireletsehileng? Ke tlameha ho hlahella hakae e le hore ke sireletsehe?’ Mosebetsi o hlamatsehang o ka ’na oa u fa boikutlo bo fosahetseng ba tšireletseho, oa u lebisa ho soetseheng, kapa ho hobe le ho feta, oa u isa tlokotsing.
Phihlelo e bontša hore ho ba le lebitso le letle le Molimo ho fana ka tšireletseho ho feta ho iketsetsa lebitso le batho. Ke Jehova feela ea ka fang batho mpho ea bophelo bo sa feleng. Sena se akarelletsa ho ngola mabitso a rōna bukeng ea Molimo ea bophelo, eseng bukeng feela tjee e ngolang lethathamo la mabitso a batho.—Exoda 32:32; Tšenolo 3:5.
Ha u behella ka thōko seo u se lakatsang ’me u talima boemo ba hao hona joale, bo joang, hona ke’ng seo ka botšepehi u ka se lebellang nakong e tlang? Ha ho motho ea nang le ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Joalokaha Mokreste e mong ea bohlale a beha taba, “Ke ile ka tlameha ho ithuta hore bophelong ha ho mohla e leng sena LE sane empa ke sena KAPA sane.” Ak’u khefutse ho se hokae ’me u bale lebokose le reng “Pale e Phetoang Benin.”
Joale araba lipotso tsena: “Sepheo sa ka kapa pakane ea ka ea bohlokoa bophelong ke eng? Tsela e tobileng ka ho fetisisa ea ho e finyella ke efe? Na ho ka etsahala hore ebe ke nkile tsela e telele, e potolohang e sa sireletsehang le hore seo ke hlileng ke se batlang se ka ’na sa fumanoa ka tsela e batlang e sa rarahana?
Ka mor’a ho eletsa ka bohlokoa bo lekanyelitsoeng ba lintho tse bonahalang ha bo bapisoa le bohlokoa ba lintho tsa moea, Jesu o ile a re leihlo le bolokoe le ‘talimile nģa e le ’ngoe.’ (Matheu 6:22) O ile a totobatsa hore lintho tse tlang pele bophelong ke litekanyetso le lipakane tsa moea tse likolohang lebitsong la Molimo le ’Musong oa hae. (Matheu 6:9, 10) Lintho tse ling hase tsa bohlokoa hakaalo, kapa joalokaha ho boleloa, ha lia hlaka.
Lik’hamera tse ngata kajeno li khona ho nka lintho tse hōle le tse haufi litšoantšo tse hlakileng. Na u na le tšekamelo ea ho ba joaloka tsona? Na ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e talimang e ‘hlakile’—ke ea bohlokoa, ea lakatseha ’me u nahana hore e ka finyelloa? Haeba ho joalo ho isa bohōleng bo itseng, ntho ea bohlokoa ho Bakreste, e leng ’Muso, o ka lahleha habonolo har’a manekeneke a lintho tse ling, e ’ngoe le e ’ngoe e nka tlhokomelo ea hao. Khothalletso ea Jesu e matla e ile ea e-ba e reng: “Joale, le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.”—Matheu 6:33.
Ho Sireletseha Hona Joale le ka ho sa Feleng
Re ka ’na ra lakatsa ho ba le lintho tse molemonyana bakeng sa rōna le baratuoa ba rōna. Leha ho le joalo, ’nete ea hore ha rea phethahala, re phela lefatšeng le sa phethahalang re bile re phela nako e khutšoanyane, e re qobella ho lekanyetsa lintho tseo re ka hlang ra tšepa hore re ka li finyella. Mongoli e mong oa Bibele o ile a hlalosa lilemong tse likete tse fetileng: “Ke ile ka boela ka bona tlas’a letsatsi hore ba lebelo ha ba hlōle peisong, leha e le hore ba matla baa hlōla ntoeng, kapa hore ba bohlale le bona ba na le lijo, leha e le hore ba nang le kutloisiso le bona ba na le maruo, kapa hore esita le ba nang le tsebo ba fumana kamohelo; hobane bohle ba hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.”—Moeklesia 9:11.
Ka linako tse ling re phathahana ka mesebetsi e sa feleng ea letsatsi le letsatsi hoo re lebalang ho nahana ka taba ea bohlokoa le ho feta e leng hore na re bo-mang le hore na ha e le hantle re hloka eng e le hore re ikutloe re sireletsehile. Nahana ka mantsoe ana a bohlale a boholo-holo: “Ea ratang chelete ha e k’e b’e mo lekane, ea ratang leruo kamehla oa le halala; hona le hona e sa le lefeela. Mosebeletsi o robala boroko, ebang oa lapa kapa oa khōra, empa morui ea hafang ka nkatana ha a bo hlōthe ke maruo a hae!” (Moeklesia 5:10, 12, Bibele—Phetolelo e Ncha) Ha e le hantle, ho sireletseha ha hao ho itšetlehile ka eng?
Haeba boemo ba hao bo batla bo tšoana le ba Josué, e leng ba ho lebella lintho tse ke keng tsa etsahala, na u ka fetola merero ea hao? Ba u ratang e le kannete ba tla u tšehetsa, feela joalokaha lelapa labo Josué le metsoalle ka phuthehong ea Bokreste ba ile ba mo tšehetsa. U ka ’na ua fumana tšireletseho e molemonyana tikolohong ea maemo a tlaase u e-na le ba u ratang ho fapana le motseng oa toropo u e-na le batho ba ka ’nang ba leka ho u tlatlapa.
Haeba u atetsoe ke maruo, joaloka Liz le monna oa hae, na u ka fetola tsela ea hao ea bophelo e le hore u sebelise nako le matla a eketsehileng ho thusa ba bang, ebang ke barui kapa mafutsana, ho ithuta ka ’Muso, e leng eona tsela ea ho fumana tšireletseho ea sebele?
Haeba u ntse u phahama ka maemo kapa u leka ho hlahella ka mahetla, u ka ’na ua lakatsa ho hlahloba ka botšepehi hore na ke’ng e u susumetsang. Ke ’nete hore ho ba le menyetla e itseng ho ka ’na ha tlatsetsa thabong ea hao. Empa, na u lula u talimile ’Musong—e leng eona tsela ea ho fumana tšireletseho e sa feleng? Hopola mantsoe a Jesu: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Haeba u kopanela mesebetsing e sa tšoaneng ka phuthehong ea Bokreste, u tla utloa tšireletseho e putsang.
Ba tšepang Jehova le ’Muso oa hae ka ho feletseng ba thabela tšireletseho e thabisang hona joale ’me ba lebeletse ka thabo tšireletseho e feletseng nakong e tlang. Mopesaleme o ile a re: “Ke behile Jehova ka pel’a ka kamehla. Kahobane o letsohong la ka le letona, nke ke ka therekelisoa. Ka hona pelo ea ka ea thaba, le khanya ea ka e sekametse ho thabeng. Hape, nama ea ka e tla lula e sireletsehile.”—Pesaleme ea 16:8, 9.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]
Pale e Phetoang Benin
Pale ena e ’nile ea phetoa ka makhetlo a likete-kete ka litsela tse sa tšoaneng. Haufinyane tjena, moahi e mong ea seng a hōlile oa Benin, Afrika Bophirimela, o ile a phetela bacha ba bang pale e latelang.
Motšoasi oa litlhapi o khutlela hae ka seketsoana sa hae se entsoeng ka sefate ’me o kopana le setsebi se tsoang naheng e ’ngoe se sebeletsang naheng ena e tsoelang pele. Setsebi se botsa motšoasi oa litlhapi hore na ke hobane’ng ha a khutlile kapele hakana. O araba ka hore a ka be a ntse a nkile nako e teletsana empa o tšoasitse litlhapi tse lekaneng ho hlokomela lelapa hae.
Setsebi sea botsa: “Joale, ak’u mpolelle, u sebelisa nako ea hao joang?”
Motšoasi oa litlhapi oa araba: “Ke tšoasa litlhapi tse seng kae. Ke bapala le bana ba ka. Bohle re bo tsipa ho se hokae ha ho chesa. Ka phirimana, re ja ’moho lijo tsa mantsiboea. Ka mor’a moo, ke ikopanya le metsoalle re bine le ho etsa lintho tse ling.”
Setsebi se mo kena hanong: “Bona, ke na le mangolo a univesithi ’me ke ithutetse lintho tsena. Ke batla ho u thusa. U tlameha ho qeta nako e teletsana u tšoasa litlhapi. U tla fumana chelete e eketsehileng ’me kapele u tla khona ho reka sekepe se seholoanyane ho feta sena se entsoeng ka sefate. Ka sekepe seo se seholoanyane, u tla fumana chelete e ’ngoe e eketsehileng ’me kapele u tla khona ho theha khoebo e khōlō ea likepe tse ngata tse tšoasang litlhapi.”
Motšoasi oa litlhapi oa botsa: “Ebe?”
“Joale, ho e-na le ho rekisetsoa ke motho ea itseng, u ka buisana le fektheri ka ho toba kapa ua iqalla khoebo ea hao ea ho lokisa le ho kenya tlhapi ka makotikoting. U tla khona ho tloha motsaneng oa heno u fallele Cotonou, kapa Paris, kapa New York ebe u tsamaisa khoebo ea hao u le moo. U ka ba ua ’na ua rera ho ngolisa khoebo ea hao ’marakeng oa matsete a khoebo ’me ua ba morui.”
Motšoasi oa litlhapi oa botsa: “See sohle se tla nka nako e kae ho se etsa?”
Setsebi sea araba: “Mohlomong lilemo tse 15 ho isa ho tse 20.”
Motšoasi oa litlhapi oa botsa: “Ebe?”
Setsebi sea hlalosa: “Ke hona joale bophelo bo bang monate. Joale u ka ’na ua tlohela mosebetsi. Ua ikela motsaneng o thōko ua suthela hōle le lerata le tšubuhlellano tsena.”
Motšoasi oa litlhapi oa botsa: “Ebe joale?”
“Joale u tla ba le nako ea ho tšoasa litlhapi tse seng kae, ea ho bapala le bana ba hao, ea ho bo tsipa ho se hokae ha ho chesa, ho ja lijo tsa mantsiboea le lelapa le ho kopana le metsoalle bakeng sa ho bina ho se hokae.”
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Na ho phahamisetsoa maemong a holimo ho tlisa tšireletseho?
[Litšoantšo tse leqepheng la 8]
Bakreste-’moho le uena ba thahasella tšireletseho ea hao e le kannete